sotho.2447.city ses'la
DINALEDI
FILIMI e qabolang ya SABC1, City Ses'la, e se e bapala ka Mantaha bosiu ka 7, ka mora hore e etse nalane dipaleng tse qabolang ka ho hohela babohi ba dimilione di tharo, selemong sa yona sa boraro e qadile e latela Generations.
Filimi ena e ntjha e dikarolo tse 26 e hlophiseditswe ho bapala ho fihlella mafelong a selemo sena - bang ba tla lebala le ho shebella ditaba. Empa ho hlokolosi haholo ho etsa metlae ka bophelo ba dipolotiki ba merafong, ho ya ka moo naledi, Tumi Masemola a bolelang ka teng.
"Re qadile ka ho e etsa hore e be ntlenyana. Babohi ba rona ha ba tenehele mese e mekgutshwane le dithaule," ho bolela yena.
"Bophelo ba Josi bo tletse dipolotiki. jwalo ka ba ditoropong tse ding tse kgolo. Empa re sheba maemo a ka nnang a natefisa kapa senya letsatsi la motho - ho lahlehelwa ke lengolo la ho kganna kapa ho tlatsa diforomo tsa lekgetho. Re etsa ekare ke bophelo ba nnete ba kajeno"
Tumi, Mandla Ndimande, Meren Reddy, Luke Rous le Nkuli Sibekaba ne ba kena sekolo mmoho mane AFDA film and TV college, Joburg. Ba ngola mmoho kgaolo ya filimi eo ba tla e isa ditekong, City Ses'la, e buang ka bophelo ba letsatsi ba barutwana ba dulang difoleteng tsa toropong ya Jozi. Ka 2004, ba ha SABC, etv le DStv ba hana hohang ho e amohela.
"Ra qetella re adimile R10 000 re batla ho hatisa dikgaolo tseo ka borona," ho bolela Meren. "Re dumela hore ke seo batjha ba batlang ho se bona ho TV. SABC ya hlokomela hore re tla le taba."
BA ETSA filimi ya bona ka thuso ya khampane ya ho hatisang ya Endemol, e seng e entse difilimi tse pele tse kang Isidingo le Big Brother. Ba tlanya motsheare le bosiu, ba ngola pale ena ya metlae e tla bapala metsotso e 24 kgaolo ka nngwe.
Kgatello ya eba matla le ho feta ka nako eo SABC1 e neng e kgutsufatsa matsatsi a bona, ba bolellwa hore City Ses'la e tla kena sebakeng sa Girlfriends, filimi ya Amerika eo e leng kgale e bapala.
"Ra sebetsa ka thata. Re ngola, re bile re bapala," ho bolela Tumi. "Re sa batle ho senya monyetla ona." City Ses'la ya ratwa di tloha feela. Ka 2006, e ne e se e shebellwa ke batho ba ballwang dimilioneng tse 2,8. Kajeno ha e hatisa kgaolo tse ntjha tsa yona moahong wa kgale wa ha SABC o mmileng wa Commissioner, tjarola ya rona Mandla Ndimande e sa ntse a itlwaetsa diphetoho tse tsamaisanang le bonaledi. Ho se ho bile ho ena le menyenyetsi ka dikamano tsa hae le Tumi leha bonneteng ba kile ba intsha mmoho kgale le pele Ses'la e qala.
"Ka nako e nngwe, ke hlolohelwa bophelo bo se nang sephethephethe," ho bolela Mandla. "Ha ke sa tseba ho ya meketjaneng le metswalle ya ka jwalo ka pele."
BOTLE bo a thusa. Letisha (Tumi) o hlahella e le pabala ya ngwanana le Phumzile (Thuli Thabethe) ke e mong eo bahlankana ba shwang ba ikepela ka yena. Ke e mong wa banana ba batle ba TV.
"Jozi ho dutse ho ena le diketsahalo tseo o ka etsang dipale ka tsona," ho bolela Tumi. "Ke nnete botle bo a thusa - o ka bona le dipapatsong.
"Ha a le motle feela, le rona re ka mo sebedisa ho City Ses'la ka ha re batla batho ba tshwanang le rona." Ka nako eo mme wa Tumi a neng a phetha dithuto tsa hae tsa kholetjhe, e ne e be e nngwe ya dikgaolo tse neng di ratwe haholo selemong se fetileng mme ha hlahiswa le mafahla a matjha Letisha le Patricia.
"Lelapa lohle la keteka. Ba etswa hohle naheng ena, borakgadi, bomangwane, bomalome, bonkgono, bomotswala le batjhana." Kopano eo ya ba lelapa e ne e qakehise Tumi beke kaofela a ya hodimo le tlase, a pheha, a hlahelwa ke mathata nako le nako.
Hona ho ne ho mo thuse ho fumana tse ngata tseo a ka ngolang ka tsona kgaolong e latelang. "Ke ne ke fihlelwe ke mohopolo ona o motle, wa hore Latisha a be le lefahla le ikgohomosang le nahanang hore le betere ho feta bohle. Babohi ba le rata haholo."
HO BOETSE hape ho bontsha le hore sehlopha sa City Ses'la se kgona ho amohela diphephetso tse kgolo, Tumi o tseba ho bapala dikarolo tsa batho ba babedi.
"Ke itwantsha ka bonna," ho bolela yena. "Ho Letisha ekare ke karolo ya bophelo ba ka ba nnete athe Patricia yena o na le boitshwaro boo ke lakatsang eka nka ba le bona ha ke kopana le batho ba nkopisang hlooho."
A kgutlile mafahla, a tella le ho feta pele jwale dikgaolong tsena tsa ka Mantaha bosiu. Banana ba bang ba City Ses'la, Phumzile, o qala kgathatso ka nako eo a bolelang hore Themba ke yena Mr Right wa hae.
"Phumzile ke karolo eo ba bangata ba lakatsang ho e bapala, empa tjhebeho ya hae e a babatseha ka sehlothohadi le mekgabiso ya sefahleho - ebile le babohi ba City Ses'la ha ba ntlhokomele ha ba kopana le nna," ho bolela Thuli Thabethe.
O qadile ho bapala ka 2006, ka mora ho hatisa mmino khampaneng ya Gallo le sehlopha sa Seed. "Ke ne ke bina sehlopheng seo mme ka se ke ka hlalefela ho sebedisa menyetla hantle," ho bolela yena. City Ses'la e nneha monyetla wa bobedi ho TV, ke sebetsa le batho ba kgothetseng."
"Ke ne ke ithuta tse ntjha letsatsi le letsatsi. Ke se ke bile ke qadile ho lokisa CD ya ka e tla hlahiswa lehlabuleng lena."[s]
BONA SESOTHO September 2008
Ho tloha ho le letshehadi: Tumi, Thuli le Nkuli.
City Ses'la e kgutlile e bile e monate le ho feta pele. Empa ho qabola batho matsatsing a kajeno ka bophelong ba dipolotiki ba merafong e se e le taba e hlokolosi haholo... Pale ka Doug Gordon
Ba tuma toropong
Luke Rous.
Mandla Ndimande.
Meren Reddy.
BONA SESOTHO September 2008
