SOTHO.244.sis sarah
botsa sis sarah
KE dilemo di 18 ha ke so ka ke ratana. Ho na le mosetsana eo ke mmoneng empa ke tshaba ho ipeha.
Ha ke tsebe le hore ke tla e qala ka kae eo taba, empa ke mo rata ka pelo yohle ya ka. Ke kopa keletso ya hao.
DS, Bothaville
Tsohle di na le qalo! Ho sa kgathallehe keletso ya ka kapa se atlehisang metswalle ya hao - se molemo ho ba bang, se ka nna sa se ke sa ba molemo ho ba bang.
Ntlha ya pele... se potlakele dintho. Se lebelle hore o tla tlolela hodimo hang ha o mo fereha. Se lebelle le hore o tla thabela ho intsha le wena hanghang!
O a mo rata empa ha a tsebe. Ho potlakela dintho ho ka nna ha mo tshosa.
Hape...etsa dipatlisiso hantle ka yena, hona ho tla o thusa hore o be le seo o ka qoqang le yena ka sona seo a se thabelang ho ena le ho bua ka dintho tse sa mo kgahleng hohang.
Se be le yena nako e telele mohla o qalang ho qoqa le yena. Leka ho etsa hore le tsebane, a hlokomele hore o thabela ho qoqa le yena - ho tla ba bonolo ho mmuisa hape ka le hlahlamang ha o se o mmona kae kapa kae.
Hape... mamedisisa ha a bua le wena!
Ho bohlokwa haholo! Ha ho ntho e tenang jwalo ka motho ya qalang ho o buisa mme a bue lolololo a ithorise, a sa batle le ho tseba seo wena o se nahanang ka yena leha o bua a sa o mamele.
Mo fe nako ya ho bua le yena mme o mo mamele ka hloko.
Keletso ya ka ke hore - iketle. Ha o iketlile hantle, o tla hlahella ho yena o le motho ya itshepang ya tsebang seo a se batlang mosading mme basadi bohle ba rata banna ba jwalo!
98 BONA SESOTHO - March 2008
O qala dikamano tsa lerato tsa pele bophelong ba hao!
SE NKILWE KE DIBONTSHI
Ke lenyalo... kapa lefu"
Ke dilemo di 39, ke dilemo di 20 ke nyetswe, ke na le bana ba bararo, ya 20, 16 le 7. Monna wa ka o se a qala ho ntlhekefetsa ha a tahilwe. Ba leloko ba se ba lekile ho mo kgalema empa ha ho phapang.
Ke bile ke nahana ho kgaola lenyalo ke hlolwa ke hore ha ke na tjhelete. Mathata a mang ke a ngwana ya monyenyane mme ke qetile le pelo ya ka hore ke tla mo siya ho molamo.
Ke tla be ke etsa phoso ka ho mo hlala kapa ke lokela ho dula le yena ho fihlela a mpolaya" (Ha ke sheba seo a nketsang sona, ha ke bone se tla mo thibela hore a mpolaye ka le leng!)
MMM, Qwaqwa
Ha se nna ya ka o bolellang hore o hlale kapa tjhe empa hoja le nna ke ne ke le maemong a kang ao, ke ne ke tla nahana jwalo ka wena.
Ho na le mabaka a ka etsa hore o mo hlale - kapa o mamelle lenyalo leo! Ka ho mamella, o tla ipha nako ya ho etsa qeto e phethahetseng ya hore o a tswa lenyalong leo kapa tjhe!
Ho bua nnete, dilemo tse 20 lenyalong ha se masawana. Monna wa hao o a o hlekefetsa ke a dumela, empa ke wena ya lokelang ho nka bohato ba ho fedisa tlhekefetso eo kapa ho e dumella ho tswela pele.
Na o kile wa mo batlela thuso mohlomong ho Alcoholics Anonymous" Tabakgolo e tla ba ho etsa a amohele hore o na le mathata a tahi, o tla latola bosehla hantle jwalo ka matahwa a mang. Ho bolelang hore ha a sa batle ho thuswa ha ho letho leo o ka le etsang.
Ha o siya ngwana le molamo wa hao, lelapa le ka nna la kopana ka wena, ba o hanela ho boela o mmona hape. Ebe ke seo o se batlang"
Iphe monyetla wa ho nahana ka dintho tsena e seng hore o mo hlale kapa o se ka mo hlala. Qeto e lokela ho tswa ho wena hobane ke wena ya tla tobana le ditlamorao.
Ha bophelo ba hao bo le kotsing, o tla tlameha ho kgaola lenyalo leo le hona ka pele.
