sotho.2492.yourceleb_cover
Ba rorisa Morena
WINNIE MASHABA le monnahae ba tsoha ka 4.30am ba tlohe Limpopo ba lebe Joburg. Athe Deborah Fraser o tla be a bina nakong e seng kae ho tloha ka nako eo, o ka kgona ho ipha nakwana ya ho ya teng.
Ntokozo Mbambo o tshwerwe ke mokgohlane, o tlameha a be a phomotse, empa o a tla ho tla buisana le BONA.
Leha basadi bana ba le maphathephathe, empa ba ne ba boloke nako bakeng sa puisano le rona mane Zoo Lake.
Winnie o ne a bonahala a lokolohile ka diteki tsa hae tsa All-Star, sekete se se lelele le baki e futhumalang le katiba. Ntokozo o ne a fihle a hata hanyane ka di-slippers a tsamaya le monna wa hae, Nqubeku Mbatha eo ba binang le yena sehlopheng sa Joyous Celebration. Athe Deborah o ne a apere hantle jwalo ka tlwaelo, a se a tshohile hore a se fihle ka mora nako.
Ke eng se atlehisitseng dibini tsena tsa mmino wa bodumedi? Phato ke kgwedi ya basadi mme ba rata ho tlotla basadi ba Afrika Borwa ka karolo ya bona katlehong ya bona mminong.
Ditaba tsa bona ba di behile ka mokgwa ona...
PALE YA QEPHE LA KANTLE
Dibini tse tharo tsa Afrika Borwa tse ratwang mminong wa bodumedi di bua ka tsa bophelo ba tsona le ka moo ba lebohang basadi ba ba thusitseng katlehong ya bona
NTOKOZO MBAMBO
"Ke motlotlo ho ba mosadi eo ke leng yena"
BONGATA bo bolela hore Ntokozo Mbambo ya dilemo di 24, ke mohlala wa seo mosadi wa Moafrika a tlamehang ho ba sona. O a itlhompha, o seriti, ke motho ya itshwereng hantle.
O nyetswe ke molaodi wa sehlopha sa Joyous Celebration, eo e leng sebini le moletsi wa keyboard sehlopheng seo, Nqubeko Mbatha, mme Winnie Mashaba o bolela hore Mofumahadi Mbatha o sa le monyane, empa o kgetha mantswe ha a bua, ke mosadi ya itlhomphang."
Winnie o re o hlompha Ntokozo ka talente ya hae hobane ha a le sebayeng o etsa se fetang ho thabisa batho: "Ha a bina ho tshwana le ha a kgothatsa. O na le neo ya ho fetola batho, ba rate Modimo."
Ntokozo o bile dihlong ka seo Winnie a neng a se bolela ka yena.
"Ke a makala ka seo Winnie a se bolelang ka nna, haholoholo ka mmino wa ka. O fapane ho wa hae."
O dumetse hore o a ithata, o bile o itlhompha: "Ke seo ke leng sona, ke seo ke se etsang le hore ke se etsetsang."
O bolela hore mme wa hae ke yena ya mmehileng moo a le teng: "O nthutile ho rapela le ho itlhompha."
Mmae ke yena mookamedi wa hae mminong. Batswadi ba hae ba ne ba bina sehlopheng se le seng le Mthunzi Namba, mme ka lebaka leo, Ntokozo o ne a fumane monyetla wa ba teng ho e nngwe ya dipina tseo ba neng ba di hatisetse sebayeng nakong eo a leng dilemo di 13.
Ka mora moo mmae o ne a mo kgothatse a re: "Ngwanaka o na le neo, dumella Modimo ho sebetsa ka wena."
Ho tloha nakong eo, Ntokozo ha ka a sheba morao, o ne a dumelle Modimo ho sebetsa ka yena.
O ne a qale ho bina ho Joyous Celebration 6 a le dilemo di 16. Neo ya hae e ne e ntlafale albamong ya hae ya mosollane Bambelela a neng a e ntshe selemong se hlahlamang seo ka 2002, mme ya bobedi, Keep On Believing, e ne e latele ka 2007.
"Nako eo ke neng ke e eme, e ne e be e boima ho nna jwalo ka mosadi le sebini," ke yena eo." "Ka nako ena, ke ne ke ipotsa ke ikaraba hore Modimo o batlang ho nna."
