sotho.1146.petrol
HA KE NE KE qala ho kganna koloi dilemong tsa bo 1970, litara ya petrole e ne e bitsa 9c feela. Ho tloha ka nako eo palo ya dikoloi mebileng ya habo rona e se e nyolohile haholo - hape mebuso lefatsheng lohle e se e hlokometse hore boramakoloi ke bona bommadihlofa.
Ha ho bonahale ekare ho tla ba le phapang nengneng, ka hoo ke ho ikopisa hlooho feela ho nahana hore theko ya petrole e tla theoha. Hlokomela petrole e ka koloing jwalo ka ha o hlokometse tjhelete ya hao e bankeng, o netefatse ho fumana molemo wa litara ka nngwe eo o e lefelletseng.
Se sebedise koloi haholo. Empa hoo ha ho bolele hore o se ye dibakeng tseo o di ratang tsa boithabiso. Ha o ilo bona motswalle ya dula haufi le wena, o ka nna wa ikela ka maoto. Athe ha ho kgoneha o ka tsamaisana le mosebetsimmoho le wena kapa yena motswalle, ka beke e nngwe le ye mosebetsing ka koloi ya hae ka e latelang le ye ka ya hao, jwalojwalo.
O tla ipolokela tjhelete ya petrole empa ditshenyehelo tsa dithaere le ho kgohlahana ha ditshepe tsona di tla be ntse di eme mme o tla ba le tjheletenyana lehlakoreng eo o ka tlatseletsang ka yona.
Ha litara ya petrole e le R5,80 mme koloi ya hao e tsamaya dikolomitara tse 10 ka litara ka nngwe, ho bolela hore o lefa 60c ka kilomitara ka nngwe eo o e tsamayang. Leeto lena la dikilomitara tse 40 le bitsa R24 ka letsatsi mme le etse R480 ka kgwedi. Ho tjhentjhana le motswalle ka dikoloi ho ka o thusa ho boloka R240 ka kgwedi.
Ha o se o sa nke maeto a seng bohlokwa hakaalo, jwale re tla shebisisa mokgwa o kgannang ka ona. O ka boloka petrole jwang"
Boloka koloi ya hao e le maemong a matle. Air filter kapa di-spark plug tse ditshila di etsa hore koloi e je petrole e ngata.
Netefatsa hore mabidi a koloi ya hao a na le moya o lekaneng hantle. Mabidi a nang le moya o monyenyane a etsa hore koloi e hule petrole e ngata hape a phakise ho phumuha.
Hlahloba mabidi hore a se phumuhe ka mmoho mme o ise koloi hore e etswe 'wheel alignment' hore a dule a tsetsitse hantle. Mathata ana a mabidi ha a sa emelwe ka maoto ka nako, a ka bitsa tjhelete e ngata ho a lokisa hape le koloi e je petrole e ngata.
Rekota ka moo koloi ya hao e jang petrole ka teng. Ka ho etsa jwalo o kgona ho bona mathata hang feela ha a qala mme o nke bohato bo nepahetseng.
Se dumise koloi e sa tsamaye, o re o a e futhumetsa. Dumisa koloi metsotswana feela hore oli e tsamaye pele o e tlosa butle ho fihlela lesiba la mofuthu le o bontsha hore e futhumetse ho lekana.
Phema ho tsamaya o ema. Ha diroboto di kwetse, fokotsa lebelo hore o fihle ho tsona mohlomong di se di butse - hona ho tla o bolokela petrole. Phahamisa leoto le ka lehlakoreng le letona mme o fokotse lebelo butlebutle o ntse o hlokometse hore roboto e tjhentjhe.
Hlophisa maeto ka kgopolo ya ho boloka petrole. Leeto le lelelele la mmileng o moholo le ka nka petrole e nyenyane ho feta ha o tsamaya ka mmila o mokgutshwane empa o nang le dintho tse ngata tse tla tsamaya di o emisa.
Ka dinako tsohle emisa koloi ya hao hantle jwalo ka ha ekare o ema hodima lehe leo o tshabang ho le pshatla! Fokotsa lebelo hantle ha o theohela mme o dumelle koloi ho boela e nyolla lebelo hape ha o qeta motheo.
Nyolla dikiara hantle o se emele hore koloi e thefulehe. Ha e fellwa ke matla ha e nyoloha moepeng, theola kiara feela mme o tswelepele o se nyolle lebelo.
Kwala difestere nako le nako ha o kganna - ha di butswe, moya o kena ka matla mme o hulela koloi morao e leng se etsang hore e tsamaye ka thata.
Ha o kganna vene, e kwaele leha e le ka seili ka morao. Ha e le e se nang tente kapa yona seile, ho molemo o bule lemati le ka morao hore moya o tsebe ho tswa ntle ho moo o tla hulela koloi morao.
Se ikgathatse ka dietswa tse rekiswang hohle mona tseo ho thweng di thusa koloi hore e se je petrole e ngata. Ha di sebetse hohang! Hape o se tswake oli ya koloi le eng kapa eng hobane o e bona papatsong - bahlahise ba oli ba sebetsa ka thata hore ba hlahise oli e kgonang ho sebetsa ka bokgabane ntle le hore e nne e tswakwe le dintho disele.
