sotho.2489.sci
Baballa motlakase o boloke tjhelete
MOTLAKASE o kalwa ka di-watts. Hohle moo ho sebediswang motlakase teng, ekaba difektring, dihoteleng, dikantorong esitana le hona malapeng, ho na le mitara e kalang tshebediso ya motlakase ona.
Sesebediswa sena se bitswa kilowatt hour (kWh) meter.
Watt ke matla a manyane haholo a motlakase. Jwalo kaha re re dimitara tse 1 000 di etsa kilomitara e le nngwe, le di-watt tse 1 000 di etsa kilowatt e le nngwe. Sesebediswa sena se sebetsa hantle haholo.
kWh meter ena e na le letlapanyana le tshwanang le gramafone. Ha letlapa lena le potapota ka matla le bontsha hore le motlakase o sebetsa ka sekgahla.
Jwalo ka ha entse e potaloha, ho na le manakana a ntseng a bala di-unit a kgonang ho bontsha hore ho sebeditse motlakase o mo kae ka mora nako e kae. Di-unit tsena di etswa ke di-killowatt di phetaphetilwe ka nako eo motlakase o sebeditseng ka yona. Killowatt e sebeditseng ka hora e le nngwe e ba unit e le nngwe.
Ka hoo, hitara e sebedisang mohlomong kilowatt e le nngwe dihoreng tse tharo e re neha di-unit tse tharo!
Sena se bolela hore o tla lefa tjhelete e tshwanang hobane o sebedisitse motlakase o tshwanang, phapang feela empa e le nako.
Motlakase wa lapeng o bitsa 28c unit ka nngwe.
Haeba re rata ho boloka motlakase, re tlameha ho sebedisa disebediswa tse jang motlakase o monyane empa di ntse di kgona ho etsa mosebetsi o tshwanang.
Tsela eo o ka kgonang ho boloka motlakase ka yona, ke ho tjhentjha mabone ana a senyang motlakase a bitswang (GLS lamps) o sebedise a na a bolokang motlakase a bitswang Compact Fluorescent Lamps (CFL).
Mabone ana a GLS ke ana a sa bitseng, ao re a tlwaetseng. Leha ho le jwalo, a sebedisa matla a mangata bakeng sa ho kgantsha.
Ana a CFL ona a hlile a a bitsa, empa bona mona... mofuta wa (GLS) o ka sebetsa dihora tse 1 000, ha wa (CFL) ona o kgona ho nka dihora tse 6 000, se bolelang hore o tla tlameha ho reka di GLS tse tsheletseng ho ka kgona ho kgantsha dihora tse 6 000 e leng theko e hodimo hole le ya CFL e le nngwe.
CFL e nang le 14 watt e kganya hantle jwalo ka GLS e nang le 75 watt.
Yona e bitsa hanyane hobane letlapa lane le ka hare le potoloha butle.
Jwalo ka ha lebone la CFL le bitsang thekong e ka bang R13, empa tjhelete eo ha o e llele jwalo kaha o kgantsha nako e telele ka lona. [s]
BONA SESOTHO - January 2006
Dintlha ka ba ha LOHUIS
Projeke ya Bona
