SESOTHO.2498.office
DIKELETSO
Tsa ho natefelwa ke meketjana ya Keresemese
Eba mosa empa o se nna o thetsa-thetsa batho
MOSEBETSING
Mekgwa e ka o thusang hore o se itlotlolle meketjaneng ya mosebetsing ha jwala e se e le matletsetletse,
ho ketekwa Keresemese...
HO BALEHELA moketjana wa Keresemese wa mosebetsing ha se tharollo. Ho ka o senya lebitso ho baokamedi, wa shebahala jwalo ka motho ya monyemo, o senye le menyetla ya hao ya ho nyollelwa maemong a hodimo.
Athe hape le ho itlhoma pele ho ka nna ha o senya lebitso! Ho o kenye ditabeng.
E teng mekgwa e ka o thusang hore o keteke ha monate, o se phoqehe, o senye lenyalo la hao kapa hona ho itshenyeletsa mosebetsing...
TENA HANTLE
Basadi ho molemo ba se tene diaparo tse hlahisang mmele ho etsa hore ho se be le banna ba batlang ho nna ba ikgohlakgohla ka bona. Kgetha borikgwe bo lefifi, o tenelle ka top e kganyang.
SE FELE PELO KA PELE
Se nkele hodima dintho tse nyenyane mme o qetelle o swabile selemo kaofela ka mora moo. Leha e se mokete o maemong empa ha ho bolele hore o itshware leha e le ha jwang feela ka pela baokamedi le basebetsimmoho le wena.
THOLA O RE TU!
Se bue hampe ka basebetsimmoho ba bang. Le mabota a ka nna a utlwa. Bonneteng, phema ho bua ka dintho tse kang ho nyollelwa moputso - phema ditaba tsa mosebetsing. Iqoqele ka tseo motho a di ratang, ka lelapa la hae le ka moo ba bang ba rerileng ho ithabisa ka teng ka Keresemese le malapa a bona.
SE TAHWE TLOLO
Ho tantsha hodima ditafole, ho roba ditulo, ho itahlelakaka hoo o qetellang o lemetse, o be o bitsetswe koloi ya bakudi, ho fumanwa o etsa thobalano, ho hlatsa - ke tse ding tsa dintho tse tlotlollang batho meketeng ena.
KGATHOLOHA
Se be monyemo - ntle ho moo ba tla dula ba o makaletse ba re o motho ya lonya, ya sa batleng ho bua le batho, ka hoo ho bolela hore ha o tsebe ho sebedisana le batho ka tshwanelo.
ITSEBISE BATHONG
Sebedisa monyetla, o itlwaetse batho, o botse le matsatsi a tswalo, o ka qetella o tsebile le mebala e ratwang ke mookamedi wa hao le ka moo a ithabisang ka teng. Hona ho ka o thusa ho tiisa dikamano le batho le ho ipulela menyetla mosebetsing wa hao.
SE NNA O THETSA-THETSA
Leha ho le monate ho thetsa batho empa ho bohlokwa ho se etse jwalo mme o netefatse hore o ke ke wa phaphama betheng ya e mong. Hobane seo se tla o swabisa haholo. Itekole hore o se o nwele hakae pele o bolella motho hore o a mo rata!
BAETI BA SA MENGWANG BA SE KENE
Dikhampane tse ngata di theola ditjeho ka ho mema basebetsi feela. Empa leha o ka dumellwa ho mema motswalle, mo tsebise pele hore mang ke mang moo. Hona ho tla o thusa hore le se iphoqe.
EBA LE BOITSHWARO
E, Mmao o ne a tiisitse ha a hatella hore boitshwaro bo botle ka dinako tsohle. Eba le semelo haholo le ho feta pele empa o kgahle ka hohle ka moo o ka kgonang.
OROHA!
Tsamaya le pele o lelekwa kapa o balellwa hara ba sa tsamayeng meketeng pele mejo e fela. [s]
Pale: Thandi Zulu