Matsale ya lonya
Ke dilemo di 10 ke nyetswe ke phela ha monate - matsale wa ka ha a so ka o tlohela ho nnyatsa. Ha ho letho leo ke mo etsetsang lona le mo kgahlang - ho tloha mophehong ho ya kgodisong ya bana, ho hlwekisa le ho hlatswa. Ekaba ke lokela ho etsa jwang hore a tle a kgotsofale"
Sibongile G, Bloemfontein
O amohelehile! Dimilione tsa dingwetsi kantle ka mona di lla sello seo - le wena ha o ena le mora, o ka nna wa ba matsale ya jwalo dilemong tse mmalwa tse tlang.
Bomme ba na le kgatello ya ho batla ho dula ba sireletsa bara ba bona. Leha ba se ba hodile ba ena le dikgarebe, ba nyetse, ba bona eka ba a nyenyefatswa, ba itseke.
O bona eka o nkile sebaka sa hae bophelo ba morahae. Ba bang jwalo ka wa hao, ba ntsha bohloko ba bona ka ho hlekefetsa dingwetsi.
Buisana le yena ka kutlwelobohloko. Mo hlokomedise hore o tseba ka moo a ikutlwang ka teng empa morahae o se a na le lelapa jwale mme a kgaohane le lona hore le iketsetse dintho ka moo le ratang ka teng.
Mo tiisetse hore ha o hloka keletso kapa thuso, o tla tla ho yena.
Ha a nyefola ka moo o etsang dintho ka teng, iphe nako, o mo hlalosetse dintlha le mabaka. Ho dula le buisana kgafetsa ka taba ena ho ka le thusa ho feta hore le nne le qheshelelane.
Lenyalo le bodutu
Ke dilemo di 35 ha tsa monnaka di le 33. Ka 2002, o ne a be le ngwana le motswalle wa ka. O ne a hlola a tlisitse basadi bao a ratanang le bona lapeng ha ke le siyo.
Ke ne ke tsebe hore o na le kokwanahloko ya HIV le pele a mpolella. Le nna ka etsa diteko mme ka fumana hore ke tshwaetsehile. O ntse a tswelapele ho robala le basadi ba bang ntle ho dikgohlopo, o bile o re a ke ke a shwe a le mong, o tla shwa le basadi ba bangata jwalo ka ha le yena a tshwaeditswe ke e mong wa bona.
Ke a mo rata empa ha ke rate seo a se etsang. Ha re sa dula mmoho empa ke utlwela bohloko basadi bao a ntseng a sasanka le bona. Ke lokela ho etsa jwang"
TLM, Heidelberg
Pelo ya monnao e bohloko e tletse boiphetetso, o batla ho utlwisa basadi ba bangata bohloko. O ke ke wa fetola se etsahetseng - empa o ka kgona ho lokisa bokamoso. Ha ho makatse hore o mo utlwele bohloko hobane o sa ntse o mo rata mme o lakatsa ho mo thusa.
Ke nahana hore ha se motho eo o ka mo tshepang, ho leka ho boloka lenyalo la lona ho ke ke ha o thusa ka letho. Empa o ka thusa hore a se senye maphelo a batho ba bang. Mo kgothaletse ho ya buisana le ditsebi tse thobang ba kenweng ke kokwanahloko ya EITSI maikutlo hore a tsebe ho fumana mokgwa wa ho tobana le bohloko ba hae.
Ho bohloko ho mmona a sasanka le basadi ba bang, empa o lokela ho ipotsa hore na ba na le bokamoso na kapa tjhe. Ho ya ka lengolo la hao, ke bona ekare ho betere haholo ha a le siyo bophelong ba hao. [s]
Ela hloko:
Sis Sarah ha na
bokgoni ba ho rarolla mathata a tsa bophelo bo botle. Le kotjwa ho buisana le dingaka tsa lona kapa le ye tliliniking ha le ena le mathata
a mofuta ona.
Na ebe o na le mathata a tsa thobalano, dikamano tsa lerato kapa a mang feela a bophelo" Nngolle, ke Sis Sarah mme ke tla o araba ka botshepehi. Ka bomadimabe ha ke na tseba ho araba motho ka mong ka hoo, ke kopa o bale karolo ena ya makasine ke hona moo ke tla o araba teng. Hopola hore ha re arolelana ka mathata a ke ke a re hlola le kgale! Ngolla ho: Botsa Sis Sarah, Box 32083, Mobeni 4060
BONA SESOTHO - March 2008 99
