sotho.2478.ports
AFRIKA BORWA e na le dikou tse tsheletseng tse laolwang ke Transnet National Port Authority. Tsona ke Thekong, East London, Richards Bay, Port Elizabeth, Kapa le Saldanha.
Ho na le e ntjha ya Ngqura e tla ahwa haufinyane ka leboya botjhabela ho Port Elizabeth.
MOSSEL BAY e ne e thehwe ke Bartholomeu Diaz wa Portugal ka 1488. E ne e bitswa Bay of Saint Blaise mme ya tjhentjhwa ke Paulos van Caerden wa Holland e leng yena ya neng a fumane hore kou ena e na le ditlhapi.
RICHARDS BAY ke yona e kgolo ho feta tsohle ka boholo ba 30km² nokeng ya Mhlatuze lebopong le ka leboya ho KZN. E ne e ntjhafatswe ka 1976 ha kengwa diporo tsa terene le dipeipi tsa oli le kgase tse lebang Johannesburg.
KALK BAY yona ke sebaka sa ho tshwasa ditlhapi ka lebopong le ka Kapa Bophirima.
VICTORIA le ALFRED BASINS - ena e ne e thehwe e le kou ya Kapa mme jwale e se e le sebaka sa bohahlaudi se bitswang Cape Town Waterfront. Kou ena e ntse e sebetsa le kajeno.
Thekong
Ho tloha dikoung tsa SA ho tla lapeng la hao
Dikou di bohlokwa maphelong a rona - diaparo tseo re di aparang, dijo tseo re dijang esitana le dikoloi tseo re mathang ka tsona di romelwa Afrika Borwa ka dikou tsena
...THEKONG ke ya borobong ka ho ba maphathephathe lefatsheng. E na le disebediswa tse pele dinaheng tse ka borwa ho Afrika le diporo tsa terene tsa bolelele ba 302km.
Ka 1976, e ne e amohela dikhonteina tse 6 000 ka kgwedi mme ka 2004/5 teng tsa nyolohela ho 96 882. Foto e bontshwa ho laollwang khonteina ya mabele.
...PORT ELIZABETH e nka karolo ya bohlokwa ho tsa temo le temothuho le ho romelwa ha ditholwana tse bodila le ulu. Kou ena e tsebisahala haholo yona ka ho amohela thepa e ommeng, ke ka hona ditone tse fetang dimilione tse 2,7 tsa manganese ya ho etsa tshepe e romelwang dinaheng tse ding koung ena.
...SALDANHA iron ore e romelwa ka kou ena feela. E ne e qale ho sebediswa ka 1976 mme ho tloha hoo e se e rometse ditone tse dimilione di 400.
...KAPA, e boela e bitswe ka Table Bay ka yona ho romelwa haholo ditholwana e boele e sebedisetswe ho lokisa dikepe. Dikepe tsa bohahlaudi di ratela ho yona.
BONA SESOTHO - November 2007
e bokeleditswe ke ZAMANDELU MNCWANGO
Kapa
Kou ya Kapa e ne e amohele diketswana tse 3 003 ka 2006/7
Saldanha
Kou ya Thekong feela e na le basebeletsi ba 35 000 - e leng batho ba ka tlalang ditekesi tse 2 180 tse rwalang batho ba 16
Tse etsahalang...
Dikoung tsa rona
Tsohle ka mafapha a tsona...
Mona dikoung, ho na le mafapha a laolwang ke Transnet Port Terminals (TPT). Mona re bua ka dikarolwana moo sekepe se laollang kapa hona ho laitsa merwalo teng.
Dikou tsa Afrika Borwa di se di le kaofela di na le mafapha a 16. Di arotswe ka mekga e mene ho ya ka mefuta ya thepa ya teng: dikoloi, dikhonteina, dithoto tse kgolo le tse ikgethang.
Kou ya Thekong ke yona e maphathephathe, naheng ena le Afrika yohle. E na le mafapha a tsheletseng a mefuta e fapafapaneng ya thepa mme e na le kabelo ya 65 lekgolong phaellong eo Afrika Borwa e e fumanang ka dikou.
Mabitso a ikgethang
Berth: Ke sebaka moo sekepe kapa seketswana se emisang kapa se pakang teng.
Dock: Moo dikepe di lokisetswang teng.
Container: E sebedisetswa ho kenya thepa mme e laitswe sekepeng. Sa boholo ba bohato ba maoto a 20 ke sona se tlwaelehileng lefatsheng ka bophara. Tsa boholo ba a 40 jwale di a ata hobane ho tsamaiswa ha thepa ho lefellwa ho ya ka khonteina.
TEU: Di sebedisetswa ho kala boholo ba sekepe. TEU e le nngwe e ka lekana le 38,5m³.
Bulk cargo: Ena ke karolwana thepenghadi e laiditsweng sekepeng, re ka etsa mohlala ka mashala, tshepe le dithollo.
Break-bulk: Ena ke thepa eo ka lebaka la boima, boholo kapa maemo a yona e tlamehang ho kengwa ka hara dintho tse kang khatebote, lekese, pakana kapa moqomo.[s]
Dinaha tsa boahisane tse tlasa (SADC) le tsona di sebedisa dikou tsa Afrika Borwa tse 95 lekgolong thepeng yohle e tlang ho tsona.
Ke sekepe sa mofuta ofe?
RORO: Ke se etseditsweng ho laitsa thepa e nang le mabidi jwalo ka dikoloi, dikariki le materoko a terene. Ho na le dibaka tse entsweng moo thepa eo e kgonang ho itsamaela, e kena kapa e theolwa sekepeng.
CONTAINER: Ke se ahetsweng ho tsamaisa dikhonteina.
REEFER: Ke se ahetsweng ho tsamaisa dikhonteina tse nang le sehatsetsi mme se tsamaisa thepa e bolang jwalo ka ditholwana, nama, tlhapi, meroho le dihlahiswa tsa lebese.
BONA SESOTHO - November 2007
NA O NE O TSEBA?
Port ke sebaka se haufi le lewatle se ahetsweng ho laitsa le ho laolla dikepe. Ka nako e nngwe le dikepe tse tsamaisang batho le tsona di theola batho mona. Sebakeng sena ho na le disebediswa tsa ho theola thepa dikepeng.
Harbour yona e nyane ho na le se boletsweng ka hodimo mme yona e sebediswa ke diketswana tsena tsa ho tshwasa ditlhapi. Ho na le tsa tlhaho le tsa maiketsetso.
Ntlha e tsheheditsweng
