sotho.2457.health
MATLA A BOPHELO
BASADING ke kenkere ya letswele e tshajwang haholo. Banneng ke ya marete. Phapang mefuteng ena e mmedi leha e tshabeha, ya marete e hlasela monna a le mong hara ba 250 - mme hape e alafeha ka katleho ho feta mefuta e meng yohle.
Leha ho le jwalo, bashemane ba ntse ba lokela ho itlhokomela ka tshwanelo. Mohlomong ke ka hona marete a bitswang, bonnna ba motho. A utlwe....
Ke eng
Ke tlhala e holang ka potlako e kgolo mareteng e bileng e jalehang ka pele ka hara ona.
Sesosa sa yona ha se tsejwe. Leha ho le jwalo ho dumelwa ha menyetla e meholo ya ho hlasela ha yona e ba matla ho ba nang le kokwanahloko ya HIV le bao ditho tsa lelapa la habo bona di kileng tsa eba le yona. Ha se nnete hore e ka kwala pelehi monneng.
Ena kankere e ka nna ya hlasela monna ofe kapa ofe. Leha e hlasela monna a le mong ho ba lekgolo hara mefuta yohle ya kankere banneng, empa e matla haholo bahlankaneng ba dilemo di pakeng tsa 15 le 40.
E hlahlobe
Ere ka ha ho na le menyetla e meholo ya ho alafeha ka katleho ha e fumanehile e sa qala, ditsebi di eletsa banna ho itlhahloba kgwedi le kgwedi ka mora ho hlapa ka metsi a tjhesang, hobane mokotla wa ona o ebe o sa ntse o sarolohile hantle.
O batla sekaqana se sebopeho e kang sa erekise. Hape, o netefatsa hore marete a fela a le thatana a bile a thella ha o a thetsa kapa tjhe?
Lerete le nang le tlhala le ka nna la ruruha, ha le leng le ka nna la honyela ho feta le leng hobane tlhala eo e kotsi e ebe e se e hutse madi tlolo.
Sesupo se ka kenyeletsa le ho opelwa ke seholoholo kapa ke mokotla wa marete; ho ba le motswako wa madi lerong la bonna; le ho kgathala ho feta tekanyo.
Kalafo
Ha o nahana hore ho na le phoso mmeleng, o lokela ho ya ngakeng bakeng sa tlhahlobo kapa o ye tliliniking hanghang kapa hona kajeno! Se nna o ithetsa ka matlanyana a bonna! Kapa o nahane hore ho tla iphella! Ho ya ngakeng ho ke ke ha o bakela mathata hohang empa ho tla o thusa!
Itete sebete. Eba monna wa makgonthe. Lokisa maemo ana, ntle ho moo, o tla be o ipitsetsa masisapelo dikgweding tse mmalwa tse latelang.
Re hatella taba ena hobane batho ba tshaba ho ya batla kalafo hobane ba nahana hore e tla ba bohloko, empa ha ho jwalo. Hobane ha o fela o ena le kankere ya marete e le ka nnete, lerete leo le tla ntshwa.
Ereka ha kankere ya mofuta ona e kgona ho alafeha ka bonolo, ho a totobala hore le ho ata ha yona mmeleng ho bonolo. Ho molemo ho ntsha tlhala eo lereteng ho ena le ho e dumella ho a senya hohang.
Ka nako e nngwe ho ba molemo ho ntsha lerete leo kaofela ho thibela hore tlhala e se hlole e mela hape - hobane e ka qetella e jetse kankere mmeleng kaofela.
Kalafo eo e bitswa inguinal orchiectomy - e leng lentswe le tshosang ba bangata - empa nnete ke hore ho hlokahala lerete le le leng feela bakeng sa pelehi le sohle seo e etsahalang ho ona seo e leng sa bohlokwa mmele wa monna.
Ka mora opereishene - ho ya ka maemo ao kankere e neng e se e le ho ona - e ka nna ya hloka ho tjheswa (radiation therapy le chemotherapy). Empa ntle ho moo, ha ho lebaka le ka etsang hore o se boele o kgona ho natefelwa ke bophelo hape jwalo ka pele, hantle jwalo ka motho ya so kang a eba le mathata a kankere - hape le menyetla ya hore e boele e hlasele hape e ba menyenyane - athe o ka boela wa ba le bana ba bangata ka hohle ka moo o ratang ka teng.
Ha re phetha...
Kankere ya mofuta ona ha e sa alafuwe ka tshwanelo, e ka nna ya jaleha mmele kaofela mme qetellong e bolaye motho. Athe hape e ka senya bophelo ba motho, ke ka hona ho leng molemo ho dumela ho ntshwa lerete le le leng feela. Hape - se nahane dintho disele. Hang ha o ena le se o belaetsang, buisana le ditsebi tsa bophelo ba botle.
