sotho.2495.robinho
HA SEBAPADI se senyane se le hlwahlwa, se bile se tswa Brazil, ha ke qeaqee hore ba ka se bitsa "Pelé e motjha." Jwalo ka ha se seng sengodi sa papadi ya bolo se boletse hore di ngata dibapadi tseo selemo le selemo di bitswang Pelé e motjha.
Empa he yena Pelé ka sebele, o qohollotse dibapadi tse mmalwa. Ka 1999, Pelé o ne a boele ho Santos FC jwalo ka moeletsi sehlopheng sa bona sa ba banyane nakong eo a neng a bona sebapadi se dilemo di 15.
"Ke eo!" ho rialo Pelé. "Ke yena Pelé e motjha enwa!" Sheba tsela a bapalang ka yona," ke yena hape.
O ne a bua ka Robson de Souza, eo metswalle ya hae e mmitsang Robinho...
Pelé o bolela hore Robinho o mo hopotsa yena a sa le motjha - a le mosesane, a dutse a bontse.
Ke nnete, Pelé o ne a ngongorehiswa ke bofutsana ba ngwana enwa, a nahana hore bo ka phatsamisa talente eo ya hae. O ne a kope hore Robinho a tle le ntatae, Gilvan ba tlo ikwetlisa mmoho bekeng e latelang.
Pelé o ne a ba amohele jwalo ka ha e ka ke metswalle ya kgale, a botsa De Souza ka boitshwaro ba morahae sekolong le lapeng, a botsa hore na ba robala nqa e le nngwe le mmae kapa tjhe.
O ne a tshepise ho hlokomela moshemane enwa.
Ka mora dilemo tse tharo, Robinho o ne a se a le dilemo di 18 mme a kena sehlopheng sa pele sa Santos.
E ne e be e mong wa dinaledi tsa selemo sa bolo sa 2002 mme o ne a etelle sehlopha sa hae pele ho makgaolakgang a bompodi ba Brazil.
O ne a tswedipana a siya dibapadi tsa morao di maketse. O ne a e pikitla - a siye ba direng le monna mateneng.
BRAZIL e tswa pele lefatsheng ka bophara tlhahisong ya nama ya kgomo, tswekere le kofi - esitana le bolo ya profeshenale. Ke dibapadi tse 12 000 tse ngodisitsweng naheng eo mme tse diketekete tsona di tletse dinaheng tse ding.
Ke Pelé monga mosebetsi ona. Ke yena ya neng a thuse Brazil ho hapa Mohope wa Lefatshe makgetlo a mararo ka tatelano mme naha ena ya bitswa lehae la bolo.
Bana bohle ba a e rata bolo - empa ba Brazil bona, e ka ba feteletse mme bolo ke bo bong ba bokgoni ba bohlokwa naheng eo.
Brazil le yona e ntse e na le tsona dimilione tsa batho tse phelang ka bofutsana. O hlahile mohla 25 Pherekgong, 1984, mane Parque Bitaru, se seng sa dibaka tse futsanehileng tsa São Vicente mme Robson de Souza o bo tseba hantle bofutsana le tlala.
Jwalo ka ha a ne a se na tjhelete ya ho reka dintho tsa ho bapala, o hotse a ipapalla bolo moo mebileng ya habo.
"Ha ke lebale mohla re e bapallang mabitleng," ho hopola yena. "Moo ho ne ho le betere ho na le mmileng. Ke ne ke qete letsheare lohle le metswalle ya ka, ka lebala le dijo tsa motsheare."
Pelé o ne a nepile ha a ne a ngongorehile ka bophelo ba moshemane enwa. O ne a phela ka reisi le mahe. O ne a qale ho ja hararo ka letsatsi mohla Pelé a mo nkang ho ya dula diahelong tsa sehlopha sa ba banyane ba Santos FC.
Kajeno Robinho o se a amohela dimilione tsa diranta ka selemo bolong le tumellanong ya hae le ba ha Nike. Kajeno o na le tjhelete e ka bang halofo ya tjhelete ya sebapadi se ruileng ho di feta sa Brithani, empa leha ho le jwalo, moshemane enwa o a tseba hore mamello e tswala katleho, le hore ho thata jwang ho kena bolong ya profeshenale.
Re ka etsa mohlala ka hore baneng ba 10 000 ba neng ba kene ditekong sehlopheng sa Santos dilemong tse nne tse fetileng, o mong feela ya neng a tswelelle. Haesale e le toro ya hae ho ba sebapadi sa profeshenale.
