sotho.2513.bec events
LEPETJO: HO KENA KGWEBONG YA BOTLE LE MORIRI LE HO ATLEHA HO YONA KA HARA TOROPO E
KGOLO YA JOHANNESBURG
Sebaka: Lekote la dipere la Turffontein,
14 Turf Club Street, Turffontein, Johannesburg
Letsatsi: Labone, 6 Mmesa 2006
Time: 6pm for 6.30pm.
MC: Joyce Skefu
Se kgothatsang: Mimmi
Biggar - wa Black Like Me
Connie Mashaba - CEO ya ha
Black Like Me
Patricia Nyantsumba - Social Development, City of Johannesburg
Kopana le Patricia Nyantsumba wa City of Johannesburg, o kgothatswe ke batho ba etelletseng pele maano a atlehileng a tlasa City of Johannesburg.
Kopanong Bakery: E sebetsa ka ho feletseng jwale mme ho thehilwe mesebetsi e robedi. Ba kgonne ho lefella akhaonto tsa bona tsa masepala ka moputso wa bona wa pele feela mme jwale ha ba kolote letho.
Thuthukani Food Garden Project: E tsheheditsweng ke New Zealand High Commission le Trees For Africa. Jareteng ena ho na le meroho e thusang batho ba nang le kokwanahloko ya EITSI mme hape e tshehetsa maano a mang a matjha.
Zamani Laundry Project: E qadile ka 2003. E laolwa ke basadi ba bane ba thuswa ke lefapha la tsa kahisano.
Mageu Number 1: Thuso ya ho bapatsa kgwebo ya hao
DIPAPATSO le thekiso ke tsa bohlokwa kgwebong ka nngwe. Thekiso e kenyeletsa le papatso ya seetswa seo. Ha e nngwe ya tsona e sa laolwe hantle, le e nngwe e a ameha. Tsena di kenyeletsa le:
Dietswa kapa tsona ditshebeletso: ebe batho ba a di rata kapa tjhe, ke tsa boleng kapa tjhe?
Theko ya dietswa tsa hao kapa tsona ditshebeletso: ebe di a bitsa kapa kapa tjhe?
Sebaka seo o sebeletsang ho sona: na ho na le batho ba bangata moo kapa ke sebaka se kgutsitseng haholo? Na se fumaneha ka bonolo?
O bapatsa kgwebo ya hao jwang: o tsamaya o rekisa matlong kapa o ba bolella ka molomo, o ngotse maboteng, o fana ka dipampitshana kapa jwang?
O amohela batshehetsi ba hao jwang: na o lerato kapa o batla le be le dikamano tsa kgwebo feela? O phakisa ho fela pelo, o tala hoo ba bang ba bileng ba tsamaelang thoko le wena?
Bala leqephe la Dikeletso tsa BONA bakeng sa ditlhalosetso tse ding tse mabapi le sehlooho sena athe dibekeng tse mmalwa tse latelang Mageu Number 1 e tla o thusa ho bula kgwebo ya hao e tla atleha.
BONA SESOTHO - April 2006
DIBUI
Modulasetulo: Joyce Skefu
Kopano ya kgwedi ena e tla tshwarelwa JOHANNESBURG
Ho bitsa: R30 motho (e lefuwa monyako). Ho ballwa le dijo. Bara e butswe, o ka ithelekela.
HO BEHELETSA SEBAKA: 011-883-8829
KA NAKO YA MOSEBETSI
Boithabiso ka DIKWA
Connie Mashaba
Mimmi
Biggar
QALA KGWEBO KA ARANDA
MARIHA a fihlile mme ha ho mokgwa o motle wa ho qala ho iketsetsa tjhelete jwalo ka ho iqalla kgwebo ya hao ka ho rekisa dikobo? Ditho tsa BONA Club ke a mang a Maafrika Borwa a lehlohonolo a kgonang ho kena kgwebong hang feela mme a iketsetse tjhelete e ntle, re leboha menyetla ya kgwebo ya ha ARANDA Blankets. O ka nna wa reka dikobo tsa Aranda tse ngata ka nyehlisetso mme o ithekisetse tsona ka phaello.
Latswa moya wa Afrika... Latswa katleho ya Mageu Number 1
Seo o hlokang ho se etsa feela ke ho ya ho workshop ya BONA Empowerment Club kapa o letsetse Wellington Tshomela mohala ho: 011-883-8829 ka dinako tsa mosebetsi, o mo kope ho o romella ditlhalosetso ka fekese.
