sotho.2493.bec recipe-tips
AFRIKA BORWA ke e nngwe ya dinaha tsa lefatshe eo bohahlaudi bo holang ka matla ho yona eo hape e nang le menyetla e meholo ya kgwebo. Ho na le mekgwa e mengata e bonolo eo motho a ka e sebedisang ho theha kgwebo e nyenyane e hlokahalang setjhabeng.
Tseba baeti ba hao
Ho bohlokwa ho tseba sebaka seo o dulang ho sona hantle mme o tsebe le ditlhoko le se thabisang baeti ba hao, o di phethe. Mohlomong ha o ena le sebaka sa ho robatsa batjha haufi le Umkomaas, ba tla be ba batla sebaka se bitsang hantle sa ho robala, dijo tsa hoseng tse monate le moo ba ka bolokang diphahlo tsa bona teng, ba ka thabela ho utlwa ka ditsebi tsa ho qwela tsa moo mmoho le dibaka tsa boithabiso tse sa bitseng le tse bolokehileng.
Athe ha o ena le hotele ya maemo a ikgethang e lebopong la Atlantic teng, o tla amohela baeti ba fapaneng hole le ba pele hobane bona ba tla be ba batla dintho tsa maemo, mekgabiso, dijo le tsohle tseo ba ka ithabisang ka tsona.
Bongata ba borakgwebo ba keneng ho tsa bohahlaudi, ba tseba baeti ba bona hantle ke ka hona ba kgonang ho ba hlophisetsa hantle. Leha ho le jwalo, ho na le dipotso tse mmalwa tseo beng ba dikgwebo tsa ho amohela baeti le di B&B ba ka ipotsang tsona hore ba kgone ho ntlafatsa maemo a dikgwebo tsa bona:
n Baeti ba tla batla bodulo bo jwang ka nako e tlang" Ebe ba tla batla diphaposi tsa ba babedi, tse nang le matlwana le sebaka sa ho hlapela, ho be le sebaka sa kgwebo kapa eng feela e ikgethang"
n Ba tla thabela dijo tse jwang" Ho tla ba le ba jang dijo tse ikgethang" Mohlomong ba sa jeng nama hohang, kapa ba jang tse dumellanang le tumelo ya Majuda kapa ya Mamuslim"
n Ebe ba na le ditlhoko tse ding tse kang polokeho, sebaka sa ho emisa dikoloi, diphaposi tse nang le matlwana a ho hlapela, matlo a arohaneng bakeng sa bana, dikhomputara kapa dintho tsa boikwetliso"
n Sebaka sa hao ke se ikgethang" Ba tla bona lewatle ba le moo, ba ka kgona ho otlolla maoto kapa o haufi le se seng sa dibaka tsa sehopotso"
n Ho na le se ikgethang ka ditshebeletso tsa hao, mohlomong se betere kapa seo o ikgethang ka sona hara borakgwebo bao o qothisanang lehlokwa le bona, ho sa kgathellehe hore seo se senyenyane hakaakang" O ba amohela ka seno kapa mekgabiso ya hao ke e ikgethang"
n Bokgabane ba hao le bofokodi ba hao bona o a bo tseba" Ntlafatsa bokgabane mme o lokise bofokodi.
Boloka nako o tsitlellele se molemo
Arabela ditletlebo ka pele haeba o sa kgone ho phetha seo moeti a se batlang, mo thuse ka ho hong. Ho na le dibaka tse ngata tsa baeti le di-B&B tse nang le ditshebeletso tse kang ya hao, empa tse potlakelang ho thusa baeti. Ho tshwara baeti hantle ho etsa hore ba thabele ho kgutla hape kapa ba kgothalletsa metswalle ya bona le ba lelapa ho ya fihlela ha hao. Ha o amohela baeti ka dipompong, etsa seo kamehla. Ha o na le lepetjo le ikgethang, ha le totobale ho sohle seo o se etsang. Fumana seo o ka ikgethang ka sona mme se tsitlallele.[s]
Bapatsa ntlo ya hao ya baeti kapa B&B
BONA SESOTHO - December 2006
LEKA dijo tsena tse monate, o ithabise ka resepe ena ya oatmeal. Dumella bana ba hao ho ba "diphehi"- wena o be mothusi wa bona!
STRAWBERRY OATMEAL
Disebediswa
1 kopi metsi
1/2 kopi oats
letswai
1/4 kopi Strawberry Mageu Number 1
cinnamon e nyenyane
2 dikgabana tswekere e sootho
Mokgwa
1. Kopanya metsi, oats, le letswai o bedise.
2. Ha e bela, theola mofuthu.
3. Tshela Mahleu o fafatse cinnamon, o fuduwe.
4. Fokotsa mofuthu o phehe metsotso e 5.
5. Tshela sejaneng, o fafatse tswekere.
6. Fodisa pele o eja.
E fepela: 1
E pheheha ka: metsotso e 10
Hobaneng o sa ithabise Keresemeseng ena ka ho pheha le bana ba hao" Kitjhene e ka ba sebaka seo le ka tiisang dikamano ho sona.
BONA - August 2005
