sotho.2506.Free_2
Dimpho tse bitsang
Herbal care
Lethathama la Herbal Care la ha Avon le entsweng ka mokgwa wa tlhaho, ke le tswakilweng ka metswako e thumisehileng ya dimela tsa tlhaho hore e tsebe ho fepa le ho boloka moriri o le motle. Seetswa sa ho otlolla moriri se bolokehileng haholo se bile se na le no-lye conditioning relaxer system e nang le di-conditioner tse fepang moriri le letlalo. Ka lethathama le feletseng la tlhokomelo ya moriri, o ka boloka moriri wa hao o le molelele o bile o benya hantle, Herbal Care ke tharollo ya tlhaho ya moriri o phetseng hantle o fepehileng.
BONA e na diphuthelwana tse 15 tsa tlhokomelo ya moriri tsa Avon Herbal Care tse bitsang R300 ka seng tseo e fanang ka tsona. Romela lebitso la hao, aterese le mohala o fumanehang ho ona motsheare ho:BONA/Avon Herbal Care Giveaway, Box 32067, Mobeni, 4060, kapa o romele AVONHERBALCARE ka *SMS ho 35919.
Mohala wa tlhokomelo ya bareki : 0860-10-2345
Website: www.avon.co.za
Tshupanako ya Mafumahadi
Casio e tumme ka lethathama la yona le ikgethang, ho tloha ditshupanakong, dikhaltjhuleitara, di-digital stationery le dikhamera ho ya diletseng tsa mmino.
BONA e na le ditshupanako tsa Casio tsa mafumahadi tse supileng tse bitsang R570 ka nngwe tseo e fanang ka tsona. Di na le lebanta la stainless steel le tlamehang hantle, kgalase ya minerale le leshala le nkang dilemo tsa tharo hape ha e tshabe metsi.
Romela lebitso, aterese le mohala ho: BONA/Casio Giveaway, Box 32067, Mobeni, 4060, kapa o romele CASIOLADIESWATCH ka *SMS ho 35919.
Bakeng sa ditlhalosetso tse ding letsetsa: 011-314-8888 kapa o ye ho www.jamesralph.com
YA HAO YA MAHALA
Letlalo le letle
Lethathama la ditlolo tsa Flawless Radiance la ha POND'S le ntjhafaditswe hore le tsebe ho hlokomela letlalo le ho feta pele, le le lokise le be boreletsana, matheba a nyamele ka matsatsi a 7 feela o qadile ho le sebedisa. Le a fumaneha mabenkeleng a ha Clicks ho tloha maqalong a Mmesa, lethathama le feletseng le tla boela le fumaneha le ho a maholo le dikhemesing ho tloha ka la 1 Motsheanong 2009.
BONA e na le diphuthelwana tse robedi tsa dietswa tsa Flawless Radiance tsa ha POND'S tse bitsang R500 ka seng tseo e fanang ka tsona. Romela lebitso, aterese le mohala ho: BONA/POND'S Giveaway, Box 32067, Mobeni, 4060, kapa o romele FLAWLESSRADIANCE ka *SMS ho 35919.
Diteki tse setaeleng
Batjha ba kajeno ba bohlale, ba bile ba rata ho kgaba ka diteki tsa denim le t-shirt tse ratwang ditoropong. Dula o hatela hodimo, o le setaeleng ka diteki tsena tse ntle tse butshabutsha.
BONA e na dipara tse robedi tseo e fanang ka tsona tsa diteki tsa Loxion Kulca tseo motho ka mong a tla fumana dipara tse pedi tse bitsang R500 ka nngwe. Romela lebitso, aterese le mohala mmoho le boholo sa seeta sa hao ho: BONA/Loxion Kulca Giveaway, Box 32067, Mobeni, 4060, kapa o romele LOXIONKULCA ka *SMS ho 35919.
Bakeng sa ditlhalosetso tse ding ka Loxion Kulca e haufi le sebaka sa heno, ikopanye leTreets Footwear ho 011-614-2204 kapa o ye ho www.loxionkulca.com
Letsatsi la ho kwala:
Motsheanong 29, 2009.
*(SMS ka nngwe
e bitsa R3.)