Bophelo ba hae ha bo bontshe mathata a letho. Ba ne ba nyalane le moratuwa wa hae, Nqubeko Mbatha ka Mmesa ngwahola mme o re ena ke e nngwe ya diqeto tsa bohlokwa bophelong ba hae.
"Ke thabetse ho nyalwa ke yena," o rialo. "Re a tshwanelana, ke monna ya lokileng."
Ha ba so be le ngwana, ba sa shabane le mosebetsi wa bona, empa Ntokozo yena o se a batla ho ba mme.
Haeba a ne a na le moradi, o ne a tla mmolella hore a ithate, a se dumele ho be teng motho ya tla mo nyahamisa."
Motho e mong a ka ipotsa hore jwalo ka ha a bua ka mokgwa ona, ekaba yena ho bile le ya mo nyahamisitseng haholoholo ka lebaka la mmele wa hae.
"Ha nka ba ka tloha ke thabile ka mmele ona wa ka jwalo ka ha ho bolelwa hore motho ya mosesane o motle," o boletse jwalo. "Ka thuso ya Modimo, kamehla ke ipolella hore ke motle. Ke a tseba hore o be motle, o tlameha ho theola boima ba mmele, empa ke tlameha ho dula ke ithata.
"Ke hodisitswe ke bolellwa hore ke itshepe. Seo ke se etsa le mminong, ha ke tjhetjhe ho seo ke kgollwang ho sona!"
O NA le balatedi Afrika Borwa yohle le dinaheng tsa boahisane, empa haeba e ne e se ka mofu, mmae, re ka be re sa e bone talente ena ya Winnie.
Jwalo ka ha bomme ba bangata ba ne ba kgothaletsa bana ba bona ho ba dititjhere le baoki, mme wa Winnie yena, Enicah Mashaba, o ne a nehe moradiae tekete ya setumo.
"Ntatemoholo wa ka, Judas Mashaba, ke yena wa pele wa ho hlokomela talente ya ka ya mmino mme o ne a bolele hore ngwana enwa o tla atleha jwalo ka Brenda Fassie," ke Winnie a ntse a tsheha, "empa mme ke yena ya entseng hore tsohle di phethahale.
"Ke ne ke mmolelle hore ka tsatsi le leng ke rata ho bina sebayeng, bakeng sa ho nna a mpolella ka taba ya sekolo, o ne a mpatlele motho ya ka nthusang ho phethisa toro ya ka."
Mme wa Winnie o ne a batle nomoro ya Solly Moholo mme a mmolella ka talente ya moradi wa hae.
Winnie o ne a sa tsebe hore mmae o entse sena, o ne a makale feela ha a se a letsetswa ke Solly a mmolella hore o GaPhasha, Steelpoort, Limpopo, moo Winnie le mmae ba neng ba dula teng.
"O ne a tlilo bina moo, empa a ipha nako ya ho tla lapeng mme a re ke bine. Ke ne ke bine, ka tsanyaola ha duma ntlo kaofela."
Ho ne ho be jwalo. Ka mora ho kena ho Solly Moholo Productions, Winnie o ne a hatise albamo ya hae ya pele Exoda 20, ka 2000. E ne e rekise dikhophi tse 30 000, e leng maemo a kgauta.
Ka 2006, Thola Ngoaneso, yona e ne e rekise dikhophi tse fetang 150 000. O ne a kgethelwe dikgau tsa Kora ka 2005 le SAMA ka 2007 mme selemong sena o kgethetswe ya Best African Traditional Gospel.
Ka bokgutshwane, re ka bolela hore Winnie ya dilemo di 28, ke e mong wa dibini tse pele tsa mmino wa bodumedi - leha ho le jwalo, ha a rate ho iphahamisa.
"Mme ke mosadi wa bohlokwa bophelong ba ka," ho bolela yena.
"O ne a na le molao o tiileng, empa o nthusitse hore ke hole hantle. E ne e le motsamaise wa khampane e hlophisang mapato le moetapele mokgatlong wa mafumahadi wa ANC sebakeng sa heso.
