sotho.2476.food
MATHATA A DIJO - 1
Tlala e bakwa
ke eng?
MANANE A NYOLOHA KA SEKGAHLA!
Dijo di bitsa ka tsela e makatsang mme sena se etsa ho be boima ho isa pitsa ifo malapeng a mangata Afrika Borwa. Maemo ana a bakwa ke eng? BONA e fupuditse mme ya fumana a mang a matsapa a ka etswang ho hlola mathata ana... pale ka Wilma den Hartigh
DIJO di ntse di tla nyoloha Afrika Borwa. Ke seo ditsebi di se bolelang. Ba bolela hore ho se nyatswe balemi le boramabenkele ka sena. Bahlahise ba dijo, ba a thatafallwa ke ho hlahisetsa Afrika Borwa dijo tse anetseng ka lebaka la ho nyoloha ha ditjeho.
Ho nyoloha kgafetsa ha manane a oli le mafura a dikoloi, ho nyolotse ditjeho tsa borapolasi tlhahisong ya dijo. Ha se rona feela, ke sewa kgutlong tse nne tsa lefatshe.
Haesale dijothollo di ntse di fokotseha lefatsheng ka bophara ho tlhoha ka selemo sa 2000 mme ngwahola teng ho hlile ha ba hobe haholo.
Ho na le mabaka a bakang sena...
Maemo a mabe a lehodimo Yuropa le komello e neng e hlasetse Australia di bile le seabo ho sena.
Ho nyoloha ha moruo dinaheng tse ka botjhabela ho ile ha nyolla tlhokeho ya oli le mafura a dikoloi. Ho fokotseha ha dijothollo le tlhokeho e kgolo ya mafura a dikoloi ho ile ha nyolla manane a dijo.
Ho nyoloha hona ha oli ho ile ha thefula balemi ba Afrika Borwa haholo. Ho bitsa ha mafura a dikoloi le manyolo, ho ile ha nyolla manane a dijo haholo.
"Ha maemo ana a sa ntlafale, dijo di ntse di tla tura ho ya ho ile," ho rialo Louw Steytler, mookamedi wa Agri Free State.
Dipalopalo di bontsha hore ditjeho tlhahisong ya koro, di se di nyolohile ka 62 lekgolong, ha tsa poone tsona di nyolohile ka 50 lekgolong.
Ho na le dihlahiswa tse ding tseo ditjeho tsa tsona di nyolohileng pakeng tsa 14 le 400 lekgolong, ho bolela Lindie Botha, ramoruo wa ha Agricultural Business Chamber.
O tswetse pele a bolela hore e se e le mathata a maholo ho romelwa ha dijo tse tswang dinaheng tsa kantle Afrika Borwa hobane lenane la dijo tse amohelwang ho tswa dinaheng tsa kantle, le feta la tse tswang naheng ena.
"Re mathateng a maholo jwalo ka ha re tshepetse mananeng a matjhaba," ke yena eo.
E nngwe taba e sa tlamehang ho tlodiswa mahlo, ke taba ya hore ho setlela ha moruo dinaheng tse kang China, India, Brazil, Russia le Afrika Borwa, ho nyolla tlhokeho ya dijo haholo, ho bolela Prof Johan Willemse, ramoruo wa tsa temo Yunivesithing ya Foreisitata.
Seo ha se bolele hore ho hlokahala dijo tse ngata bakeng sa batho ba bangata, empa ke hobane batho e ba barui mme ba qale ho itjella dimenyemenye tseo ba di ratang.
Bahlahise ba dijo he ba tla ba le setlamo sa ho hlahisa mofuta oo batho ba o hlokang.
HA re tla naheng ena, ho na le seo re tlamehang ho se lekola ha re tla tabeng ya ho nyoloha ha manane a dijo: ho kgutlisetswa ha mobu bathong, masepala e mong wa Limpopo o boletse ha ditseko tsena tsa mobu di bile le ditlamorao tse mpe lebatoweng leo.
"Temo e theohile ka 50 lekgolo, e leng se bakilweng ke sena," ke yena eo.
Empa he, ke yena hape, ho bohlokwa hore re tsebe hore ho kgutliswa ha mobu ha se bona bothata.
Bothata ke hobane ba unneng mobu, ha ba a ka ba thuswa hore ba etse hore mobu oo o ba tswele molemo.
"Ha ba kgone ho etsa letho ka mobu ona," ho bolela Botha.
Batho ba unneng mobu, ba tlameha ho rupellwa. Ba ke ke ba nehwa mobu, ho fele ha jwalo feela. Dilemong tse 15 tse fetileng, balemi ba ka bang 15 000, ba ile ba tswa indastering ena, ho bolela Prof Willemse.
Ha jwale, re saletswe ke balemi ba ka bang 40 000 feela naheng ena, mme re ke ke ra kgona ho lahlehelwa ke bona. Ha ho ka ba jwalo, ho ka mpefala haholo mananeng a dijo.
Mmuso o tlameha ho shebisisa leano la mmuso wa China, ho bolela Willemse.
China ho tloswa balemi ba banyane ba dibakeng tsa mahaeng ba tliswe ditoropong moo ba fihlang ba nehwe mesebetsi mme dipolasing tsa bona ho lengwe mefuta e meng ya dijo. Sephetho sa sena e ba ho theoha ha dijo.
"China e rata ho sebedisetsa mobu o mongata tlhahisong ya dijo. Empa Afrika Borwa yona e etsa ka tsela e mokgelo ho ena," ke yena eo.
