sotho.2487.let
Dumelang metswalle
HONA le dintho tse pedi tse ntjha tseo ke di entseng kgweding e fetileng: Ke kgannile ho ya Magaliesburg ho ya ithabisa hoteleng ya Mount Grace, ka sedilwa ha monate mmeleng ho spa sa bona sa maemo.
Ebile letsatsi feela ke le moo empa ke ne ke ikutlwe eka ke moruihadi (le mathata a bophelo a fela) jwalo ka lelapa la Mashaba ho Generations. Ha ho se monate o kang wa ho nna o bitswa 'ma'am' letsatsi kaofela, o robale betheng e kgolohadi eo o sa tlo e alola hoseng.
Leha ho le jwalo, ke ne ke sa ikemisetsa ho ya diphomolong. Keresemese ke nako e ikgethang ya lelapa le ho ja dibiskiti tse monate le dimomonane. Ntle ho monono - ditakaletso tsa selemo se setjha tse tlang ke di-pudding le ho shebella TV nako e telele - le ho nna o etsa ntho e le nngwe selemo se seng le se seng, ho kgathatsa matla.
Dilemong tse mmalwa tse fetileng, ka mora ho utlwa ka basadi ba setokofele ba intshang, ke ne etse qeto ya hore ke tla tjhentjha bophelo ba ka bo bodutu, ba ho ja le ho robala, ke intshe le nna. Empa ditjeho tsa diakhaonto, le ho hodisa ngwana le ho putlama ha moruo ho sa tswa etsahala haufinyane, ho nyopisitse merero ya ka.
Leha ho le jwalo, selemong se tlang, ke ikemiseditse ho etsa se ikgethang. Bakeng sa ho ikenya dikolotong, ke tla loha maano a ho boloka tjhelete hore ke tle ke tsebe ho isa mme ho spa a lo sidilwa mmele, ke tsamaye le yena le metswalle ka sekepe ho ya Mozambique, re ye le Venda.
Lona ba tla beng ba intshitse, kapa ba sa tswa kgutla, re na le dikeletso tse ntle tsa diaparo tseo o ka di tenang (leqephe la 46). Athe ha o hloka dikeletso tsa ka moo o ka kgalemang lelapa la hao le sa o nahaneleng ka tjhelete ka nako ena ya selemo, Sis' Angie o tla o namolela, leqepheng la 95. Re boetse re na le mekgwa e bonolo ya ho pheha kgoho (leqephe 74), e leng se tla o thusa hore o natefelwe ke thero kerekeng le ho ba le metswalle hape o robale boroko!
Basebeletsi ba BONA ba le lakaletsa Keresemese e monate mme, le se lebale ho leboha Modimo ka maphelo a lona. Ke le kgothaletsa ho se lebale ho arolelana dijo tsa Keresemese le malapa a mang a se nang tsona.
Mahlohonolo a le atele
MANGOLO A LONA
RE NEHE MAIKUTLO A HAO
Mangolo ho mohlophisi, Box 473014, Parklands, 2121.
fax: 011-474-9223 e-mail: bona@caxton.co.za
O ka nna wa sebedisa lebitso la boswaswi, empa o tlameha ho re bolella la nnete le aterese ya hao. Ha se hore re dumellana le babadi bao re phatlalatsang mangolo a bona hape re na le tokelo ya ho hlophisa botjha mangolo ao re a phatlalatsang.
Ke nnete
Makasine ya lona e dutse e mmakatsa, ke rata ho e bala haholo. E bontsha boqolotsi ba nnete, ka ditaba tse re amang kaofela.
Hape ke hlokomela hore ha le leke ho pata nnete, empa le e bua e le jwalo ka ha e le jwalo, rona re iketsetse diqeto. Ha le qeaqee ho hlahisa dipale tsa Maafrika Borwa le dinaledi tsa mose tseo re ratang ho bala ka tsona.
BONA e re hopotsa diketsahalo tse fetileng mme e boele e re rute ka naha ya habo rona. E hlwahlwa haholo mme ke e lakaletsa katleho. Re a leboha BONA!
Nonhlanhla Sibeko, Tshwane
Mahlo a ka a tutu-buluhile
Ke rata ho leboha BONA ka leqephe la Moruti George, ya ntutubulutseng mahlo. Ke ne ke ena le mathata, empa a mangata aa rarolohile jwale.
Moruti George o alafile setjhaba. Re leboha Modimo ka yena.
Songezo Gwebecimele, Mdantsane
Ke sa le monyenyane
Leha ke le dilemong tse ka hodimo ho tse 30, ke utlwa eka ke sa le motjha, ka lebaka la BONA! Ho bala makasine ena ho etsa hore ke ikutlwe ke sa le motjha dilemong.
Dikeletso tsa yona di nthusitse hore ke dule ke phetse hantle ke bile ke shahlile. Ke qadile le dintho tse nyenyane tseo le neng le re di ka thusa ho ntlafatsa dikamano tsa motho le ba lelapa le metswalle. BONA, e nthusitse hore ke boele ke itshepe - ke a itshepa jwale hape ke dutse ke thabile. Ke a le leboha.
Sipho Phiri, Tsakane
Banka kapa Tempele ya Modimo"
Ke rata ho arabela lengolo le neng le phatlaladitswe kgatisong ya Phato 2009 le neng le re, "Dikereke di etsang""
Dikereke ha e sa le ditempele tsa Modimo, di fetotswe matlo a ho iketsetsa tjhelete. Baruti ba bapala ka batho ba futsanehileng, ba ba tiisetsa hore ha ba lefile tjhelete e ngata kerekeng, ba tla kena lehodimong. Ke leshano leo!
