sotho.2449.soccer homecoming
DIBAPADI tse ngata tse neng di bapala mose, di kgutlile jwale ho tla bapala sehleng sa lehae. Hara tsona re ka bala Katlego Mphela wa Supersport United, Josta Dladla wa Mamelodi Sundowns mmoho le Dillon Sheppard ya kgutletseng ho yona Mamelodi Sundowns.
Hobaneng ba rerile ho kgutla"
Josta Dladla yena o ne a tlameha ho kgetha pakeng tsa sehlopha sa hae sa Danmark, AGF Aarhus kapa Bafana Bafana.
Ke ne ke sa bitsetswe ho tla bapalla sehlopha sa naha leha ke ne ke bapala ka bokgabane sehlopheng sa AGF Aarhus," ke yena eo a belaela hore bohole e bile lona lebakabaka.
"Ke nahanne hore mohlomong ha ke kgutlile ke le haufi le bakwetlisi ba Bafana Bafana, mohlomong ba tla ntlhokomela."
Empa he nakong eo Dladla a sa ntsane a tsielehile, hore a kgethe pakeng tsa ho dula mose kapa ho kgutlela kwano, ka ho le leng Dillon Sheppard le Katlego Mphela ba ne ba tobane le pela di falla.
"Ke bile le mathata le beng ba sehlopha," ho hlalosa Sheppard, ya bapallang Panionios mane Greece.
"Ho ne ho fele dikgwedi tse pedi ke sa fumane moputso mme ka tlameha ho shebisisa maemo a ka a ditjhelete.
"Ke ile ka hlokomela hape hore ho kgutlela lapeng ho tla etsa ke kgone ho tsoseletsa papadi ya ka hantle."
O ne a lemale, e leng se neng se etse hore a se bapale kgafetsa.
"Ka hoo, ke kgutlile mme jwale ke ikwetlisa le Sundowns."
Mphela ya neng a bapalla Brusburg mane Fora, le yena o ne a be le mathata le batsamaise ba sehlopha.
"Ho ne ho phakise ha ntlhakela hore ke ne ke hlile ke se thatohatsi ho mokwetlisi jwalo ka ha ke ne ke dutse ke ba e mong wa malebela," ke yena eo.
"Ke ne ke tobe batsamaise ba sehlopha ka ba kopa hore ba kadimane ka nna ho Supersport United hobane ke ne ke rata ho bapalla sehlopha se seng."
Ntle le ho phoqeha hoo a neng a ho fumane Greece, Sheppard o re ha a ikwahlaye. "Ho bapala mose ho ne ho ntlafatse papadi ya ka," ke yena eo.
Sena ke se neng se bolelwe ke Dladla. "Papadi ya mose e hlile e thata mme ke ne ke phakise ka hlokomela hore ke tlameha ho itlwaetsa ho ikwetlisa hore ke tsebe ho kwena. Ho ne ho se potang, ke ne ke tlameha ho shebana le mmele wa ka."
Ke ile ka ba lehlohonolo hore ke kgone ho ikamahanya le sehlopha sa dintlafatso sa Brusburg. "Ke moo ke neng ke kgone ho ntlafatsa papadi ya ka teng," ke yena eo.
Dibapadi tsena jwale di rata ho re bontsha seo di ithutileng sona mose. "Dibapadi tsa Afrika Borwa di na le boiphihlelo ha di bapiswa le tsa Yuropa, empa di mpa di hloka bokgoni ba ho sireletsa dibolo tse rahwang kgahlano le bona ha ba ahlotswe ka lebaleng."
Dladla o dumellana le sena. "Dibapadi tsa Yuropa di ikemiseditse ho feta rona kwano.
"Nka etsa mohlala ka hore, ha ke ne ke tloha mona, ke ne ke le forose e hlakothisang, ke sa ikgathatse ka hore ha bolo e lahleha, ke kgutle ho tla thiba morao.
"Ho bapala mose ho nthutile ho ba lehohle. Jwale ke se ke tseba hore ha ke lahlehelwa ke bolo, ke kgutle ho tla thusa dibapadi tsa morao."
Leha ho le jwalo, o ntse a dumela hore bolo ya rona ya "malekeisheneng" e ntse e le e ikgethang ho rona.
"Re tlameha ho sebedisa tsela ya rona empa re e kopanye kapa hona ho e tswaka le maikemisetso a matle ao re a bonang papading ya Mayuropa," ke yena eo.
"Ke a tshepa re ka kgona ho etsa seo, haholoholo jwalo ka ha ho le teng ba kang rona ba kileng ba bapala teng, ba tsebang hore seo ba se etsa jwang.
"Re tlameha ho ba hlasela ka melamu ya bona ha re ka kgona ho sebedisa mokgwa wa bona re o kopanye le ona wa rona. Re ka tswa pele Afrika esitana le lefatsheng ka bophara," ho bolela Dladla.
Mphela o bona hore boiphihlelo boo a bo fumaneng ke bopaki ba seo a buang ka sona. "Ke bile Liking ya Premiership dikgwedi tse 18, empa ke kgonne ho hlaba dintlha tse leshome."
O kgothatsa thaka e tshesane hore e sebedise menyetla ya ho ya ntlafatsa papadi ya bona matjhabeng.
"Ha o le sebapadi sa profeshenale, o tlameha ho dula o le maemong ao - o le lebaleng kapa tjhe," ho tlatselletse yena Dladla.
"Ntho eo re tlamehang ho ithuta yona dibapading tsa Yuropa - ke ho ba maemong a profeshenale."
Jwalo ka ha dibapadi tse mose di ntse di kgutla ka bonngwe, seo se bolela hore bolo ya lehae e tla ntlafala. Seo se ka etsahala haholoholo haeba re ka kgona ho kopanya kgabane tsena tsa bolo ya mose le tsa kwano. [s]
BONA SESOTHO - December 2006
Dillon Sheppard.
Di kgutlela hae
dibapadi tsa rona
Kgabane tse ntjha
Ba tsheletse mose ho ya ntshetsapele bokgoni ba bona, jwale ba kgutletse ho tla hlakisa seo
pale ka TEDDY GOMBA
ditshwantsho ka TOUCHLINE PHOTO
Katlego Mphela.
Josta Dladla.
BONA SESOTHO - December 2006
