sotho.2519.finances
Ke mang ya laolang tjhelete?
O kopane le moratuwa wa hao wa ditoro, le na le merero e metle ya bokamoso ya hore le arohanngwe ke lefu. Le ipha nako e kae le rera ka tsa ditjhelete mmoho?
NA dikamanong tsa lerato ho ba le ya laolang ditjhelete, a lefe melato, a fe e mong tjheletana ya boithabiso? Kapa motho ka mong o laola tjheletenyana ya hae?
Ho ka nna ha bonahala ekare ha ho ratanwe hantle, empa ke dipotso tse ding tseo le lokelang ho ipotsa tsona ha le batla ho phela mmoho le nyalane.
Ho qabanngwa ke tjhelete ho ka duka dikamano tsa lerato! Ha ho mokgwa o molemo kapa o kgethehileng wa ho laola ditjhelete. Se molemo ho lona, se ka nna sa senya dikamano tsa baratani ba bang.
Empa ditsebi tsohle tseo re buileng le tsona di dumellane ka hore: sa bohlokwa haholo ke ho dumellana ka tsamaiso ya ditjhelete tsa lelapa le hona ho etswe ho sa setse nako e telele pele ho lenyalo - kapa le dula mmoho.
Ho bohlokwa ho shebisisa hore ke mang ya fumanang moputso o moholo, le dumellane ha ho rekwa dintho tse bitsang. Ho hlaha o se o kganna koloi ya BMW e le hore le mathateng a ho lefella Corolla ya lona ya kgale, hona ho ka sulafatsa dikamano tsa lenyalo.
Ke sefe se ka etswang?
TJHELETE YA HAO
Ha le qaba-nngwa ke tjhelete lerato,
le ba bosula!
KELETSO
Tshepahalang di tloha feela. Enwa ke motho eo o batlang ho phela bophelo bohle ba hao le yena, ka hoo se mo patele letho.
Ha e mong wa lona a tla laola ditjhelete tsa lelapa, ho netefatswe hore ke ya nang le matshwaro a matle a tjhelete le boitshwaro.
Boloka! Ha mathata a tjhelete a hlaha, lerato le a fela.
Ha e mong a ena le mathata a ditjhelete, e mong a se na ona, ipotse mabaka. Mohlomong ha a nke boikarabelo bo botle ditjheleteng kapa o a e senya?
1 AROLELANANG DIKOLOTO
Baratani ba bangata ba rata ho itaola ka ditjhelete tsa bona. Le ka nna la etsa qeto ya hore monna a lefelle ntlo, inshorense le mohala, kalafo le koloi. Mosadi a lefelle dijo, motlakase le metsi.
E atlehiswa keng: O thabela tokoloho tjheleteng ya hao.
E nyopiswa keng: Ela hloko ha o sebedisa tjhelete. O se sebedise tjhelete ka matla! Ha o lefella ditjeho tse nyenyane tse kang tsa korosare le boithabiso, ha o na ho ba le letho leo o ka le supang, o ithorise ka hore o le rekile ka mora nako. Hona ho bolela hore wena o tla tshwana le sehlolehi. Etsa bonnete ba hore o lefella le tse ding tsa bohlokwa tse kang fenetjhara, e le hore le wena o tsebe ho ba le seo o ka se supang, o thusahale le mohla le qabanang.
KELETSO: Ho bohlokwa ho shebisisa ditjeho tsa kgwedi kgafetsa ho netefatsa hore ho se be le ya lefang tlolo.
2 AKHAONTO E LE NNGWE
Le ka kgetha ho kopanela akhaonto mme le lefe melato ka tshwanelo.
E atlehiswa keng: Le ka boloka tjheIete bakeng sa ditjeho tsa banka le be le ya ho etsa matsete, le kgone ho rera bokamoso ba lona hantle.
E nyopiswa keng: Akhaonto e tla lokela ho ba lebitsong la hao kapa la hae. Bobedi ba lona le ba le tokelo ya ho saena mme motho ka mong a be le karete ya hae empa ha e mong wa lona a ka hlokahala, akhaonto e kwalwa hanghang. Hape ha e mong a ka ba le melato e mo hlolang, bobedi le tla senyeha mabitso.
KELETSO: Ke mohopolo o motle ho ba le akhaonto eo e leng ya hao ya ho boloka tjhelete leha o ka kena setokofeleng.
3 E MONG A LAOLE
Wena (kapa monnao) o ka nna wa se ke wa ba le matshwaro a matle a tjhelete mme le etse qeto ya hore e tshwarwe ke ya nang le matshwaro a matle.
E atlehiswa keng: Ha motho a le mong a tshwara tjhelete, o tla tseba hantle ditlhoko tsa moratuwa wa hae tsa tjhelete mme a hlophisetse le mathata a ka nnang a hlaha.
E nyopiswa keng: Ha dikamano tsa lerato di senyeha, ho kgaohanwa, ho ba le ya salang a sa tsebe letho ka taolo ya ditlhoko tsa lelapa.
KELETSO: Ho kgetha hore e mong wa lona a laole ditjhelete ka lapeng ha ho bolele hore e mong a se hlole a tseba letho la se etsahalang ka ditefello tsa lelapa. Bala mangolo a dikoloto hore o dule o tseba ka ditjhelete tsa lelapa. [s]
Pale: Gavin Foster