Dula o hlahloba marete a hao nako le nako! [s]
Bakeng sa ditlhalosetso tse ding
Bakeng sa dikeletso tse tlwaelehileng le tataiso eo o e hlokang ho Internet o ka e fumana ho: checkemlads.com. O ka boela wa fumana le dikeletso tse ding tsa bohlokwa tseo o ka di sebedisang ho Website - ke ho fela ha seo o ka se etsang ho netefatsa hore o dula o phetse hantle le hore kankere e se o tsometse.
BONA SESOTHO September 2008
Ke mofuta wa kankere o
alafehang ka katleho ho feta mefuta e meng yohle - ha feela e hlokomelehile mme ya ba ya qala ho alashwa e sa qala... Pale ka Isaac Kwela
KA 1996, kankere e ne e ate mmeleng wa Lance Armstrong, ya namela le bokong le matshwafong. Ke ka moo lefu lena le leng kotsi ka teng ha le sa alashwe. Kalafo ya hae e ne e kenyeletse le opereishene bokong le mareteng, ka mora moo a tjheswa mme a kula haholo. Empa a ba betere ka mora nako, a tswelapele le bophelo ba hae, a hapa le tlhodisano ya Tour de France a roba rekote ka ho ba mohlodi dilemo di latellana ho tloha ka 1999 - 2005 - mme yaeba sebui se hlwahlwa sa ho thusa setjhaba ho fumana kankere ena e sa qala hore e tsebe ho alashwa ka katleho.
Kankere ya marete
1. SE NWE MERIANA YA KGALE
Dingaka di neha bakudi meriana bakeng sa mafu a itseng - moriana wa mokgokgothwane ha o tshwane le wa sefuba, ha re etsa mohlala. Ka hoo, se nahane hore ha feela o kgohlela kapa o tswile lekgopho, o ka sebedisa moriana ofe kapa ofe o teng ka tlung.
Meriana e tshwana le dijo, e fellwa ke nako. Hang ha o se o fetilwe ke nako, ha o sebetse ka tshwanelo mme ho kotsi ho o nwa.
2. LAHLA MERIANA
Hlahloba meriana hore ha e so fellwe ke nako, bonyane dikgweding tse ding le tse ding tse tsheletseng, mme o lahle e seng e feletswe ke nako.
Ha moriana o sa ngolwa hore o fellwa ke nako neng mme o se o ena le dikgwedi tse tsheletseng o le teng ka tlung, ho totobetse hore ke wa kgale, o lokela ho lahlwa.
Sebedisa dijana tse kang sa ice-cream ho arola meriana, ya maemo a tshohanyetso le ya mafu a sa alafeheng haeba ho ena le mokudi ya jwalo ka lapeng. Hona ho tla nolofatsa mosebetsi wa ho hlwekisa.
3. QHALA MERIANA HANTLE Lorraine Osman wa Pharmaceutical Society Of SA o re hopotsa ka bohlaswa bo re hlolang re bo bone bo etswa ke dipetlele ha di lahla meriana hohle - empa bareki bona ba lokela ho rarolla mathata ana, ba se ke ba eba sesosa sa ona hohang. Ka hoo, isa meriana yohle o batlang ho e lahla khemiseng e haufi le sebaka sa heno hore e lahlwe ka mokgwa o bolokehileng.
Phema ho lahlela dipidisi kapa meriana ka ntlwaneng hore e tsamaye le metsi, mohlomong le dintho tse kang dinale tsa kgale tsa lefu la tswekere. Hape o pheme le ho qhalla meriana ya kgale diphaepeng tsa ditshila - kapa ho e lahla feela ka hara dithole - hobane e qetella e silafaditse metsi mme a senye dimela kapa e bolaye ditlhapi tseo ka nako e nngwe re di tshwasetsang ho di ja, hape ho silafatsa le moya oo re o hemang hobane dimela ha di kgone ho ntsha dikhemikhale tse hlwekileng, ke ka hona ditshila tsa meriana di qetellang di kene diphaepheng tsa metsi.
Patricia McCracken [s]
BAKENG SA DITLHALOSETSO
Buisana le boraditaba ba haufi le sebaka sa heno Bekeng ya Dikhemesi ya la 1-7 Loetse 2008.
mekgwa ya ho boloka meriana
BONA SESOTHO September 2008
NNETE: Diphaepeng tse hlano tse lekilweng, tse nne tsa tsona di silafaditswa ke meriana ya dingaka ho ya ka moo dipalopalo tsa US di bontshitseng ka teng ka 2002. Ditlhapi di ile tsa tjhentjha mokgwa wa pelehi haholoholo tse ngata tse tona ha di tshwantshwa le tse tshehadi. Ha ho tsejwe tshenyo eo di ka nnang tsa e etsa bathong....
MATLA A BAREKI