"O re rutile tsohle bophelong, le hore re tsebe seo re se batlang bophelong. Ke mosadi le mme ya atlehileng ka lebaka la hae."
Basading ba bang ba mo kgothaditseng, re ka bala Yvonne Chaka Chaka, Ebony (mohatsa Hash' elimhlophe) le Letona la Ditaba tsa Matjhabeng, Maite Nkoana-Mashabane.
"Ke rata boitshepo ba bona," ho rialo Winnie. "Ba hlompha malapa le banna ba bona, ba nthusitse ho ba mme ya betere le mosadi ya itshepang wa Moafrika Borwa. "
Winnie o tshepa hore le yena o tla sebedisa sena le ha hae. O ne a nyalwe ka 2007 mme o dula le molekane wa hae, mora wa monnae ya dilemo di robedi, ausi wa Winnie ya dilemo di 14, le kgaitsedi ya hae e dilemo di 11.
Winnie ha a kgathatsehe leha a so ka a eba le wa hae ngwana.
"Ke ipolelletse hore tsohle di na le nako," o boletse jwalo. "Ke seo ke leng sona hobane ke le mme wa bana bana. Ke leano la Modimo mme ha ke a tlameha ho ingamangama ka dintho tseo."
Albamo ya hae e ntjha, Joang Kapa Joang, a e ntshitseng ka Hlakola selemong sena, e bonahala e tla fihlela maemo a platinum, mme sena le lelapa la hae le tsitsitseng, di etsa ho se be teng se mo kgathatsang moyeng.
WINNIE MASHABA
"Ke moo ke leng teng ka lebaka la mme!"
DEBORAH FRASER
"Ke boya sekwele!"
DEBORAH ha a tshwane le dibini tse ding tsa mmino wa bodumedi, o rata ho swaswa, mabenyane, le feshene ya hae e ikgethang esitana le mekgabiso ya hae ya sefahleho. Bophelo ba hae bo tshwana le dikgaolo tsa pale ya Generations!
O na le bana ba babedi a ba fumaneng pele a nyalwa le lenyalong la hae ba ne ba phakise ba hlalana le monna hae, empa leha ho le jwalo, o ntse a kgona ho thabisa balatedi ba hae.
Sebini sena se bolela hore le sona e ntse e le motho, ho ba Mokreste ha ho bolele hore ha o na diphoso.
"Ke ka hona ke neng ke qape pina ya Abafundisi Abarongo albamong ya ka ya morao tjena Umsamariya."
"Ha ke utlwisisi hobaneng ho ntse ho na le batho ba ipitsang baruti, empa ba ntse ba etsa hore batho ba tshabe le ho sheba monyako wa tempele. Bona bao ba tshabang, ke bao Modimo a ba batlang. Jesu o ne a shwele dibe tsa rona mme ho yena re a tshwana."
O dilemo di 42, empa Deborah Fraser o ntse a kgona: o na le neo, o rata batshehetsi ba hae, dialbamo tsa hae di tswa pele, dikgau le tsona di a tla, athe hape ho bolelwa ha ho na le lenaneo la TV leo a tla hlahella ho lona - o tla hlahella paleng e bitswang Hola Mpintshi.
Se kgothatsang ka yena ke ho kgona ha hae ho hlola maima le mathata ao a kopanang le ona bophelong.
Ka 1996 lesea la hae le ne le hlahe le kgathetse. Lentswe le hae le a tjhentjha ha a hopola thabo eo a neng a na le yona a lebeletse hore e se e tla ba mme. "Ka mora ho itshwara hantle nako e telele, o ne a nahana hore eo e ne e le nako ya hore jwale a thabe," o rialo a hopola metsotso e bohlolo.
Ka mora moo o ne a fumane Nkosana (9) le Aaliyah (7), empa dintho ha di a ka tsa mo tsamaela hantle.
Deborah o ne a tlameha ho nyantsha mafahla jwalo ka ha a ne a sebetsa, ka ho le leng e le mme. "Ke hopola hore ke ne ke fumane Aaliyah selemong seo ke neng ke ntshe albamo ya ka ya pele ka sona. Ke ne ke le maphathephathe mme ha nka ba ka fumana monyetla wa ho ikgudisetsa bana ba ka.
