sotho.1018.yourman_motoring
E ntle ho ba batjha dipelong
O tla natefelwa ke ho e kganna, e bulehile bakeng sa ho palamisa lelapa kaofela. E na le tsohle tsa bohlokwa athe le theko ya yona e ntle. Ntho e mpe feela ka Proton Persona ke hore ha e tsebisahale hantle Afrika Borwa
PROTON ke koloi ya Malaysia eo haufinyane e tla beng e tsebisahala Afrika Borwa, haholo ena ya Persona e ka rekisa hantle. Persona e kgotsofatsa ho feta dikoloi tse ding tse boemong ba yona ka moetso le ditjeho. E na le enjine e matla ya 1,6-litre e tshwarang hantle (ke tshwanelo hobane baetsi ba Proton le Lotus sport car ke ya bona). Geabox ya yona ke ya five-speed ya manual ke e nngwe ya tse ntle haholo, o tjhentjha dikiare ha monate ho feta dikoloi tse bitsang ka hodimo hole le yona.
E boetse hape e na le dintho tsohle tsa polokeho tse hlokahalang koloing. Ntle ho tse tlwaelehileng jwalo ka aircon, difenstere tsa motlakase le sebapala mmino, Persona e na le motjhini o bontshang hore e ja petrole jwang, e na le mabone a mohodi ka pele le ka morao, mamati a inotlela ka boona ha koloi e tloha le tlhokomediso ha o se o tla tjhaisa ha o tjhetjha, o e paka. Maemo a yona a polokeho a hodimo haholo, e na le airbags tse pedi ka pele hape mabidi a yona ha a tlame ha o hata mariki tlasa maemo a tshohanyetso.
Ka R155 000, o ka tswa le yona Proton Persona. E bulehile athe le boot ya yona e kgolo, ke koloi e ntle ya lelapa.
Se hlole o e tshaba hobane o re ke ya moetso o sa tsebisahaleng naheng ena. Dikoloi tsa Proton di rekwa mose ke khampane e kgolo kgwebong ya dikoloi Afrika Borwa, Associated Motor Holdings ka hoo le ditshepe tsa yona di tla fumaneha, ha ho hlokahala. Ha o e rata, e reke ka letswalo le thotseng! [s]
Pale: Gavin Foster
DIKOLOI
E REKISE HAPE
Na ho bohlokwa ho rekisa koloi ya kgale ha o reka e nngwe- Ho ya ka hore o batla ho lefa bokae hape o batla ho boloka koloi e ntjha nako e kae pele o e qhala. Ha o batla koloi ya kgale e sa bitseng, e tla o thusa ho o isa mona le mane feela, ho lebella ho kgutlelwa ke tjhelete mohla o e rekisang ha ho bohlokwa ho wena, o batla e maemong a matle feela ka nako eo. Ke bothoto ho se reke koloi ya R30 000 hobane o sa rate mmala kapa moetso wa yona.
Hape, ha o reka koloi e ntjha, mohlomong ka R180 000, ho bohlokwa ho e shebisisa hantle hore o tla kgutlelwa ke bokae ha o e rekisa.
Dikoloi tse rekiswang ka bongata ha di le ntjha - jwalo ka tsa Toyota Corolla kapa Volkswagen Golf - di a ratwa, mme ba se nang matla a ho ithekela tse ntjha, ba kgotsofalla tsa kgale tse sa ntseng di phetse hantle.
Athe ha koloi eo o e batlang, mohlomong e ena le dikgwedi tse 10, ha se ba bangata ba batlang dikoloi tsa kgale ba tlang ho thabela ho e reka.
O ka nna wa sebedisetsa monyetla ona molemong wa hao. Kenya monga yona tlasa kgatello ka hore o theole ditjeho tsa thekiso ya yona, o ntlafatse menyetla ya hao ya ho kgutlelwa ke tjhelete mohla wena o e rekisang.