Se bohloko ke hore batho bana ba tshepa baruti. Malapa a mang a robala ka tlala hobane a lefile tjhelete kaofela kerekeng. Ka nako eo baruti bona ba be ba dula metseng ya maemo ba ja ha monate ka ditjhelete tsa kereke. Sena se lokela ho fela. Re lokela ho tseba nnete ka ho boela re bala Bibele.
AM, Kokstad
Tshepo ya bokamoso
Ho a swabisa ho bona batjha ba kajeno ba inwella jwala ka bolokolohi. Ha ba hlonephe hape ha ba itlhomphe ka bobona. Ntho e nngwe le e nngwe e na le nako ya yona bophelong ba hao mme ho bohlokwa hore o natefelwe ke nako eo o leng ho yona.
Tseba hore, o tla kotula seo o se jetseng. Sebedisa neo ya hao o tle o be motlotlo seo o leng sona. Ithateng le tsebe ho ikahela bokamoso bo botle le le mmoho.
Nolundi Lumani, Maclear
Dimpa tse kgolo
Ebe ho na le ya ka mpolellang se phoso ka batjha ba kajeno" Ebe na ho na le molao o reng ha o sa ime o le dilemo di 13, 16 kapa 17 o ke ke wa hlola o eba le ngwana hape bophelong ba hao"
Hohle moo ke tsamayang ke kopana le dithaka tsa ka di pesotse dimpa: ekare ke feshene! Ha ke utlwisise lebaka la sena.
Phaphamang banana: se iphetoleng ditlaela ka ho nahana hore ho etsa bana ho ka le etsa barui. E, mmuso o tshehetsa batswetse ka R240 ka kgwedi mme ha se se ka o fetolang morui kapa hona ho hlokomela ngwana ka tshwanelo. Ho etsahalang ha ntata ngwana a ka o lahla, o tla mo hodisa jwang"
Bakeng sa ho nyolosa le ho theosa le etsa bana, le ka be le etsa le dintho tsa bohlokwa jwalo ka ho ithuta. Ithuteng le tsebe ho fumana mosebetsi o motle bakeng sa bokamoso bo botle!
Nkoala Mojabatho, Odendaalsrus
Bonokwane
Ke rata ho leboha SAPS ya Viljoenskroon haholoholo Supt Mbeloane.
Haesale a fihla Rammolotsi, palo ya bonokwane e theohile. Re se re tseba le ho intsha bosiu, seo re neng re tshaba ho se etsa pele. Re a di bona diphetoho haesale a fihla mme o bona hantle hore o tseba mosebetsi wa hae. Re a o leboha Supt Mbeloane, pele-a-pele.
Sandile Nathnael Kompela, Viljoenskroon
Robala ka kgotso Force
Ke utlwile bohloko ka lefu la mohlophisi ya ka sehloohong, Force Khashane. Ke sa tswa utlwa ka masisapelo ana hobane ke dula hole le hae, ke Amerika. Ho tloha ka 2003-2007 ke ne ke dula Lesotho mme BONA e le yona feela makasine e fumanehang moo.
Ke ne ke reka ya Senyesemane le ya Sesotho ho ntlafatsa puo ya ka ya Sesotho.
BONA e ne e nthuse haholo puong le hore ke ithute ka meetlo ya heso. Ke hlolohelwa BONA haholo mme ke ne ke rata le ka moo ntate Khashane a neng a ngola ka teng.
Greg Alder, San Diego, California
Lengolo la mohlodi
Hatisa difoto tseo o di ratang ka SELPHY Photo Printer ya ha Canon. E nyenyane, hape e kopanngwa ka bonolo le hona ka nako le motsotso feela. Ha o hloke khomputara - o ka hatisa setshwantsho le se ho memory card, digital camera esitana le ho selefounu. Di-compact photo printers tsena di dumella mang kapa mang ho hatisa ditshwantsho tsa maemo - tsa lapeng kapa tsa difiliming!
RE LEBOHELA babadi bana ba bararo ba lehlohonolo, ba hapileng marobalo a masiu a mabedi Royal Hotel mane Thekong, tlhodisanong e neng e phatlaladitswe ka Loetse 2009 ho BONA. Mabitso a bona ke: Nompumelelo Mchunu, Ext. 14 Embalenhle; Elda Magwaza, Zone 5 Diepkloof, le Zolelwa Madolo, Durban. Natefelwang!
Re lebohela babadi bana ba latelang, ba ikgapetseng motho ka mong sephuthelwana sa dibuka tlhodisanong ya Block Puzzle No 95 e neng e phatlaladitswe kgatisong ya BONA ya Loetse 2009. Yena ke Elizabeth Mabena, Daveyton. Re a tshepa o tla thabela ho bala dibuka tseo.
Eba mohlodi le
Menyetla ya 2010
A re amoheleng baeti ka motlotlo
Mohope wa Lefatshe o se o fihlile mme re tla etelwa ke diketekete tsa batho ba dinaheng tsohle. Re ka sebedisetsa monyetla ona wa ho qala le wa ho qetela bophelong ba rona molemong wa rona. Bahahlaudi ba tla hloka bodulo, ho bontshwa dibaka, ho sohle seo re ikgethang ka sona.
Ka ho amohela baeti ba rona ka 2010 re ka ikahela mesebetsi rona le ba bang ba habo rona. Ke nako ya ho iketsetsa tjhelete, re ntlafatse maphelo a rona mme re etse hore baeti ba rate naha ya habo rona.
Barbara Luvhengo,
Limpopo
Mohlodi wa lengolo le tla hapa moputso o tla fumana wa
Canon SELPHY Photo Printer e bitsang R1 200
