sotho.2440.beauty
TSA BOTLE
Maoto a matle
Selemo se thwasitse jwalo kaha le lehodimo le se le qala ho futhumala mme ke nako jwale ya ho rwala dieta tse ntle tse bulehileng - ka hoo, ke nako ya ho lokisa maoto hore a shebahale hantle... Pale ka Charis Dawson
HAESALE maoto a le ka dikausing le ka dieteng tse futhumalang dikgwedi tse ka bang tharo kapa ho feta, a tla qala jwale ho bonahala hore a ne a sa hlokomelwa ka tshwanelo, ke nako jwale ya hore o qalelle ho a lokisa.
Tlhokomelo ya maoto ke ntho ya bohlokwa haholo, motho o bonahala ka ona ha a ithata leha a sa ithate - ke nnete e tswileng matsoho hore maoto a a shebisiswa!
Iphe nako ya ho lokisa maoto a hao bonyane habedi ka kgwedi, o latela mehato ena e bonolo mme o ke ke wa hlola o tshaba ho hlahisa menwana hara batho.
Seo o se hlokang
Nail polish remover (Leka: Cutex, R10,49; e a fumaneha ha Clicks)
Cotton wool (Leka: TLC Cotton Wool, R13,99 e nang le di-pads tse 80; e a fumaneha ha Clicks)
Nail clippers (Leka: Beauty Essentials, R19,99; e a fumaneha ha Clicks)
Pumice stone (Leka: Feet First pumice stone, R19,99 a le mabedi; a fumaneha ha Clicks)
Orange stick (Leka: Dischem orange sticks, R6,95 di le 11; di a fumaneha ha Dischem)
Setlolo (Leka: Dawn, Vitamin E hand and body cream, R11,99; e fumaneha Pick n Pay)
Metsi a nang le sesepa ka sejaneng mmoho le thaule e leswe.
O se lebale pholetjhe ya manala. O ka boela wa a pholetjha ka e mmala o metsi hore a shebahale ekare ke mmala wa tlhaho...
Seo o ka se etsang
1 Hlakola pholetjhe manaleng haeba o ne o itlotsitse ka yona.
2 Kuta manala hantle ho latela sebopeho sa menwana, o a lokise hantle mahlakoreng. Se a kutelle tlase haholo - hona ho ka etsa hore manala a holele hosele mme a be bohloko.
3 A inele ka metsing a fofo a nang le sesepa metsotso e 15-20. A kutletse ka pumice stone a sa le metsi - o sidile eka o etsa sedikadikwe, o tlose letlalwana le omelletseng mme a tla ba boreletsana a be bonolo.
4A hlakole ka thaule, pele o fata tlasa manala ho ntsha ditshila tse saletseng ka motsu wa orange stick. O se a fate ka matla, hobane o tla tloha o itematsa. Kgutlisetsa letlalwana hantle ka lehlakoreng le leng la orange stick.
5 A tlotse mme o a phuthele ka thaule e mongobo metsotso e 5-10. Hona ho tla nolofatsa letlalo haholoholo ha maoto a le ditlhetlhekwa. A pudutse hape metsotso e 10.
6 Hlakola lenala ka leng ka cotton wool e inetsweng ka hara polish remover ho tlosa setlolo se saletseng.
7 Kenya cotton wool pakeng tsa menwana. A tlotse ka pholetjhe e mmalana, o e tlohele hore e ome. E phete hape hore mmala o loye.
8 Athe ha o kgethile e mmala o metsi teng, o ka pheta kapa o tlotse sealer hore e tle e tshwarelle nako e telele. [s]
BONA SESOTHO September 2008
BONA April 2008
