sotho.247.drugs
t
Whitney o rekisa diaparo tsa hae tsa ka hare ho lefa dikoloto tsa hae
di 43 a ne a ntse a mpefala leha a ne a ntse e kenya kopo ya tlhalano.
Ka Pherekgong 2007, ka lebaka la ho hloleha ho lefa dikoloto tsa hae, ho ne ho rekiswe tse ding tsa diaparo tsa hae fantising.
Hara dintho tsa hae tse neng di rekiswe, re ka bala le setulo sa hae se neng se nkuwe e le "terone" ya hae. Ha rekiswa piano mmoho le tse ding tsa dikgau tse 15 tsa Bobby Brown.
Ntle le di-gown tsa moetso wa Giorgio Armani, Dolce & Gabbana le Donna Karan, di ngata diaparo tsa hae tsa ka hare tse neng di rekiswe.
Ho tla fella kae"
"Whitney ho bonahala a ke ke a di tlohele dithethefatsi," ho rialo Tina Brown. "Re dutse re tshohile hore na o tla etsa di fe."
Mmae, Cissy Houston, le yena o re o tla leka ho kopa moradiae hore a tlohele dithethefatsi molemong wa ngwanahae Bobbi.
"Ho bohloko ho bona motho ya neng a ipheletse hantle a se a kula, hape le ho lahleha ha talente e kana," ho rialo e mong wa baqolotsi ba ditaba. Ha re a tlameha ho phutha matsoho, re tlameha ho leka matsapa ohle a ho mo thusa." [s]
BONA SESOTHO - March 2007
Dibini di bonahala di le kotsing ya ho hohelwa ke bokgoba ba dithethefatsi - re buile le ba bang mme ra utlwa ka moo ba intshitseng ka teng diheleng tseo tse tshabehang
RE NE RE le teng le rona ho tla buisana le yena ka mora hore a tswe sebakeng seo ho lokiswang semelo ho sona, empa o ne a thekesela ekare ke raditebele ya lekang ho iphumana ka mora ho amohela mekobo e matla. "O ke ke wa kgona ho bua le yena ha jwale," o ne a bolele jwalo mookamedi wa sebini seo. "O tahilwe!"
Hona ho etsa re dule re ipotsa hore ebe dinaledi ke batho bao re ka ba tshepang kapa tjhe esitana leha ba se ba kgutla dibakeng tsa ho lokiswa ha semelo ba re ba tswile bokgobeng ba dithethefatsi"
Ebe dibini mohlomong di batla re di tshehetse haholo ka ho reka mmino wa tsona" Ho tse ding tsa di-CD tseo tsa bona ba pheta pale ya bophelo ba bona ba dihele ba dithethefatsi le ka moo ba tswileng ka teng - empa ba le leshano ba di ja letsatsi le letstatsi.
"Ho hlokahala boitelo mothong ya batlang ho tswa bokgobeng ba dithethefatsi," ho boletse Senyaka, ya tummeng ka Chesa Mpama - mme o bonahala a atlehileng ho tswa bokgobeng boo.
"Ha o kopana le metswalle e jang matekwane le dithethefatsi, o a di kgalla - ho be thata ho hana ha ba o fa. "Ho thata. Ha o itokolle dithethefatsing feela, empa o lahla le metswalle! Ke ne ke se na boikarabelo hohang pele ke tlohela dithethefatsi. Ke ne ke rekise ntlo ya ka le sohle seo ke nang le sona hore ke fumane dithethefatsi.
"Ke sa tsebe le ho ithekela sesepa sa ho iphotla. Ke batla ho tsuba, ke tsuba feela. Ke ne ke lefe R1 500 ka dithethefatsi tse bitswang 'moon' tseo ke neng ke di qete ka bosiu feela," ho boletse Senyaka. "Ke ne ke robala dihoteleng hore nke ke otlwe ke moya. Motsheare ke ye lekeisheneng. Mohatsaka dula a le mong lekeisheneng, a qetelle a ntshihile."
Bosiung bo bong a utlwa lentswe le makatsang le neng le mo laela ho kgaohana le dithethefatsi. "Ka nahana hore nke ke le hlonephe, ke leke. Ka kgutlela hae mme ka reka dijo ka tjheletana e setseng."
