sotho.2460.computers
HA O TSEBE letho ka dikhomputara" O ferekanngwa ke mabitsobitso a tsona" Se kgathatsehe, ho bonolo ho feta ka moo batho ba bolelang ka teng - hape ho batla khomputara eo o e rekang ha se mosebetsi o boima hohang...
Ho reka e nepahetseng
Bohato ba pele ke ho tseba hore o e batlela ho etsang ka yona.
O tla e sebedisetsa ho etsa mosebetsi, ho bapala, ho mamela mmino, ho sheba Internet, kapa mohlomong o e hlokela dithuto tsa bana ba hao kapa ho etsa ditshwantsho kapa tsona dingolwa tsa phatlalatso"
O tla e sebedisetsa feela ho hokahanngwa le Internet le ho romela melaetsa ya e-mail"
Ha o se o tseba hantle seo o tla se etsa ka yona, batla mofuta wa 'software' o tla o hloka, o tla tseba ho phetha mesebetsi ena kaofela hape ntho ya bohlokwa ke mofuta wa 'hardware' o tla o hloka o tla dumellana hantle le 'software' o e kgethileng. Haeba o hloka ho tlanya mangolo feela le hore bana ba ithute ka yona kapa o tla bala lenane la tshebediso ya ditjhelete ka lapeng, o sebedise le Internet hape o romelle metswalle ya hao melaetsa ya e-mail, ho bolelang hore e tlwaelehileng feela e tla loka.
Athe ha o tla e sebedisetsa kgwebo teng, o tla hloka e matla ho feta moo.
E ntjha e betere
Dikhomputara tse ntjha di se di le theko e ntle ke ka hona ho leng molemo ho reka yona ho ena le ya kgale. Khomputara e ntjha e tla tshwarella nako e telele hape e sebetsa ka bokgabane.
Ho bohlokwa ho kgetha ya khampane e tshepahalang e bileng e nang le tiisetso (nako ya tiisetso bonyane e lokela ho ba selemo) hape ba kgone ho o thusa ha o ena le mathata ka mora ho e reka.
Sena se bohlokwa haholo bathong ba bileng ba sa tlwaelang le ho sebetsa ka khomputara. Balokise ba dikhomputara ba bitsa haholo ke ka hona ho leng bohlokwa ho fumana e nang le tiisetso ya selemo.
Bongata ba dikhomputara bo fumaneha mmoho le leano la yona la tshebetso jwalo ka Windows XP. Athe theko ya e nngwe yona e kenyeletsa le 'software package', ke ka hona ho leng bohlokwa hore o hle o iphe nako ya ho botsisisa.
'Hardware' le 'software'
'Hardware' ke dikarolo tsa khomputara ka sebele. Ka mantswe a mang, ke dikarolo tsohle tsa khompurata tseo o di bonang ka mahlo mohlomong tse kenyeletsang le 'printer'.
Ho na le maano a sebediswang ho e laela khomputara ho etsa mosebetsi jwalo ka 'Windows' le a mang a mangatangata jwalo ka dipapadi le 'word processing systems' e kang 'WordPerfect', tseo tsohle di bitswa 'software'.
'Hardware' ha e tjhentjhwe athe 'software' o ka e tjhentjha ka bonolo. Dikhomputara di ka kgona ho etsa mosebetsi ho fihlella maemong a itseng. Di hloka ho laelwa ho etsa sena le sane ka ho sebedisa maano a tsona ao hape a bitswang ka hore ke 'applications'. Maano ana a thusa khomputara hore e tsebe ho utlwisisa seo e laelwang ho se etsa. 'Software' ya motheo e bitswa 'operating system'. Ntle ho yona motho a ke ke a tseba ho sebedisa khomputara. 'Operating system' e ratwang haholo ke 'Windows', eo o rekang khomputara e se ntse e ena le yona.
Internet
O tlanya hanngwe feela lefatshe lohle le ba ka pela mahlo a hao!
O kgona ho fumana ditlhalosetso ka sehlooho sefe kapa sefe seo o se batlang ho tswa dimilioneng tsa batho lefatsheng ka bophara. O ka boela hape wa lefa melato ya hao hona moo ho Internet, o beheletse tekete, o banke kapa o etse eng feela eo o ka e nahanang.
O kgona le ho ngollana le metswalle yohle ya hao le ba leloko ka yona khomputara ka ho sebedisa e-mail ho sa kgathallele hore ba karolong efe ya lefatshe mme hape ka ditjeho tse tlase hole ho tsa mohala.
O ka boela hape wa fumana kapa wa romela ditshwantsho mmoho le ditokomane tse ding tsa bohlokwa.
Batho ba bangata ba sebedisang Internet ba tla o tiisetsa hore ha ba bone ka moo ba ka boelang ba phela ka teng ntle ho yona.
Ha o reka khomputara e ntjha, e tla fihla e se e ena le 'software' ya e-mail.
Hokahanngwa
Hore o be le 'Internet', o tla hloka khomputara, 'moderm' le 'Web Browser', e kang 'Microsoft Internet Explorer'. O tla lokela ho ingodisetsa ho lefella Internet Service Provider (ISP) kgwedi le kgwedi. ISP ke khampane e etsang hore batho le dikhampane di kgone ho fumana Internet. E lefellwa jwalo ka kgwedi.[s]
Fumana e nang le di-program!