Bongata ba rona re rata ho kganna ka lebelo le leholo ka dinako tse ding mme hona le dibaka mmoho le dinako tse dumellanang le seo. Ho kganna ka lebelo le leholo ka dinako tsohle ho ka nna ha o senyetsa tjhelete hobane o tla dula o ahlolwa ka thata ke mapolesa a mebileng hape le koloi ya hao e tla ja petrole e ngata athe se sebe ka ho fetisisa, ke hore ho kotsi. O tla ipolokela tjhelete hape koloi ya hao e tla o qhoba nako e telele ho feta ka moo o neng o lebelletse![s]
Se senye petrole
Mekgwa ya ho ipolokela tjhelete
KA HODIMO: Shhhhhhhh! Ke modumo o tlwaelehileng ha o tshela petrole...empa ho na le mekgwa e ka o thusang ho fumana molemo wa tjhelete ya hao.
Hlokomela petrole e koloing ya hao hantle jwalo ka ha o etsa tjheleteng ya hao e bankeng, mme o fumane molemo wa litara e nngwe le e nngwe eo o e lefelletseng ka thata...
pale ka GAVIN FOSTER
BONA SESOTHO - November 2005
u
Ke ya Hao ka Molao
O e tlisetswa ke BONA le Scorpion Legal Protection
Re entse matsapa ohle a ho netefatsa hore dikeletso tsa rona ke tse nepahetseng. Empa nnete ke hore nyewe ka nngwe e hloka ho fuputswa ka tshwanelo mme ba ha Scorpion Legal Protection (Pty) Ltd, ditho tsa yona esitana le ba ha BONA mmoho le baphatlalatsi ba makasine ena, ba ke se ke ba rwala boikarabello ba ditshenyehelo tseo motho ya latetseng dikeletso ya bona ka mokgwa ofe kapa ofe a keneng ho tsona.
BONA SESOTHO - November 2005
Ke kentswe ho credit bureau ka phoso
Ke moreki wa khampane e nngwe e rekisang ka poso mme jwale khampane ena e kentse lebitso la ka dibukeng tsa ba sa lefeng. Ke nahana hore ba entse sena ka bohlaswa ba bona ba ho se tsotelle.
Ba ne ba bale lenane la thepa eo ke neng ke e otorile habedi. Ke ne ke fumane thepa habedi, ka busetsa e nngwe, empa ba se hlakole tjhelete ya yona. Ke ne ke ntse ke lefa ka kgopolo ya hore ka leng leng ba tla nthomella lenaneo le nepahetseng la sekoloto sa ka.
Ba ne ba dutse ba kopa tshwarelo ba tshepisa hona le hwane, empa qetellong ba nkenya dibukeng tsa ba sa lefeng.
Ke ne ke tlohele ho lefa hobane ke sa tsebe hore ke se ke lefile bokae ho setse bokae.
Ha ke hane ho lefa, empa seo nke keng ka se etsa ke ho lefella lefeela. Ha jwale ke emetse lenaneo le nepahetseng la sekoloto sa ka.
Nthuseng hle""
MP, Masimula
Ha o kentswe dibukeng tsa ba sa lefeng, o ke ke wa hlola o dumellwa ho bula sekoloto kae kapa kae.
Ka hoo, o tlameha ho lokisa phoso ena ka potlako.
Ba ha Scorpion Legal Panel, ba dutse ba leka ka hohle ho eletsa babadi e le hore ba tle ba qobe ho lefa haholo maqwetheng.
Empa ho boima ho bua le ba ha credit bureau.
Ba dutse ba fumana makgolokgolo a ditletlebo ho tswa setjhabeng mme bongata ba tsona ke tse fosahetseng kapa tse tswang bathong ba sa utlwesiseng molao.
Sena se etsa ho be boima ho ba ha credit bureau ho sebetsa tletlebo ya motho ka potlako.
Re o eletsa hore o batle leqwetha le tla o thusa ho fuputsa hore na o fela o le dibukeng tsa ba sa lefeng, haeba ho le jwalo, le tla o thusa ho ntsha lebitso la hao moo. Haeba ho hlile ho le jwalo, leqwetha le tla o thusa hore khampane eo e o romelle dintlha tse nepahetseng ka sekoloto sa hao, o se lefelle lefeela.
Ho bebofaletsa leqwetha mosebetsi, le nehe ditokomane tsohle tse kang mangolo, diresiti le mangolo a posong ao o nang le ona ha jwale.
Se emele hore leqwetha le be le kope ditokomane tseo o tsebang hantle hore di tla hlokahala.
Netefatsa hore o tshwere ditlhoko tsohle ha o ya leqwetheng.
Haeba ho na le motho eo e neng e le paki tabeng ena, tsamaya le yena ha o ya leqwetheng. Sena se tla o bolokela tjhelete le nako ya hore o se nna o nyolosa o theosa hape le taba ya hao e utlwahale betere.
Haeba o na le bothata ba ho fumana leqwetha, o ka ikopanya le kantoro ya ha Scorpion Legal Protection e haufi le wena.[s]
Romela mathata a hao ho: BONA Legally Yours, Box 32083, Mobeni 4060. Scorpion e fa bohle ba re ngoletseng ka mathata a bona lengolo le ba dumellang ho buisana le mmuelli mahlomahlong metsotso e 30, a le kantorong e nngwe ya bona naheng ena kapa o bue le yena mohaleng.
Rera maeto a hao, o boloke tjhelete
