sotho.2490.pirates
Bakwetedi ba metsing
Dithunya di nkile sebaka sa marumo le dikwakwa jwale mme dipalopalo di bontsha hore bonokwane ba mehleng bo kgutlile ka sekgahla hape mme bo jele setsi haholo mabopong a Afrika
Bonokwane ba mehleng ena
BA TSWA hole, ka diketswana tse lebelo. Ba phela bophelo bo potlakang, ba etsa dimakatso, merusu le meferefere. Ba tshwasa diphofu tsa bona hara kgitla kapa ka meso ka nako eo ba bangata ba ileng le sephume sa boroko. Ba hlwella ka morao sekepeng ka dihuku tsa ho itshwarelletsa.
Dinokwane tsena hangata eba banna ba 10, ba tshwarang dithunya le dithipa esitana le mefuta e meng ya dibetsa tsa sejwalejwale tse kotsi.
Hangata ba atisa ho hlasela bapalami ba sekepe ba ba amohe le thepa eo hangata e bang di-TV, di-VCR le dintho tse ding tsa bohlokwa esitana le tjhelete. Nnete ke hore ho hlasela, ho kwetela le ho nka ka mahahapa thepa ya basebetsi ba dikepeng ke ntho e teng - haholoholo naheng ya Afrika.
Ekaba ditlhaselo tse 100 tse etsahalang selemo le selemo - mme mawatle a ka Bophirima ho Afrika a se a le kotsi haholo ho bahahlaudi ba dikepe, ka mora hore dikepe di hlaselwe lebopong la Angola, Cameroon, Nigeria, Ghana, Ivory Coast le Senegal.
Ditsebi di bolela hore ditlhaselo tsena di bakwa ke dintwa tsa dinaheng tse lebopong la lewatle, bofutsana le tlhokelo ya tsa polokeho ho tswa mmusong wa lehae.
Sekepe sefe kapa sefe se ka nna sa thula leha e le eng feela - ho tloha sekepeng se senyenyane ho ya tankeng ya oli.
Ho ya ka Mokapotene David Kellerman, mothehi wa MaritimeSecurity.com, dipalopalo di tsamaya tjena: ditanka (dipersente tse 25), dikepe tse kgolo (tse 23), tse rwalang thepa e kgolo (tse 13), dikepe tse tsamaisang ditanka tse kgolo (tse 11), dikepe tsa ho tshwasa (tse 16), le tse ding (tse 12).
Thepa e utswitsweng e kenyeletsa le diaparo, dithethefatsi, kwae le dikhomputara. Empa dinokwane tse ding di masene haholo ho feta tsena tse sa tswa hlasela tanka ya dikhemikhale e neng e tloha Lagos mohla la Hlakola 29, selemong sena, tse neng di betse bapalami ka dikgalase mme tsa utswa lebenkele kaofela la sekepe pele di baleha.
HO YA KA Mokgatlo wa Matjhaba wa Maritime (IMO) ditlhaselo tsena di ka mokgwa ona:
n Asia: Ke mokgwa o sebediswang haholo ke dinokwane tse ka Borwa ho Asia le tsa Far East, moo sekepe se hlaselwang bosiu ka seketswana se lebelo haholo mme ho utsuwe tjhelete le dintho tse ding tsa bohlokwa.
n West Africa: Dikepe di hlaselwa ka nako eo di leng lebopong. Hantle jwalo ka tlhaselo ya bankeng, le bonokwane bona bo hlophiswa hantle mme hangata dinokwane di baleha ka dikoloi le dilori, e seng ka dikepe.
n Sesole kapa dipolotiki: Hangata dinokwane le tsona di tena yunifomo ya sesole kapa ba iketse mapolesa a lebelang lebopong - jwalo ka a Somalia a neng hlasele Marashia ka 1997.
n Bokwetedi: Dinokwane di palama sekepe di iketse basebetsi ba sekepe seo. Ba lwantshe basebetsi ba sekepe, ba se kgannele moo ho ratang bona teng mme ha ba qeta ho ba nkela thepa ya bona, ba boela ba ba nehe sona hape.
Ka 1990, bahlasedi ba bane ba ne ba kene sekepeng sa Marta. Ba hlasela ba kwala basebetsi mahlo mme ba ba kwalla nakong eo ba pentang ba bile ba ngola lebitso le letjha sekepeng seo.
