sotho.2488.lifeguide_motivation
Eba ya ikgethang!
Bohle re tlile Fatsheng lena ka morero, ka hoo, re lokela ho ikgetha ka sohle seo re se etsang
K E NA le mantswe a mmalwa kgweding ena: Eba motho ya ikgethang! Ha ke re o ikgethe ka hohle hohle hobane feela o kgona ho etsa jwalo empa ke o hopotsa hore o etsa seo hobane o le motho ya ikgethang e le ka nnete.
Nahana feela, peo ya botona e nontshitseng lehe popelong ya mmao, e hlotse tse ding tse dimilione tse neng di batla ho etsa jwalo. O bile mohlodi le pele o tseba taba eo. O holela lefatsheng le ikgethang, sebakeng se ikgethang se thehilweng ka mokgwa o ikgethang ke ya Matla Ohle, ke hore Modimo ka sebele.
Mokgwa oo tsena tsohle di ahilweng ka ona, moralo le kakanyo ya tsona, ke sesupo se ikgethang sa hore ho na le Mmopi. Le Bibele e re bolella hore re bana ba Ona. Ka hoo le wena ngwaneso, o tswa mohloding wa moetso ona o ikgethang.
Re fetile tlasa maima le manolo kgolong. Re fihletse dintho tse kgolo tse ka makatsang badimo ba habo rona, jwalo ka ho nyolohela sepakapakeng. Empa le hodima tsebo eo, ha ho ya kgonang ho aha sele leha e le nngwe ya mmele wa motho, empa mmele ya rona e na le disele tse ballwang dibilioneng tse 70.
Na o kile wa hlokomela hore hara ba ka hodimo ho dibilione tse tsheletseng lefatsheng, ha ho le ya mong motho eo DNA le dikgatiso tsa menwana ya hae di tshwanang le tsa hao? Mmopi o bopile hore o be mong feela Lefatsheng lena mme ho se be le ya mong ya tshwanang le wena ka sohle kapa ya ka iketsang wena. O motho ya ikgethang mme seo se o etsa hore ho se be boleng boo o ka rekiswang ka bona!
Nnete ke hore e mong le e mong wa rona o a ikgetha, o hlotswe ka mokgwa o ikgethang ka lebaka le ikgethang. Mmopi o ne a ena le mohopolo o ikgethang ka wena ka nako eo a neng a o bopa. Tjheseho ya hao, tseo o di ratang le tseo o sa di rateng ke tse ikgethang ho wena feela hobane ke tse bontshang lebaka leo o le tletseng fatsheng lena.
Dintho tse o llisang kapa tse o kgothatsang ke sesupo sa bohlokwa ba mathata ao Mmopi a di etseditseng hore o tle o di rarolle. O bohlokwa mathateng o batlang ho a rarolla, hape o kgathatso ho ao o a thehileng. Bongata ba batho ba phelela monate e seng lebaka! Ba phelela diaparo, dijo, dikoloi, matlo le boithabiso. Ha ho phoso, ebile re a di hloka bophelong.
O hlohonolofaditswe ha o ena le dintho tsena tsohle, empa bophelo ba hao bo a ikgetha ha o se o fumane lebaka leo o le phelelang. Bophelo bo kgotsofatsang, dikgwebo le dikereke, ke tse ding tsa tse sa itshetlehang tjheleteng, tshusumetsong kapa katlehong - empa di itshetlehile lebakeng le kgotsofatsang.
Mohlahise wa koloi, Henry Ford o ne a ena le lebaka ha a ne a re motho ka mong leha e se morui o lokelwa ke ho ba le koloi - ke ka hona a neng a thehe kgwebo. A hlahisa koloi ya Model T lefatsheng mme a tjhentjha tsela ya rona ya ho phela.
Bill Gates, mothehi wa Microsoft, o ne a ena le thusumetso ya ho hlahise ditlhoko tsa khomputara lefatsheng. Tshusumetso e ne e be matla hona hoo a neng a tswe kholetjheng pele ho nako a batla ho ya phetha toro ya hae - kajeno batho ba 90 lekgolong lefatsheng ba sebedisa programme tsa hae.
Re ke ke ra ba barui kaofela, re tume, re ratwe empa re ka kgona ho etsa dintho tse ikgethang maphelong a rona. O ka nna wa ba morekise ya ikgethang, molebedi, mokganni kapa mothusi wa lapeng. Batho ba tjhentjhang lefatshe ha ba kgothatswe ke setumo kapa lehlohonolo. Ba batla ho ba le seabo diketsahalong tsa lefatshe.
Nkile ka utlwa lepolesa le re, nako e monate bophelong ba lona ke ha le tlama senokwane ka mahlaahlela, a se hlahlela tjhankaneng. Ha motho a se a fumane seo a ka se etsang bophelong, ha ho letho le mo thabisang ho feta ho se fihlela, le tjhelete e ke ke ya reka seo.
Mother Teresa o ne a hlokomela bafutsana, bakudi le ba makgatheng a lefu. A se etsetse setumo kapa tjhelete empa qetellong o ne a di fumane kaofela.
Ho sa kgathallehe hore o etsang, o na le eng, empa siya dikgatiso tsa mehato ya hao lehlabatheng la bophelo. Eba ya ikgethang! [s]
Moruti George
Dikga-tiso tsa maoto a hao ha di bona-hale lehlaba-theng la bophelo
KGOTHATSO
