sotho.2432.maintenance
ka GRACE KHUZWAYO
Tseba ditokelo tsa hao
Mme e mong le e mong a ka fumana sapote ya ngwanahae ho ntata ngwana ba nyalane kapa ba sa nyalana
THANDI le Brian ba se ba "ratane" dilemo tse leshome jwale. Ba se ba bile ba na le bana ba bararo. Thandi o ne a sa sebetse mme Brian yena o ne a sebetsa, e le yena ya neng a sapota lelapa la hae. Ka le leng o ne a bolelle Thandi hore o se fumane mosadi e mong mme o se a tla ya dula le yena.
O ne a tshepise ho sapota Thandi le bana mme seo o ne a se etse dikgwedi, ha nako e ntse e tsamaya tjhelete ya qala ho fokotseha kgwedi le kgwedi ho fihlela e fela tu.
Bana ba qala ho lapa mme Thandi a ba a tlameha ho bonana le Brian.
"O tla ntshwarela," ke yena eo, "ke se ke na le e mong ngwana mme jwale nkeke ka kgona ho tswelapele le ho lefa." O ne a mo nehe R50 mme Thandi a kgutlela lapeng a thothomela ke pelo bohloko.
A ka hana jwang ho sapota bana ba hae" O ne a tla ba fepa, a ba rute a ba apese jwang bana bana a le mong"
Thandi o ne a nahana hore hobane ba ne ba sa nyalana le Brian, o ne a keke a kgona ho kenya kopo ya sapote, empa ka lehlohonolo, moahisane wa hae o ne a na le tsebo ka sapote. O ne a mmolelle hore leha ba sa nyalana, o ntse ana le tokelo ya ho kenya kopo ya sapote.
Ka lehlahlamang, Thandi o ne a tsohella tseleng a leba kantorong ya tsa sapote lekgotleng le haufi la Manki. Kantoro e ne e mo nehe lengolo la lekgotla le neng le hatella Brian hore a lefe sapote kgwedi le kgwedi. Ha jwale dintho di sa tsamaya hantle. Dikgweding tsena tse tsheletseng tse fetileng, o ne a ntse a e fumana tjhelete kgwedi le kgwedi ho tswa ho Brian. Ha Brian a ka kgaotsa hape, Thandi o tla tlameha ho qala qalong hape.
Molao le sapote
Molao o re batswadi ka bobedi ba tlameha ho sapota bana ba bona. Re bolela, dijo, diaparo, bodulo, bophelo bo botle le thuto.
Haeba ntate e le yena ya sebetsang mme yena a sa sebetse, ntate ke yena ya tlamehang ho sapota lelapa leo kaofela ho sa natsehe hore ba nyalane kapa tjhe. (Hangata e ba mme ya kenyang kopo ya sapote kgahlano le ntate.)
Ho etsahalang haeba e le ntate ya hodisang bana Leha hangata, sapote e ntshuwa ke bontate, haeba ntate e le yena ya hodisang bana, o na le tokelo ya ho kenya kopa ya sapote kgahlano le mme wa bana. Lekgotla le tla latela tsela e tshwanang jwalo ka ha kopo e kentswe ke mme.
Karolo ya nkgono le ntatemoholo
Haeba batswadi ba sa kgone ho sapota bana ba bona, boikarabelo boo bo wela ho nkgono le ntatemoholo wa ngwana kapa bana.
"Pele, molao o ne o ena le phapang pakeng tsa bana ba batho ba nyalaneng le ba sa nyalanang, e leng se neng se bontsha kgenthollo," ho hlalosa Cindy Delomoney, wa Family Law And Child Rights Project mane Campus Law Clinic, University Of KZN.
"Lekgotla le keke la hatella hore baholo ba bana ba sapote ditloholo ka bobedi haeba batswadi ba bona ba sa nyalana."
Ba tswalanang le bana kapa ba ba hodisang ba ka kenya kopo ya sapote ya bana kgahlano le batswadi kapa batswadibaholo ba bona.
O e fumana jwang kopo ya sapote
Hangata, taba ena e hlophiswa nakong eo ho hlophiswang ditaba tsa tlhalano.
Haeba ba sa nyalana, mme a ka kenya kopa e jwalo kgahlano le ntate haeba a bonahala a sa rate ho sapota bana bao ba hae. Kopo ena e ka nka nako e telele, empa o ka potlakisa lenaneo leo ka ho leka ho fana ka dintlha tsohle tse hlokahalang.