Ka mora ho se tjhentjha, ba se laesholla matsatsi a mabedi kaofela ba hire batho ba moo ba ntano sesa ka sona matsatsi a tsheletseng pele ba ka lokolla basebetsi ba sona, jwale ba tswelapele le leeto la bona ka sekepe.
n Phantom ships: Ona ke mokgwa o motjha wa bonokwane. Bona ba bolaya basebetsi ba sekepe pele ba ka tjhentjha sekepe seo lebitso mme ba se lebise moo ho ratang bona teng. Lebopong teng ba hlophisa hore ba fumane ho se ho ena le se seng se sa tsejweng se ba emetseng se tla laitsa thepa e ho sena seo ba se kwetetseng. Ka mora moo ha ho motho ya tla boela a utlwa letho ka sekepe seo kapa bona basebetsi ba sona.
Tenyu ke sekepe sa mofuta o mong se neng se nyamele Malacca Straits ka 1998. Basebetsi ba sona ba 15 ba ne ba bolawe. Ka mora dikgwedi tse mmalwa sa bonahala lebopong la China se se se rehilwe lebitso le leng.
Ho boetse hape ho kile ha kwetelwa sekepe se seng se tsamayang se hasa tlhokomediso dikepeng tse hlaselwang.
TLALEHONG ya moraorao basesise ba International Chamber of Commerce (ICC) ba re dikepe tse robedi di sesa mawatleng ohle haholoholo ba batla ho kwetela dikepe ba di ise Afrika.
"Hona ho bakelwa ke hore ba tseba hantle hore dikepe tse yang Afrika di ebe di rwetse thepa e theko e hodimo haholo," ke ka moo mookamedi wa bakapotene, Pottengal Mukundan a boletseng ka teng.
Ho dumelwa hore dikepe tse tharo hara tse robedi ke tsa dinokwane tsena tsa lebopong la Afrika le Mediterranean, Red Sea le Indian le Atlantic Oceans.
"Dikepe tse bitsang dimilione di a kwetelwa selemo le selemo," ho bolela Mokapotene Mukundan. "Ha ho bonolo hohang ho fedisa bonokwane bona hobane ha se ka bonolo motho a kgonang ho arola dikepe tsena tsa dinokwane hara tse ding."
Bonokwane bona ke ba kgale jwalo ka moaho wa Egepeta - jwalo ka ha bo bonahala le difiliming tse kang Pirates Of The Caribbean - empa ba mehleng ena bo bonahala bo etsahala ka bonolo le ho feta pele.
Dikepe tsa mehleng, di ne di tsamaya di rwetse dibetsa tse ngata mmoho le batho ba tla lwantsha bahlasedi athe kajeno ho se ho tsamaya bakgani ba mmalwa feela hobane ho sebediswa maemo a hodimo a tegniki.
Ba mmalwa ba bona ba tseba ho thunya leha ba sa tsamaye le dithunya hohle moo ba yang.
BAHLASEDI ba mehleng ba ne ba kwetela sekepe sefe kapa sefe seo ba kopanang le sona athe ba mehleng ena bona ba a kgetha hape ba hlophisa dintho hantle. Sephetho se bonahetse ka ho nyoloha ha ditlhaselo lefatsheng ka bophara selemong se fetileng hore di fihlelle ho 445 ha ho tshwantshwa le diketsahalo tse 370 tsa 2002, ho ya ka moo ditlaleho tsa ICC maritime di bontshitseng ka teng.
Ena ebile palo e kgolo haholo ho tloha ka nako eo IMB Piracy Reporting Centre ya Kuala Lumpur e qalang ho bokella dipalopalo ka yona ka 1991.
Tlalehong ya IMB ya selemo ya Bonokwane Le Boshodu Ba Dikepeng ho Hlometswe, ho boletswe hore ebile basebetsi ba 21 ba dikepeng ba bolailweng ke dinokwane ka 2003 - mme ba 71 ba nyametse.
Mokapotene Jayant Abhyankar wa maritime o itse: "Nnete ke hore bonokwane bona ba mehleng ena bo tletse tshollo ya madi, bo etswa ke batho ba tsebang hantle hore basebetsi bao ha ho moo ba tla fumana thuso teng." [s]
32 BONA SESOTHO - January 2007
pale ka ISAAC KWELA
BONA SESOTHO - January 2007 33
