SOTHO.2510.sis sarah
BONA SESOTHO - June 2006
Botsa Sis Sarah
Ke tla ema nako e kae-
Ke dilemo di 35 ha tsa moratuwa wa ka di le 38. Re qadile ho ratana ke le dilemo di 16 ha di le 17 ra ba le ngwana, ra qala ho dula mmoho. Re na le bana ba bararo jwale empa ha a so qete ho ntshetsa mahadi le kajeno.
Sena se nkutlwisa bohloko hobane ke mo etsetsa sohle, ke mo hlompha jwalo ka monna wa ka empa ha ke bone ekare yena o nthata e le ka nnete. Ebe ke tla emela lenyalo la hae ho fihlela neng- Ke kopa keletso ya hao.
LT, Standerton
nHa ke o nyatse ka maikutlo a hao. Empa o lokela ho shebisisa ntho ya bohlokwa ya hore monna eo o sa ntse a dula le wena, a o rata le bana leha le se le dutse mmoho dilemo tse yang ho 20. Ke nnete ha le so etse ntho ya bohlokwa, ho nyalana. O lokela ho buisana le yena ka taba ena. O na le bana ba batle le lelapa. Ho setse ntho e le nngwe feela e tla o thabisa, lenyalo.
Ke tokelo ya hao ho tseba seo a se nahanang ka lenyalo. Ke tshepa hore o na le lebaka le etsang hore ebe ha a so qete ho lefa dikgomo tsa bohadi. Mohlomong ha a tsebe ka moo lenyalo le leng bohlokwa ka teng ho wena. Mo ye ka diboko mme le fumane tharollo.
Sala hantle monna wa ka
Ke dilemo di 27 ke na le bana ba babedi. Re arohane le monna wa ka, ke batla re hlalane semmuso. O ne a bontsha ho ba setabane mme nako le nako ha ke mo tshwere le banna o ne a kopa tshwarelo a inyatse a re a ke ke a hlola a pheta le kgale. Ere ka ha ke a mo rata, ke mo tshwarele ka tshepo ya hore o tiisitse.
O ne a ntlhole jwale ha a se a ratana le mosadi ya nthusang lapeng. Nna ke sebetsa motsheare ha yena a kgetha ho sebetsa bosiu feela - e leng se bolelang hore ha re na nako ya ho robala mmoho. Ke ne ke ba fumane ba robetse betheng ya ka, ka nka sohle se reng nna ka ba siya. Ha ba sa ratana jwale o re o batla ke kgutlele lapeng hape.
Ke kgathetse ke monna eno le boitshwaro ba hae bo bobe. Ke batla ho iphumanela monna ya tla nkgotsofatsa ka thobalano mme a nthuse hore ke lebale ka yena, o ntshenyeditse nako ho lekane. Ha ke sa batla lenyalo ka pelo ya ka kaofela. Ke batla ho aha bophelo ba ka botjha, moyeng le ditjheleteng, ke hodise bana ba ka hantle. Wena o bona jwang-
Ya kgathatsehileng, Lesotho
nMonna wa hao o bonahala a ena le ditakatso tse qakileng tsa thobalano - ha se motho eo o ka mo tshepang - ha a tsebe seo a se batlang bophelong.
Ke nahana hore o ithusitse ka ho kgaohana le yena mme ekaba o iketsa sephoqo sa hae ha o ka kgutlela ho yena hape. O se o qadile ho aha bophelo ba hao botjha mme o bonahala o le motho ya tsebang seo a se batlang bophelong.
Ke nnete ha jwale o sa tenehile ke banna ke ka hona o bileng o reng ha o batle lenyalo. Kgoba matshwafo hobane o ka nna wa kopana le monna ya leng seo e leng kgale o se labalabela, o qale ho bona hore ha ba tshwane. Ho thata ha jwale empa se tshwantshe banna ba bang le monna eo wa hao.
Hlophisa merero ya hao ya bokamoso hantle, o sa le monyenyane o na le bana ba babedi feela, o ka nna wa iketsetsa bokamoso bo botle ha o ka tsetsisa maikutlo hantle. Ke o lakaletsa mahlohonolo! [s]
Ela hloko: Sis Sarah ha na bokgone ba ho rarolla mathata a tsa bophelo bo botle. Le koptjwa ho buisana le dingaka tsa lona kapa le ye tliniking ha le ena le mathata a mofuta ona.
BONA SESOTHO - June 2006
Na ebe o na le mathata a tsa thobalano, dikamano tsa lerato kapa a mang feela a bophelo- Nngolle, ke Sis Sarah mme ke tla o araba ka botshepehi. Ka bomadimabe ha ke na tseba ho araba motho ka mong ka hoo, ke o kopa ho bala karolo ena ya makasine ke hona moo ke tla o araba teng.
Hopola hore ha re arolelana ka mathata a keke a re hlola le kgale!
Ngolla ho:
Botsa Sis Sarah,
Box 32083,
Mobeni 4060