O hloka eng ho etsa sena
O ka etela kantoro ya ditaba tsa sapoto lekgotleng la manki le haufi le wena mme o kenye kopo ya hao teng.
Nka dintho tse latelang:
n Mabitso, aterese le moo ntata bana a sebetsang teng.
n Foto ya ntata bana haeba o na le yona.
n Bukana ya hao ya boitsebiso.
n Mangolo a tlhaho a bana.
n Lengolo le tswang sekolong haeba bana ba kena sekolo. (Ho netefatsa hore ba fela ba kena sekolo.)
n Khophi ya lengolo la tlhalano (haeba le hlalane mme wa se ke wa kenya kopo ka nako eo kapa o rata ho nyollelwa tjhelete eo o e fumanang.)
n Bopaki ba moputso wa hao haeba o sebetsa. (O ka tlisa lengolo la moputso kapa leha e le eng feela e ka bang bopaki ba moputso wa hao.)
n Diresiti kapa eng feela e ka bang bopaki ba ditjeho tsa hao tsa kgwedi le kgwedi. (Mona o ka bala rente, dipalangwang, motlakase, metsi, mohala, tjhelete ya sekolo, dijo, diaparo, ditefello tsa thepa ya ka tlung kapa leha e le dife feela ditjeho tsa ka lapeng.)
Mosebeletsi wa kantoro ya sapote o tla romela samane ho ntata bana e mmitsetsang kantorong eo. Ka letsatsi lena ka bobedi le tlameha ho ba teng kantorong e le hore le tle le tsebe ho dumellana kaofela ka lenane leo ntata bana a ka kgonang ho le lefa ka kgwedi.
Haeba a hloleha ho fihla kantorong eo ka letsatsi leo le behileng, taba ya hao e tla fetisetswa lekgotleng la sapote.
Ka nako e nngwe ntata ngwana a ka nna a latola hore ngwana kapa bana bao ho thweng a ba sapote ke wa hae. Haeba seo se etsahala, lekgotla le tla kopa ho etswe diteko tsa madi.
Mosebeletsi wa kantoro o tla hlahloba ditjeho tsa hao tsa kgwedi le kgwedi a ntse a shebile le moputso wa lona ka bobedi haeba ka bobedi le sebetsa.
Haeba le dumellana ka tjhelete eo le behelanang yona, ka bobedi le tla tlameha ho saena ka bobedi ka pela mosebeletsi eo hore le a dumellana ka tjhelete eo ka beke kapa ka kgwedi.
Haeba le sa dumellane, taba ya lona e tla fetisetswa lekgotleng la ditaba tsa sapote. Lekgotla le tla mamela batswadi ka bobedi le boele le hlahlobe le ditjeho tsa bona tsa kgwedi ka bobedi. Ka mora moo lekgotla le tla nka qeto ya hore ke bokae eo ntata bana a tlamehang ho sapota bana ka yona.
Ntate jwale o tla tlameha ho phethisa tshepiso, a lefe tjhelete eo ka beke kapa ka kgwedi ka ho ka tumellano. Ba ka dumellana hore na e tla lefuwa jwang, lekgotleng kapa e kengwe bankeng ya mme ho ikgaola maoto a ho nna ba ya lekgotleng.
Ke neng moo a tlamehang ho se lefe
Ke tlola molao hore motho a se lefe sapote empa a dumetse ho etsa jwalo. Motho ya etsang sena o behwa molato wa ho hloleha ho phetha tshepiso ya ho sapota mme a ka fumana kahlolo ya ho kwallwa ntlwanatshwana.
O mo emela matsatsi a leshome ka mora letsatsi le behilweng la ho lefa mme ha a sa lefe, o se o ka mo tlaleha kantorong ya ditaba tsa sapote. Kantoro e tla mo romella lengolo le mmitsetsang lekgotleng ho tla hlalosa hobaneng a sa phethisa tshepiso ya hae.
Haeba mabaka a hae a sa utlwahale, lekgotla le tla mo neha boikgethelo ba ho lefa tjhelete yohle a e kolotang kapa a lebe tjhankaneng.