A kgutlisetsa dithethefatsi tse setseng ho beng ba tsona a lwanela tjhelete ya hae. "Ho tloha moo, ha nka ka hlola ke sheba morao. Ke ne ke thabele ho boela ke eba le ba lelapa la ka mme tshehetso ya bona ya ba e makatsang."
O re sesosa se seholo sa mathata ana ke jwala. "Tsohle di qala jwaleng," ke yena eo. "Ka mora moo motho a batle ho hong ho tahang haholo. Ebe ho fedile ka bophelo ba hae. Takatso ya dithethefatsi ha e fele ke ka hona o tlamehang ho dula o le sedi ka dinako tsohle," ho bolela Kabelo "Booga Luv" Mabalane.
"Ke ne ke tswe sebakeng sena se lokisang semelo mohla la 1 Loetse, 2002. Letsatsi la pele la kgwedi ho nna le nkgopotsa hore ke tswa kae le dithethefatsi."
Takatso ya tsona yona ha e fele. "Ha di o fe phomolo," ho bolela Mabalane. "O lokela ho dula o ikemiseditse ho lwana nako le nako." Keletso ya hae" "Kgaohana le batho ba tla o ntsha tseleng. Ba balehele hohang." O re le maemo a hae a bonaledi a mo thusitse. "Ha ke sa le mong nthong ena, ha ke kgutlela dithethefatsing le batshehetsi ba tshwareha hampe."
Lundi Tyamara, sebini sa mmino wa bodumedi seo le sona se sa tswa kgutla moo ho lokiswang dimelo se re sona se sa ntse se kopana nako le nako le metswalle ya sona eo e leng makgoba a ithethefatsi. "Ba amohetse qeto eo ke e nkileng ka hoo, ha ba di sebedise moo ke leng teng. Ha ke eba tlasa kgatello ya ho di lakatsa, ha ke senye nako, ke etela sebakeng seo sa ho lokiswa dimelo," ho bolela Tyamara.
Ho bina ha hae mmino wa bodumedi ha ho mo pholose melekong. "Le nna ke motho jwalo ka bohle. Ke na le bofokodi mme ke bile ke etsa diphoso jwalo ka bohle." Hape ho ya kerekeng le hona o re ho mo thusa hore a kgone ho lwantsha kgatello ya dithethefatsi.
Joe Nina, yena ha jwale o se a hlahisitse albamo e ntjha, Travel The Gravel, e buang ka bokgoba ba dithethefatsi. "Sohle seo ke neng ke se etsa ke ne ke se etsa tlolo ya molao. Bakeng sa pidisi e le nngwe ke ne ke eja tse pedi," ke yena eo. "Le jwale ke dumela hore ke lehlohonolo ha ke kgonne ho tswa bokgobeng bona."
Le yena o a dumela hore ha ho bonolo ho tlohela dithethefatsi ka ho feletseng. "Ntho di ngata tse o hatellang ho kgutlela morao kgwebong ena."
Yena o entse jwang" "Ke qadile ka ho amohela hore ke entse phoso. Ka kgaohana le bohle ba nkentseng dithethefatsing. Ka ba ntsha hohang bophelong ba ka, ka kgutlela metswalleng ya ka ya kgale. "Ke boetse hape ka kopa thuso ya Modimo le ho badimo ba heso." [s]
"Ho sebetsa ka thata le hona ho nthusa hore ke hlole takatso ya dithethefatsi," o boletse jwalo Nina.
Senyaka o lapeng mane Soweto - ha a sa senya tjhelete ya hae ka dithethefatsi.
MOLEFE SEBATIE
pale ka FORCE KHASHANE
Setumo, matlotlo le dithethefatsi (2): Mahlatsipa a SA
O tswile diheleng
"Nako le nako ha ke utlwa ke di lakatsa tlolo, ke etela sebakeng sa ho lokiswa ha dimelo," ho bolela Tyamara.
BONA SESOTHO - March 2007
"O tlameha ho tjhentjha bophelo ka ho feletseng," ke keletso ya Kabelo.
ROELENE PRINSLOO
