sotho.2505.yourlifeguide_legal
TSEBA DITOKELO TSA HAO
Kgweding ena: seo o ka se etsang ha mohatsao a batla ho nka
bana a lo dula le bona mose (le ho arolelana ka fenetjhara ka
mora tlhalano)
THUSA! MOHATSAKA O BATLA HO ISA BANA MOSE
Ke leboha Scorpion Legal Panel ka ho thusa babadi ba BONA ka mathata ao ba kopanang le ona ha ba tobane le ditaba tsa tlhalano. Ke utlwisisitse mabapi le sapoto le kgudiso ya bana, empa ho ntse ho na le seo ke lakatsang ho se tseba: ditokelo tsa ka ke dife ha re tla tabeng ya botswadi ba ka baneng ba ka-
Re a hlalana mme jwale mohatsaka o bua ka ho leba USA le bana. Ha ke na ho kgona hore ke tlise bana ba ka kwano ka matsatsi a phomolo kapa hona ho ba etela moo Amerika. Ekaba sena se bolela ho lahlehelwa ke bana ba ka-
Ho tla etsahalang haeba mosadi wa ka a isa bana mohlomong ngakeng e bitsang ya meno hore e ba hlwekise meno-
Dintho tsena di a nkgathatsa hobane ke bana ba ka, ke a ba rata mme ke lakatsa ho ba etsetsa tse molemo. Empa ke tlameha ho ipotsa ke iphumane hore ke tle ke kgone ho etsa tse betere.
Hape ho tla etsahalang ka fenetjhara le dintho tse ding- Ekaba dintho tsena re tla di arolelana jwang. Nnete ke hore ka bobedi re a di hloka.
KELETSO YA SCORPION
Pele ho 1993, le haeba bana ba ne ba dula le mma bona, empa ntata bona e ntse e le motswadi wa bona, ntle le haeba a amohuwe tokelo eo ke lekgotla la dinyewe.
Ho ne ho pasiswe molao o motjha, Guardianship Act, o bolelang hore tumello ya batswadi ka bobedi e a hlokahala diqetong tsohle tsa bona.
Sena se bolela le qeto ya ho isa bana mose ho mawatle. Nnete ke hore tumello ya batswadi ka bobedi e a hlokahala hore bana ba fumane dibukana tsa bona tsa ho eta.
Ka mantswe a mang, se kgathatsehe! Molao o tla o sireletsa. Mohatsao ha a na kgona ho isa bana mose ntle le tumello ya hao.
Hape ha a na kgona ho etsa dikoloto tse kgolo ntle le tumello ya hao.
Hopola, le wena o tla hloka tumello ya hae ha o nka qeto e kgolo e amang bana ba hao!
O botsitse hape le ka dintho tse kang fenetjhara.
Seo re tlamehang ho o hopotsa sona ke hore ha lekgotla le se le phethetse tlhalano ya lona, mosadi o tlameha ho lokisetsa yena le bana ba hae lelapa la bona.
Ena ke ntho e hlokolosi lehlakoreng la monna.
Ya pele, o tlameha ho phela lapeng a le mong, ya bobedi, o tlameha ho sapota mosadi le bana.
E nngwe taba, setjhabeng ka kakaretso, ho nkuwa mosadi a amohela moputso o ka tlase ho wa monna, ka nako e nngwe a se ke a sebetsa ho hang.
Le haeba a fumana mosebetsi, mohlomong ha a na fumana o kgotsofatsang, o se a ka o nka feela ka lebaka la maemo a iphumanang a le ho ona.
Ho sa natsehe hore le qabane ho le ho kae le mohatsao, empa monna e dula e le ntata bana ya tlamehang ho ba sapota ka ntho tsohle, lelapa, thuto le kalafo.
Dintho tse kang dibethe le mealo, dihatsetsi, ditofo le tafole tseo ba jellang le hona ho sebeletsa ho tsona le tse ding tse ngata, di nkuwa e le ditlhoko tsa sethatho.
Teng ke nnete, haeba monna a dumela hore mosadi a nke dintho tsena, yena o tla tlameha ho reka tse ding bakeng sa lelapa la hae mme sena se tla eketsa morwalo ditlhokong tsa hae. Empa ha ho se ka etswang ka sena.
Ona ke o mong wa mehlala moo ditlhoko tsa bana e leng tsona tsa bohlokwa. Polokeho le ho phela ha monate ke dintho tsa pele, ke bolela le haeba o tlameha ho itima dintho tse itseng molemong wa bona.[s]
KELETSO YA MOLAO
BA DITSHWANTSHONG KE DIBONTSHI
O e tlisetswa ke ba ha BONA Legal Advice,
Box 473014, Parklands, 2121 - o ka fumana monyetla wa mahala wa ho bua le leqwetha metsotso e 30 mahala, mohaleng kapa dikantorong tsa bona hohle naheng ena.
Re netefaditse hore dikeletso tsohle; tseo re di nehwang ke tse nepahetseng. Empa nnete ke hore nyewe
ka nngwe e hloka ho fuputswa mme Scorpion Legal Protection (Pty) Ltd, ditho tsa balaodi ba yona le BONA mmoho le baphatlalatsi ba yona, ba ke ke ba rwala boikarabello ha motho a hlotswe ke nyewe hobane a latetse dikeletso tsa rona.