ROBINHO o ne a le dilemo di tsheletseng feela ha a ne a nkuwa ke Beira-Mar, e leng escolinha, kapa "sehlopha sa bana ba banyane"
Brazil, bana ba kengwa bolong hang feela ha ba qala ho tsamaya.
Escolinhas e na le karolo ya bana ba dilemo di tharo ho ya ho tse hlano, (baby's dummy) le ya ba dilemo di tsheletseng, (milk bottle).
Lekgetlo la pele Robinho a bapalla sehlopha sena, e ne e be bona bomampodi.
Se makatsang ka Brazil ke hore ba mmalwa bana ba seng ba kile ba bapala papadi ya nnete, jwanng ha bo mele hantle naheng eo athe ha ho le dibaka tse anetseng tsa aha mabala a lekaneng.
Dihlopheng tse kang Beira-Mar, bana ba hotse ba bapala bolo e nyane mabaleng a basketball.
Robinho le yena o qadile moo. Sebaka ha se yo, le petetsana hona moo, motho a qobellehe hore a ithute ho e haraka.
Adroaldo Ricardo wa Beira-Mar o hopola letsatsi la pele Robinho a fihla sehlopheng. "E ne e re a qala feela ho e thetsa, ra hlokomela hore enwa ha a tshwane le ba bang."
Robinho o ne a sa e lefe tjhelete ya kgwedi le kgwedi, esitana le ya ho palama, o ne a lefellwa ke e mong wa baahisane ba hae.
O ne a tiisetse ho fihlela a qala ho bapalla lebaleng la nnete ha a le dilemo di 14, sehlopheng sa Santos.
KA MORA hore Santos e hape bompodi ba Brazil ka 2002, ho ne ho hlake hore ha a bapallwe. Papading e nngwe mane Colombia kgahlano le América de Cali, mohopeng wa Libertadores Cup, o ne a bapale hoo a neng a qetelle a se a thoholetswa le ke ba direng.
Dintho tsa qala ho fetoha. Ho ya mafelong a 2004, nakong eo ho neng ho na le menyenyetsi ya hore Robinho o nahana ho leba Yuropa, ke ha mmae a kwetelwa.
O ne a qete matsatsi a 40 a kwaletswe mme a lokollwa ka mora hoba Robinho a lefile tjhelete eo bakwetedi ba neng ba e batla.
Santos e ne e batla £25-million ho Real Madrid ho ka lokolla moshemane enwa pele tumellano ya hae e fela, ka hoo, menyetla ya hore a ye Yuropa ya ba lerotho.
Sehlopha sena sa Spain ha se ka ba sa thabela lenane leo. Robinho le yena o ne a se a sa thaba ho Santos - ka Phupu 2005, o ne a ahlolwe tjhelete ka lebaka la ho hana ho ikwetlisa le sehlopha. Leha toro ya hae e se e phethahetse ya ho ba ho Real, empa o ne a qete nako e telele a sa bapale.
"Ho ne ho le boima ho tlwaela seo," ke yena eo. "Dintho di ne di hlile di fetohile."
Empa ba bang ba bolela ha e ne e le ntho e nepahetseng hore ho fele selemo pele Robinho a ka leba Yuropa.
Ke sebapadi se pele jwale. Kajeno ke forose e hlwahlwa, ha sethibathibane se sa ikatela, se utlwa ka letshwele a se a hakollotse ntho e thata a le hole.
Ho ka etsahala hore selemo sa 2006 e be seo Robinho a tlang ho bontsha bokgoni ba hae ka sona! [s]
BONA SESOTHO - March 2006
Ekaba ke Pele e motjha?
pale ka ISAAC KWELA
ditshwantsho ka GETTY IMAGES/TOUCHLINE PHOTO
Robinho o haketse!
Ekaba selemo sa 2006 ke seo moshemane enwa a tlang ho iponahatsa ka sona?
Dibapadi tsa morao di qetella di "entse phoso" di leka ho thiba thellanyane enwa wa Brazil.
BONA SESOTHO - March 2006
u
t
Robinho o thabisa matshwele ka ditaele tsa hae tsa morao tjena.
Bang ba re e ne e le hantle hore Robinho a eme selemo kaofela pele a ka ya Yuropa
BONA SESOTHO - March 2006
O falatsa se seng sebapadi sa morao!
Tsela ya katleho ho Robinho, e ne e le boima, kajeno o atlehile ka lebaka la mamello.
Robinho o utlwa bokgoni ba sethibathibane sa ba direng.
