sotho.2491.beauty
BONA SESOTHO - April 2008
TLHOKOMELOYAMORIRI
O kgathetse ke moriri o molelele o otlolohileng" Setsebi sa rona se o tlela le ditaele tse tharo tseo o tla di rata...
Mosebetsing
Ke se loketseng ho ya mosebetsing - bona ka moo mosadi enwa a bonahalang a itshepa ka teng!
Tjhebeho e ntle
Tlotsa oil moisturiser hore moriri o be mongobo, o benye, o fepehe. Bula tsela lehlakoreng, o kamele morao, o ntano o tlama. Tlamella ka extention le dipelete tsa moriri mme o o thethe ka borashe, o bopehe hantle ka morao. Fafatsa holding spray hore o se senngwe ke moya le ka senyanyatsi se seng sa moriri se tla o bentsha.
O ka ya mosebetsing ka boitshepo!
Dikeletso
O tla hloka mefuta e fapaneng ya di-extension, botle le boleng bo nyoloha le ditefello.
Human hairpiece e bitsa haholoho ho feta synthetic hair. Molemo wa yona ke hore e ka sebediseha ka makgetlo hape e ka ntlafatswa ka dietswa tse tjhesang jwalo ka hair drier kapa curling iron.
Tsa synthetic tsona di hloka dietswa tse itseng feela bakeng sa ho di ntjhafatsa.
M
ORIRI o moholo o otlollotsweng, o kameha ka mekgwa e mengata e fapaneng. Empa mohla o feletsweng ke maqheka teng, o lakatsa ho etsa ho hong ho ikgethang"
BONA e na le dikarabo tsohle tseo o di hlokang - ditaele tse tharo tse bonolo, tseo o ka shebahalang hantle ka tsona le meketeng ya mefuta yohle.
Loha Moriri
Ha o ena le nakwana, o ka leka setaele sena, se setle hape se a ikgetha.
Tjhebeho e ntle
Arola moriri dikarolo tse pedi tse lekanang ka pele le ka morao. Loha karolo ka nngwe o lebisa hodimo mme o tlame ka sepelete.
Tlohella moriri o sa phethwa, o tiise ka ho fafatsa holding spray. Hula o ka pele mme o o tlamelle nqa e le nngwe le o lohilweng pele o ka o fafatsa ka senyanyatsi se tla o boloka o benya, o bile o shebahala hantle letsatsi lohle.
Dikeletso
O tla hloka dipelete tsa moriri, kama, holding spray le sheen spray.
O na le
setaele!
BONA SESOTHO - April 2008
O Tlanngweng Hantle
Tjhebeho e ntle ya mosebetsi le kantle letsatsing le tjhesang.
Tjhebeho e ntle
Tlamolla karolo e ka pele ya moriri, o e hare ho tlelella phatleng. Tlamolla ka morao, o kame hore matla a holding spray a fele. Hara 'hairpiece' o e tlamelle moriring, e nngwe e leketle mme o fafatse senyanyatsi.
Tlama ka ribone bakeng sa tjhebeho e ntle ha o intsha bosiu.
Dikeletso
Etsa matsete ka ho ithekela 'di-curling tong, hot brush kapa flat iron' le diribone tsa mefutafuta jwalo ka ya dileise, ya satin kapa ya velvet.
Buisana le molokise wa hao wa moriri ka ditaele le dietswa tse ka dumellanang le moriri le tse ka o thusang hore o se senngwe ke motjheso.[s]
ka FAITH SEUOE
ditshwantsho ka IVAN NAUDE
mekgabiso ya sefahleho le moriri FAITH SEUOE
sebontshi: MATATSI wa G3
