sotho.1148.ntataise
Bokamoso bo botle
Ruta bana
pale ka FORCE KHASHANE
ditshwantsho ka JULIA KUPKA
HO DUTSE ho tletlejwa ka ho theoha ha maemo a thuto. Empa nnete ke hore le hara mathata ao e kgolo katleho eo re seng re e fihletse - hape maemo a ya a ntse a nyoloha!
Thutong, motheo e tla dula e le ntho ya bohlokwa.
Ke hona mona moo Ntataise e kenang teng.
Ntataise, ke monyetla oo mokgatlo ona o seng tlasa taolo ya mmuso, o o sebedisitseng ka ho hlahisa thuto ya ba banyenyane dipolasing. Empa lekgetlong lena Ntataise ha e tataise bana feela, e boetse hape e rupella batho ba baholo ka bokgoni ba ho thusa bana ba bona hore ba atlehe thutong. Seo se etsahetse polasing ya Foreisitata sebakeng sa Viljoenskroon dilemong tsa bo 1970, ha moqolotsi wa mehleng le mohatsa rapolasi, Jane Evans, ba ne ba amohela phephetso ya ho qala leano la sekolo sa ba banyenyane sa basebetsi ba dipolasing. Ka thuso ya Dawn Haggie, presidente wa African Self Help Association le Denise Parkinson wa lefapha la tsa bophelo bo botle la Johannesburg City Council, Evans o ile a kgona ho fumana thuso eo a neng a e hloka ho qala Huntersvlei Farm Pre-School.
Leano lena la boela la sebeletsa ho thusa basadi ba sebetsang le ba dulang dipolasing. "Maikemisetso ke ho thusa basadi le bana," ho hlalosa Evans.
Boramapolasi ba bang ba babedi le bona ba ne ba mo kope ho ba thusa ho theha sekolo se kang seo. Leano lena le ne le atlehe mme Evans a hlokomela hore ba ka nna ba ba mehlala setjhabeng.
Ka tshehetso ya ditjhelete eo ba neng ba e fumana dinaheng tsa mose dilemo tse tharo kaofela - ka 1980, Ntataise e ne e thehwe. Ka 1999 Evans a fumana kgau ya "The Rector's Gold Medal" a e nehwa ke Johannesburg College Of Education ka nehelo ya hae ntshetsopeleng ya thuto. Ka 1995, Ntataise ya eba yona ya pele ya ho fumana tshehetso ho President Award bakeng sa nehelo ya yona thutong haholoholo karolong ya ba banyenyane.
Lydia Motsoeneng, mohokahanyi wa thupello, monnae o se a sebeditse polasing dilemo tse 15. "Nna ke ne ke sa sebetse ke bile ke se na menyetla e metle ya ho fumana mosebetsi hobane ke sa ruteha. Eitse ha ke utlwa hore ho bulwa keretjhe polasing eo ke dulang ho yona, ke ne ke tlolele hodimo leha e ne e le ntho e ntjhantjha naheng ena bathong ba phelang dipolasing," ho bolela yena.
Seo Bonny Ntsoeleng mmoho le baithaopi ba bang ba se bolelang ke hore ba hlokometse hantle hore lena leano ke le hlophiseditsweng ho ntlafatsa maphelo a bona. "Re ne re sebetsa ka thata ho bokelletsa tjhelete ya ditlhoko tse ding tsa thupello ya bana mme le kajeno ha re so fumane tjhelete e lekaneng hore le rona re fumane moputso wa kgwedi," ho hlalosa Evans. "Re ka be re se maemong ao re leng ho ona kajeno hoja e se ka tshehetso eo ya mose."
Batho ba bang ba ne ba nahana hore ka leano lena la thuto ya ba banyenyane, re tla kgothalletsa bana ho se hlomphe ka malapeng. "Ba ne ba nahana hore bana ba tla hola ba sa hlomphe, ba tella batswadi esitana le matitjhere ka nako eo ba seng ba kena sekolo," ho bolela Ntsoeleng.
Kajeno dintho di tjhentjhile. "Batswadi ba se ba tshehetsa leano lena ka ho feletseng."
"Re se re kgona ho buisana le bona ka dintho tse ngata tse kenyeleditseng le lefu la EITSI, tlhokeho ya mesebetsi le moferefere malapeng."
Ntataise e tjhentjha maphelo a batho mme Ntsoeleng le Motsoeneng ke sesupo sa seo.
Matitjhere ana a mabedi a nang le boiphihlelo a se a kile a etela naheng ya USA makgetlo a mabedi - e leng seo ba neng ba sa se nahane le ho se nahana bophelong ba bona.
"Maetong ao, re ithutile ka moo batswadi le bana ba dibakeng tse futsanehileng ba phedisanang ka teng dinaheng tse ding tsa lefatshe. Thupello eo ya mose e re thusitse hore re tsebe ho arolelana tsebo ya rona le matitjhere a mang ao re sebetsang le ona mme re kgone ho hlahisa sephetho se setle maphelong a setjhaba," ho bolela Motsoeneng.
"Kajeno bana ba bangata bao re butseng leano lena ka bona ba bala diyunivesithing, ha ba bang e le matitjhere. Ba bang ba re kopa ho ba thusa ka ditlhalosetso ka nako eo ba etsang dipatlisiso dithutong tsa bona tsa yunivesithi."
Ntataise jwale e fetetse le mekhukhung. Ho se ho butswe dikolo tse 15 tsa Ntataise sebakeng se le seng!
"Keretjhe e molemo haholo bakeng sa thuto ya bana ba banyenyane ba tswang malapeng a se nang menyetla, ba se nang dintho tse molemo tsa ho bapala tse hlokahalang kgolong ya bana. E thusa bana ka menyetla e metle ya ho hola mmeleng le kelellong mme hape ba tsebe ho hola ba sebedisana hantle le batho ba bang, ba rutwe ho itlhokomela le ho hlokomela ba bang esitana le ho hlonepha dintho tsa batho ba bang esitana le tsa tlhaho. E thusa bana ka motheo o tiileng wa thuto eo ba tla dula ba e hloka bophelong bohle ba bona," ho bolela Jane Evans. [s]
BONA SESOTHO - January 2006
Ho thuswa bana le basadi ba mahaeng - ho nyolla maemo a bona a bophelo
1. Keretjhe ya Thabang, lekeisheneng la Rammulutsi, Viljoenskroon.
2. Bana ba banyenyane ba hlahisa neo ya bona ya bonono.
3. Jane Evans, ya neng a thehe leano la Ntataise.
4. Ba na le nako le ya ho palama dikoloi tsa bona tsa ditoro!
5. Bonny Ntsoeleng (le letshehadi) le Lydia Motsoeneng (le letona) le titjhere ya Thabang, Miriam Makgalanyane.
6. Matitjhere le bana ba tjhentjhana ka ho palama sefofane.
7. Dikolo tsena tsa Ntataise di se di tjhentjhile bophelo ba bana le batho ba baholo ba bangata ba dulang dipolasing.
BONA SESOTHO - January 2006