KE ntho e fe e nngwe e ka etswang? Re tlameha ho itjhentjhela manane ka ho rata ha rona? Tjhe, ho bolela Ernst Janovsky, hlooho ya karolo e shebaneng le tsa temo ha ABSA. "Ho tla ba kotsi haholo moruong wa naha hore ho tjhentjhwe manane feela a dijo.
"Balemi ba ka emisa tlhahiso ya dijo hobane ba tla be ba se ba sebeletsa tahlehelo mme ka lebaka leo, dijo di tla fokola - e leng seo re sa tlamehang ho ingamangama ka sona ha jwale," ho hlalosa yena.
"Ho tjhentjha manane, ke ntho e ka senyang ditaba haholo eo." ho bolela Lauw Steytler wa ha Agri Free State. "Ke utlwelana haholo le batho bana ba tlamehang ho sebedisa tjhelete e ngata dijong, empa he re tlameha ho nahana ka tharollo," ke yena eo.
Nnete ke hore, e nngwe tharollo bothateng bona ba manane a hodimo a dijo. E bobebe, balemi ba Afrika Borwa ba tlameha ho hlahisa dijo tse ngata.
Empa re a bona hore ha ho bobebe hore sena re se fihlele.
Taba ya pele, ho tlameha ho kengwe tjhelete e ngata ho tsa temo - Banka ya Lefatshe e boletse hore sena ha se etsahale dinaheng tse sa ntseng di tswelapele mme ke sona sesosa sa mathata ana.
Taba ya bobedi, mmuso o tlameha ho kenya tjhelete e ngata ho tsa dipatlisiso ka tsa temo hore Afrika Borwa e be maemong a matjhaba ho tsa temo.
Balemi ba bangata ba inahanela feela ka se etsahalang ka motsotso ona, ha ba nahane ka se ka etsahalang nakong e tlang, ho hlokomedisa Lindie Botha, wa Agricultural Business Chamber.
"Jwalo ka ha tswala ya kadimo ya ditjhelete e nyolohile, ho tla ba boima ho balemi ho boela ba tjhaya hantle ho lekana jwalo ka pele hore ba tsebe ho fumana tumello ya ho reka ka mokitlane," ho bolela yena hape.
Ha ho ka etswa diphuputso jwalo ka nako, le kotulo e tla ntlafala. O entse mohlala ka hore ha ho ka ntlafatswa dipatlisiso ka poone eo e leng sehlahiswa sa bohlokwa - e seng bathong feela, empa le diphoofolong, ho ka ba molemo haholo. Dikgomo le dikgoho di phela ka poone mme ha poone e foloka, ho tla tura ho di fepa.
Ho tura hoo, ho ka nyolla lenane la nama mabenkeleng.
E nngwe taba eo mmuso o tlamehang ho e lekola, ke ho ntlafatsa ditsela, haholoholo mahaeng.
Sena se ka theola lenane la bohobe, ha re etsa mohlala.
"Sekgahla sa 37 lekgolong sa ho nyoloha ha thekiso ya bohobe, se bakwa ke ditjeho tsa ho bo tsamaisa. Ha mmuso o ka ntlafatsa ho tsamaiswa ha thoto ka diterene, ditjeho tseo di ka theoha," ho bolela Botha.
HA RE phethela, leha ho tura ha dijo e le mathata, hape leha Banka ya Lefatshe e bolela ha sena se tla tswelapele dilemo tse supileng ho ya ho tse robedi tse tlang, empa tse monate ke hore, ha re a tlameha ho kgathatseha ka ho fokola ha dijo ha jwale.
Selemong sena, re lebeletse kotulo ya ditone tse dimilione di 11 tsa poone - kotulo ena e feta ya ngwahola e neng e le ditone tse dimilione di tsheletseng.
"Balemi ba molemo haholo bophelong ba rona," ho rialo Botha. [s]
BONA SESOTHO July 2008
LITARA PETEROLE
750ml OLI YA HO PHEHA
6 MAHE
LOFO BOHOBE BO BOSOTHO
Bona ka moo manane a dijo tsa bohlokwa le mafura a dikoloi a nyolohileng ka sekgahla ka teng ka nako le motsotso.
LITARA LEBESE
BONA SESOTHO July 2008
1kg REISI
GRAPHIC: PATRICIA McCRACKEN & KYLE YOUNG
ya ho nyoloha ha bohobe e bakwa ke ho thothwa ha bona
DITLANKANA TSA DIJO
E nngwe tharollo bothateng ba ho bitsa ha dijo ke ho sebedisa ditlankana tsa theolelo esitana le tshehetso thekong ya dijo.
Ernst Janovsky wa ha ABSA, o bolela ha ena e le keletso e ntle ha feela e tla tsamaiswa ka nepo.
O re mokgwa o mong o ka sebediswang, ke o tsamaisanang le pei ena ya bana. "Ba fumanang pei ya bana, ba hloka le thuso ya nyehlisetso ya dijo," ho bolela yena.
Tobias Doyer, hlooho ya agribusiness ha Santam o dumellana le leano la ditlankana tsa theolelo ya dijo.
Leha ho le jwalo, o boletse ha sena e ke ke ya ba tharollo ya moshwelella hobane e ka etsa batho ba tshepele tabeng ya ho kgaketswa.
"Re na le boikarabelo ba ho shebana le bafutsana, empa re se lebale hore moketa ho tsoswa o itekang," ho hlokomedisa," Doyer.
Empa ba futsanehileng e le ka nnete ba tlameha ho thuswa leha ho le jwalo. "Haeba o sebedisa sekoto sa moputso wa hao dijong, mme dijo di nyoloha ka 50 lekgolong, ho bolela hore o ke se kgone ho ja," ho bolela Doyer.