Ho hatella tefo ya sapote
Lekgotla le ka latela e nngwe ya ditsela tse latelang:
n Ho ka jewa thepa ya ya hanang ho lefa kapa ya rekiswa mme tjhelete e fumanehileng moo ya sebedisetswa ho lefeng sapote.
n Tjhelete ya hae e ka nna ya hulwa moputsong wa hae mosebetsing mme ya lefuwa ho motho ya tlamehang ho fumana sapote eo.
n Ho ka sebediswa le tsela ya hore bohle ba kolotang ya hlolehang ho lefa sapote, ditjhelete tseo tsohle di se ye ho yena, empa di ye ho ya tlamehang ho lefa sapote.
n Ho ka nna ha tshwarwa ditjhelete tsa hae tse kang ya pei kapa meputso e fe feela a ka e fumanang.
Ditiehiso tse ka hlahang
Hantle ntle ha o hloke leqwetha tabeng ena ya sapote hobane mosebeletsi wa kantoro ya sapote o tla o tataisa tseleng yohle ho fihlela lekgotleng. Empa he eba taba e thata e bileng e bang telele ha re tla tabeng ya motho ya qobang ho lefa.
"Ho na le basadi ba diketekete ba sokolang ho ka fumana sapote kapa hona ho qobella ba hanang ho lefa," ho rialo Sharita Samuel, leqwetha le mohokahanyi wa Women's Rights Project of the Legal Resources Centre mona Thekong.
"Hangata ho ba teng ditiehiso tse hlahang hobane feela batswadi ba sa dumellane ka lenane le tlamehang ho lefuwa.
"Mme a ka kenya kopa ya lenane le itseng la tjhelete, empa ntate a phehisane le lona, a bolele ha le tla mo imela. Sena se tla baka hore ho etswe diphuputso hore hobaneng mme a batla tjhelete eo le hore hobaneng ntate a bolela hore a keke a kgone ho e lefa mme sena kaofela se ka baka tiehiso.
"Haeba taba ba sa kgone ho e rarolla, e ka qetella e ile lekgotleng e leng moo e ka nkang dikgwedi."
A mang mathata a ka diehisang ke a kang (ho hloka tjhelete ya ho palama ho leba lekgotleng) ho se fumane kgefutso mosebetsing ha lekgotla le ntse le fetisa taba ya hao, ho se felle ha basebeletsi lekgotleng esitana le ho se be le ditjhelete tsa ho batla maqwetha haeba mosebeletsi wa tsa sapote a hloleha. Bomme ba qetella ba kopile thuso mekgatlong e kang Legal Resources Centres, Campus Law Clinics kapa ona maqwetha a ikemetseng haeba ba kgona."
E lefuwa nako e kae sapote
Afrika Borwa batswadi ba qobellwa ho sapota bana ba bona ho fihlela ba fihla dilemong tse 21 kapa ba kgona ho itshapota ka bobona. Sena se bolela hore batswadi ka bobedi kapa ya tlamehang ho etsa jwalo o etsa seo ho fihlela nakong e boletsweng.
Ha ngwana a se a fihlile dilemong tse 21, mme ho bonahala hore o ntse a sa kgone ho itshapota, o se a ka kgona ho ikopela ka boyena hore sapote e tswelepele mohlomong ha a rata ho qeta thuto ya hae e phahameng, empa he mona ho tla ya ka bokgoni ba batswadi. Lekgotla ke lona le tla nka qeto.
Baneng ba holofetseng le ba sa kgoneng ho itshapota, lekgotla le tla dula le ntse hlahloba nako le nako hore na sapote e ntse e lefuwa. Motswadi eo e leng yena ya hodisang ngwana ya holofetseng, a ka mo kopela ntshetsopele ya sapote leha a se a fetile dilemong tse 21 haeba ho hlokahala jwalo. [s]
BONA SESOTHO - March 2007
Botswadi - sapote
Moo o ka fumanang keletso
Campus Law Clinic, University of KZN, Room 49, Howard College, King George V Avenue, Durban.
Mohala: 031-260-2446
Dibaka tse ding: Campus Law Clinics di a fumaneha diyunivesithing tse ngata tsa Afrika Borwa. Ba fana ka keletso ya mahala bathong ba sa kgoneng ho ka lefella maqwetha. Bakeng sa e nngwe ya tsona, ikopanye le yunivesithi e haufi le wena.
Legal Resources Centres:
Thekong: 031-301-7572
Johannesburg: 011-836-9831; 011- 403-0902
Kapa: 021-481-3000
Grahamstown: 046-622-9230
Website: www.lrc.org.za
Women's Legal Centre, Kapa: 021-421-1380
www.wlce.co.za
BONA SESOTHO - March 2007
u
t
Botswadi - sapote
BONA SESOTHO - March 2007
