sotho.2504.BEC feedback
BONA SESOTHO - July 2006
MOOKAMEDI wa North West Parks, Charles Ndabeni, re kile ra ngola ka yena paleng e nngwe ya BONA e buang ka batho ba atlehileng. Jwalo ka sebui sa letsatsi moketeng wa Mafikeng, o ne a be le matla a ho manolla lepetjo la rona, "Menyetla ya tsa Bohahlaudi le Temo Leboya Bophirima."
Mafikeng ha se toropo e shwang jwalo ka ha ba bang ba nahana mme Ndabeni le yena o tiisitse taba eo. O re kgwebo ya bohahlaudi Lebatoweng la Leboya Bophirima e a hola.
Ndabeni o ipiletsa ho borakgwebo ba moo hore ba ngodise dikgwebo tsa bona tse tsamaisanang le bohahlaudi ho Tourism Enterprise Programme, e tla ba thusa ho ntshetsapele merero ya bona ya kgwebo.
O kgothalleditse batho ho nahana ka maano a maholo a kgwebo. O re Mafikeng dilemong tse nne tse latelang ho tla be ho ahilwe metse e metjha e 10 ya ho amohela baeti ho rekwe dibethe tse fihlellang ho 1 600 tse ntjha.
Ndabeni o re batho ba shebisise menyetla mmarakeng mme ba e sebedise. Nahaha ka kgwebo e nngwe e betere ho feta B&B kapa motse wa ho amohela baeti, kopanang le nahane ka seo le ka se etsang bakeng sa 2010.
Ndabeni o ile a phephetsa ba neng ba le moo ka ho ba bolella hantle moo ho nang le tlhokeho ya dibaka tsa ho amohela baeti teng lebatoweng leo. O batla ho bona ho ena le dibethe tse 40 000 lebatoweng leo ka 2010.
O ile a boela a fa ditho tsa BONA Empowerment meputso e mene, e kenyeletsang le ditefello tsa ho robala Lost City le Bilani Lodge.
Dr Letaka wa University Of The North West, o ile a thoholetswa haholo ka puo ya hae ha a kgothalletsa basadi ho ba le seabo sa bohlokwa ho tsa temo.
Dr Letaka o ile a phephetsa ditho tsa Empowerment tse nang le tjheseho ka hore: "BMW le yona e batla ho laolwa ke batho ba Batsho!" Tse ding tsa BONA Empowerment Club, o ka di utlwa ho Motsweding FM, ka Labone.
BONA ya hata e kena Mafikeng
KA HODIMO: Ditho tsa Bake and Cook for Profit mane Mafikeng.
LE LETSHEHADI: Ho tloha ho le letshehadi: Charles Ndabeni, CEO ya North West Parks, Mohlodi wa Mageu Number One Business, Joyce, Dr Leteka wa University of the North West, Mohlophisi wa BONA, Force Khashane le Mark Grosse wa Aranda Textiles.
Molaetsa waBONA: Re ka fedisa bofutsana
KOPANONG ya Joburg, mohlophisi wa BONA, Force Khashane, o ile a hopotsa babadi hore: "ba ka atleha ho fedisa bofutsana."
Black Like Me, e mong wa batshehetsi ba rona, o ne a emetswe ke CEO, Connie Mashaba ya buileng ka phapang pakeng tsa dikgwebo tseo phaello ya tsona e laolwang ke beng ba tsona le tse laolwang ke setjhaba.
"Qala ka kgwebo eo o tla laola phaello e le hore o tle o thuse ba bang," o boletse jwalo.
Rakgwebo ya bohlale o kgona ho bona menyetla ya kgwebo mme a hlahise leano le ikgethang le tla mo tswela molemo mmarakeng hape le ba bang ba thusahale.
Connie o re ho bohlokwa ho ba le tjheseho e kgolo le ho tshepahala ka seetswa seo o se rekisang mme o sebeletse ho ntlafatsa maemo nako le nako.
"Ikamahanye le batho ba molemo ba tla o kgothatsa ba se ke ba o nyahamisa pelo ka dinako tsohle," ho bolela yena. "Ka ho etsa jwalo o tla kgone ho dula o ipeile maemo a matle.
"Ha o hloke ho ba le dimilione tsa diranta hore o tsebe ho qala kgwebo," o boletse jwalo. "Etsa leano le letle la kgwebo e le hore o tsebe ho fumana tshehetso ya tjhelete." Ha latela Mimmi Biggar, Mohokahanyi wa Black Like Me.
"Batho ba bula dibaka tsa ho lokisa moriri ka mabaka a sele. Ho bohlokwa ho ba le sepheo le maikemisetso a ho fihlela seo o se batlang mme ho ntlafatsa batho ebe e nngwe ya seo o batlang ho se fihlela," ho bolela yena. O re katleho e itshetlehile ho: maikemisetso + boitshepo = katleho.
Connie o re batho ba lokela ho utlwisisa bofokodi le matla a kgwebo eo ba leng ho yona, a hatella le hore ba reke dietswa tsa naheng ena. Kgetha sebaka seo o tla sebeletsa ho sona hantle. O se hire metswalle ya hao, hira batho ba profeshenale mme o rupelle basebetsi ba hao. Re ka nna ra ithabisa hobane re sebetsa ka thata! Ra kenya le tsa feshene hore tsamaisana le lepetjo la: "Moriri le Botle." Letshwao la Seventeen East e bileng thatohatsi. Seakanyi, Nhlanhla Thobakgale, ka mose o motle wa ho intsha.[s]
KA HODIMO: Mimmi Biggar, Connie Mashaba le Ntombi Shishi wa Black Like Me.
KA HODIMO: Simon Rasemela le Peter Thloloe wa Aranda Textiles, le Hilda Steyn wa Uju Mama.
KA HODIMO: Ntsoaki Selekiso, Rebecca Ruiters, Mapule Lashega, Qheku Tsotetsi, Lydia Tsotetsi le Portia Lefofane.
BONA SESOTHO - July 2006
KA HODIMO: Aeline Twala, Anthony Mdakane; Mpumi Nhlapo, Phakamani Hosi le Karabo Lebese moketeng o neng o le Mafikeng.