BAKE AND
BAKE AND COOK FOR PROFIT WORKSHOP JOHANNESBURG
DIKELETSO TSA BOHLOKWA TSA DIPHEHI
GLENRYCK Pilchards ke sejo se nang le phepo bakeng sa Mafrika Borwa. O ka fumana e nang le tamati kapa pelepele hape ke mohlodi wa diproteine.
Glenryck Pilchards e butswitse, e hloka ho futhumetswa feela, ka hoo se phehe nako e telele ka mora ho tshela tlhapi.
Glenryck Pilchards e phehelwa ka kotikoting ha e qeta ho kwalwa. Erekaha ha e kene moya hohang (moya o senya phepo dijong) e na le phepo e phethahetseng esitana le moro wa yona, ke ka hona ho leng bohlokwa hore o sebediswe ha ho phehwa.
Se lahle masapo a Glenryck Pilchards. A bonolo, a thumiseha hantle hape a na le calcium.
Pilchards e ka dikotikoting ha e na dikhemikhale. Mokgwa o e kenngwang ka yona ka kotikoting ke ona e etsang hore e se ke ya senyeha.
Dijo tsa dikotikoti di ntshwa tjhefo ka motjheso mme hape di a sireletswa hore di se kenwe ke bakteria, ke ka hona di kgonang ho dula nako e telele.
Pilchards e dikotikoting e ka dula dilemo tse tharo sebakeng se phodileng, se se nang mongobo.
Ha kotikoti eo e shebahala hantle, e se na mafome, e sa kgobeha, e sa kokomoha, ho ebe ho sa bolokehile ho ja dijo tse ka hara yona.[s]
Ka Nosinod Lajila, Thekong
E nkilwe ho"ILLOVO BEST HOME STYLE RECIPES"
10 dikotwana tsa Illovo Ginger in Syrup, di kgabelwe
hasesane
2 dikgaba Illovo Ginger Syrup (ya Ginger preserve jar)
1 kgabana garlic, e kgabetsweng
50g margarine, e qhibidihisitsweng
5 dikgaba, oli
1 butternut, e kgabetsweng
2 eie, e kgabetsweng
letswai le pepere bakeng sa tatso
1. Kopanya ginger le disebediswa tse ding ntle ho eie le mokopu.
2. Tshela eie le mokopu. E kopanye hantle.
3. Ala motswako ka hara baking tray. Baka ontong eo e leng kgale e besitswe ka mofuthu wa 200°C metsotso e 40, o ntse o e fetola kgafetsa.
4. E fepele le nama ya konyana, ya kgoho kapa tlhapi.
Baked Ginger Butternut
Sebui:
Vicky Khumalo
MAFRIKA BORWA a matle dipitseng. Ho workshop ya rona ya BAKE AND COOK FOR PROFIT, re tla a bontsha ka moo motho a ka sebedisang neo ya hae ho iketsetsa phaello. Lepetjo la rona ke: "Maafrika Borwa ha a na kgwebo e se nang katleho." Ho Bake and Cook for Profit o tla kopana le diphehi tse hlwahlwa, beng ba mabenkele le ba rekisang dijo mebileng mme hape o tla fumana dikeletso tsa ka moo o ka fumanang tshehetso ya tjhelete ka teng le menyetla e meng ya ho ithuta dintho tsa bohlokwa. Sebohodi Vicky Khumalo ke sephehi se atlehileng mane Johannesburg. O qadile a se na letho - o qadile ho sebetsa lebenkeleng le leng le leholo, e le mothusi wa morekise! Vicky o tla o kgothatsa, o tla latswa dijo tse monate, o nwe dino tse nang le phepo tse kang Mageu Number 1, o fumane le bukana ya diresepe ya Bake and Cook For Profit.
Sebaka: Lekoteng la dipere la Turffontein,
14 Turf Club Street, Turffontein, Johannesburg
Letsatsi: Labohlano, 7 Mmesa 2006
Nako: 9am
COOK FOR Profit
BONA SESOTHO - April 2006
O TLAMEHA HO BEHELETSA SEBAKA
Ho kena: R10 motho ka mong (e lefuwa monyako)
Ho kenyeletswa le dino.
LETSETSA: 011- 883-8829 KA DIHORA TSA MOSEBETSI