Wena le khomputara
BONA SESOTHO - March 2007
Haeba o nahana ho reka khomputara mme o tla balellwa hara dimilione tsa batho tse hokahanngwang ke Internet, o hloka ho hloma ka dintlha tsa bohlokwa pele o etsa qeto ya ho kgetha efe kapa efe...
ka GRACE KHUZWAYO
Tshireletso ya 'virus'
Hona le mosollane o bitswang 'virus' o senyang di-programs tsa khomputara, o romelwa ke batho ba lonya ba batlang ho bakela ba bang mathata feela dikhomputeng tsa bona. Tse ding tsa tsona di etsa tshenyo e kgolo ka ho hlakola ntho yohle khompureng. Di-virus tsena di jaleha ka 'Web pages,' ha tse ding, di romelwa ka e-mail e nang le tokomane e tsamaisanang le yona kapa ka ho sebedisa disk e sa sireletswang. O ka itshireletsa ka se bitswang 'anti-virus software' e kgonang ho hlahloba difaele tsohle mme e bolaye 'virus' hang ha e bonahala.
Ya hao ka molao
Romela mathata a hao ho BONA Legally Yours, Box 32083, Mobeni 4060 - mme o fumane monyetla wa ho buisana le leqwetha metsotso e 30 mahala, mohlomong dikantorong tsa ona hohle naheng ena kapa ka mohala.
Ke a hlekefetswa mosebetsing
BOTHATA: Motshwari wa ka mosebetsing o dutse a nkomanya nako e kgolo le e nyenyane. Ke ne ke bue le setho sa mokgatlo wa ka wa basebetsi empa se ne se hlolehe ho nthusa. Sena se etsa hore ke be ke nahane ho itokolla mosebetsing. Empa jwale ke hloka tjhelete.
Setho sena sa mokgatlo wa basebetsi se boletse hore motshwari enwa o ntshotla tjena hore ke tsebe ho ngongoreha ke tetebele maikutlo mme ke se kgone ho etsa mosebetsi wa ka hantle mme e be o se a fumana leqheka la ho nteleka! Ke etse jwang"
KELETSO YA HA SCORPION: Ho itokolla ha hao mosebetsing ho tlameha ho ba tlasa lebaka la "ho lelekwa ka bohlale." Molao wa Labour Relations Act o hlalosa ha sena e le "ho kgaolwa ha tumellano ya mosebetsi ka lebaka la ho sotlwa ke motshwari mosebetsing."
Tsela e latelwang mona e hlile e boima jwalo ka ha o tlameha ho hlakisa hore motshwari wa hao o mpefaditse maemo a hao a ho sebetsa mme jwale tharollo e nngwe feela, ke ho itokolla mosebetsing.
O tlameha ho tsebisa mohiri wa hao mathata a hao ka lengolo mmoho le mehato o seng o e lekile le mokgatlo wa hao wa basebetsi ho leka ho rarolla pharela eo.
O tlameha ho neha mohiri wa hao nako e itseng jwalo ka matsatsi a mararo ho leka ho lokisa mathata ana a motshwari wa hao, o hlakise hape ho yena hore a sa etse jwalo, ha o na boikgethelo, o tla tlameha ho itokolla mosebetsing.
Ho bohlokwa ho hlakisa hore o lekile matsapa ohle pele o nka qeto ya ho itokolla. Re o eletsa ho ba le kopano le batsamaise ba ka sehloohong ba khampane mmoho le molaodi kakaretso wa teng pele o ka nka qeto ya ho itokolla.
Mabapi le ho tetebela maikutlo, molao jwale o hlokomedisa bahiri hore ba qobe ho nka diqeto tse tla tetebetsa basebetsi maikutlo.
Molao o qobella mohiri ho fuputsa sesosa sa ho tetebela maikutlo ha mosebeletsi. Haeba diphuputso di bontsha hore sesosa ke ho tshwarwa bohlaswa, (jwalo ka tabeng ena ya hao), mohiri o tlameha ho nka bohato pele a ka bolela ha o sa kgone ho etsa mosebetsi wa hao ka nepo.
Haeba o ba le mathata a ho fumana leqwetha le ka o thusang, o ka ikopanya le kantoro ya ha Scorpion e haufi le wena mme bona ba tla ba motlotlo ho o fumanela leqwetha le tla o
thusa. [s]
O e tlisetswa ke ba ha BONA le Scorpion Legal Protection
Re netefaditse hore dikeletso tsohle tseo re di nehwang ke tse nepahetseng. Empa nnete ke hore nyewe ka nngwe e hloka ho fuputswa mme Scorpion Legal Protection (Pty) Ltd, ditho tsa BONA le baphatlalatsi ba makasine ena, ba ke ke a rwala boikarabello ba ha motho a hlotswe ke nyewe kapa a utlwisitswe bohloko ka mokgwa ofe kapa ofe hobane a ile a latela dikeletso tseo re faneng ka tsona.
BONA SESOTHO - March 2007
DI NKILWE KE DIBONTSHI
