sotho.2437.yourman_coaching
DIKELETSO
Ithute ho raha ka
MAOTO A MABEDI
Ka moo bontate ba ka thusang bara ba bona ka boiphihlelo ba bohlokwa bolong
Sihle Cindi le morahae ya dilemo di 11, Simphiwe.
HAEBA o batla ho ba sebapadi se hlwahlwa, o tlameha ho raha ka maoto kaofela. Ho jwalo feela, ho bolela sebapadi sa morao sa mehleng sa Kaizer Chiefs, Johannes "Rhyder" Mofokeng. Ho tshwana le matsohong jwalo ka ha ho na le mantsoho le manqele, mme ho ba boima ho ruta ngwana ya dilemo di ka hodimo ho tse 12 ho raha ka maoto a mabedi, ho bolela Johannes. Ka nako ena, o tlameha a be a se a kgona ho sebedisa maoto ka bobedi.
Ke boikarabelo ba ntate ho thusa ngwanahae, o ka etsetsa sena jareteng ya hao!
Ka mehato ena e mene, ngwana o tlameha ho sebedisa lebatha le bokahodimo ba leoto:
Ha le se le ya karolong e latelang ya kwetliso, ho tla ya ka ngwana - a ka nna a nka matsatsi kapa dibeke. Mo tlohele, o se mo tatise.
Boikwetliso bona bo loketse le bana ba seng ba hodile ba ratang ho ithuta ho raha ka maoto a mabedi.
KWETLISO YA BOLO
1 MOHATO WA PELE: Beha ditene tse pedi mehato e mmedi ho tloha ho morahao. O tlameha ho rahela bolo diteneng, a etse sena makgetlo a leshome ka leoto le le leng. Sepheo mona ke ho kwetlisa leoto lena le sa tlwaelang le lena le tlwaetseng ho raha.
Haeba a se a tlwaetse ho sebedisa leoto lena a sa tlwaelang ho raha ka lona, tlosa setene se seng. (O tla tlwaela ka mora matsatsi kapa tsona dibeke - ha o a tlameha ho tata.)
Jwale o tla tlameha ho rahela bolo seteneng. Le mona o tlameha ho etsa sena makgetlo a leshome leoto ka leng.
2 MOHATO WA BOBEDI: Mona re ithuta ho raha ka bokahodimo ba leoto. Jwalo ka pele, ngwana o tlameha ho rahela bolo diteneng makgetlo a leshome leoto ka leng. Ha a se a kgona ka maoto ka bobedi, tlosa se seng setene.
3 BOHATO BA BORARO: Mona o tla tlosa bolo ka leoto le leng mme a e rahe ka le leng a e rahela diteneng tse pedi, a etse seo makgetlo a leshome ka leoto ka leng. Morahao o tlameha ho qala ka lebatha, a qetele ka bokahodimo ba leoto, ka ditene tse pedi, a qetelle ka se le seng.
4 MOHATO WA BONE: Ngwana jwale o se a tlwaetse mme o se a kgona ho etsa sena kgafetsa ha feela a ntse a ikemiseditse ka bolo. Mona ho kenyeletsa ho rahela bolo leboteng ka maoto a mabedi a sebedisa lebatha, a qetelle ka bokahodimo ba leoto. [s]
Pale: Force Khashane
Ditshwantsho: Hylton Spencer