"Ke ne ke ya hodimo le tlase, ke se na nako, empa monyetlanyana oo ke neng ke o fumana, ke ne ke dula fatshe le bona ke ba rute ka tsa bophelo."
Ka mohau wa Modimo, bana ba hae ba ne ba hole hantle mme jwale o dula le bona. O boetse hape o dula le mora motjhanae, Noah, mme o thabela ho ba mme - empa, o re "ke na le molao o tiileng."
Ka 2007, Deborah o ne a nahane hore o fumane ntata bana ba hae ha a ne a nyalwa ke moruti wa Nigeria, Sockey Okeke.
Dikamano tsa bona di ne di be bosula, monna eo a qala ho mo hlekefetsa hoo a neng a qetelle a mo hladile. O dumela hore kgwedi ena ya basadi ke nako e nepahetseng ya ho qoqela basadi ba bang se neng se mo etsahalle le ho ba eletsa.
"Ke sebini sa mmino wa bodumedi, batho ba a ntseba mme ba a nthata, ba nkuke ke le mohlala empa le nna ke ntse ke le motho jwalo ka bona," ho bolela yena.
"Le nna ke utlwa bohloko jwalo ka motho ohle." O re lenyalo la hae le ne le le bosula, a dutse ha bohloko.
Empa o re seo a dulang a se kopa, ke hore Modimo a mo tshware ka letsoho, a tsamaye le yena. "Leha ho nkukile nako, empa jwale ke kgutlile." E mong motho a ka nahana hore Deborah o ne a tlameha ho mamella lenyalong kapa a se bue phatlalatsa ka ho qhalana ha lenyalo leo la hae, empa yena ha a ka a pata letho.
"Lebaka le entseng hore ke bue phatlalatsa ka lenyalo la ka ke hobane ke a tseba hore ho na le batho ba tshehetsang Deborah ho sa natsehe hore ho etsahalang ka yena. Leha ke etsa diphoso, ha ba sa bona. Ha ke e rate ntho eo."
E nngwe ntho ya bohlokwa, o re o rata ho bolella basadi ba bang hore ba se dule lenyalong le dikgoka, ba nne ba re dintho di tla loka leha ho senyehile!
"Haeba motho a o hata, le wena o tlameha ho mo hata, kapa o dule fatshe o lle," ho bolela yena. "Ha ke tefe, ka hoo, ke kgutletse sebakeng seo nke keng ka utlwa bohloko ho sona."
Pineng ena Bengithi Ngizo Bekezela (Ke ne ke re ke tla mamella) o bolela hore o ne a tshepa hore lenyalo la bona le tla atleha, empa ha se ke haeba jwalo. Ke a tshepa basadi ba Afrika Borwa ba tla ithuta ho hong paleng ya mosadi enwa. [s]
MOO O TLAMEHANG HO BA TENG
Ho keteka kgwedi ena ya Basadi ka setaele sa Seafrika, BONA e nkile qeto ya ho nkela ditshwantsho tsa qephe la kantle Moyo Restaurant, Zoo Lake mane Joburg. Sebaka sena se kgabile ka dintho tsa Seafrika ho tloha ho ikgabiseng sefahleho ka mokgwa wa Seafrika, tsela tsa ho hlapa matsoho esitana le ho phetwa ditshomo mme sebaka sena sa Moyo se netefatsa ho bontsha botle ba Seafrika esitana le dinaleding tsa rona tsa qephe la kantle, Deborah Fraser, Winnie Mashaba le Ntokozo Mbambo. Ho ipeheletse sebaka, Mohala: 011-646-0058
Pale: Ntokozo Maseko
Ditshwantsho: Shaun Smith
Moriri le mekgabiso ya sefahleho: Vuyo
Setaele: Thato-ya-Ona Lerefolo
Sebaka: Moyo Restaurant,
Zoo Lake
Deborah o tenne:
Mose o motle haholo o mopinki, Pallu.
Winnie o apere:
Baki e putswa le botsho, Foschini.
Sekete se setsho se dileisi, Foschini.
Sekhafo se sefubedu, Truworths.
Ntokozo o apere:
Baki e mekgabiso, Donna Claire @ Foschini.
Sekete le lebanta le letsho le bosweu, Donna Claire @ Foschini.
