sotho.2426.bec events
Menyetla ya tsa kgwebo Ekurhuleni
MAIKEMISETSO a BONA Empowerment Club ke ho kgothatsa le hona ho ruta batho ho iqalla dikgwebo.
Ka Phujane, BONA e tla tshwara diboka tsa Empowerment Club mane Ekurhuleni, Summer Place, hukung ya mmila wa Elizabeth le wa Leith, Boksburg.
Sebokeng sa mohla 25 Phujane, 2007, sebui sa letsatsi e tla ba, Mkhabele Sibeko, molaodi e moholo wa masepala wa Ekurhuleni. O tla be a toboketsa menyetleng ya tsa kgwebo moo Ekurhuleni, le ka moo o ka bang setho sa borakgwebo ba moo Ekurhuleni.
BONA SESOTHO - June 2007
MAGEU NUMBER ONE E PHATLALATSA DIKGAU TSA 2007
DIKGAU tsa MAGEU Number 1 Business Start-Up tsa 2007 di tla phatlalatswa mane Polokwane haufinyane.
Bahlodi ba pele ba ne ba phatlalatswe sebokeng sa mona Thekong, Suncoast Conference Centre mohla 29 Hlakubele.
Bakeng sa dintlha ka moo o ka keneleng dikgau tsena tsa Mageu Number 1 Business Start-Up ka ona,
e ya sebokeng sa BONA Empowerment Club kapa o kene ho
www.empowermentclub.co.za
KETEKA Letsatsi la Bontate ka Phupjane le Sasko Flour ka ho thabisa ntatao ka ho mo bakela Quick Beer Bread! Monko wa teng o dutlisang mathe ha bo tjhesa bo tla etsa bohle ba rate ho ipheta!
Sasko Flour e entswe ka koro ya boemo bo hodimo. Haesale Sasko Flour e netefatsa hore o baka tse latswehang mme hape e ntse e tswelapele le ho etsa hore ba lelapa la hao ba hlokomele ka moo o ba kgathallang ka teng.
LEKA DIRESEPE TSENA BAKENG SA LETSATSI LA BONTATE
Quick Beer Bread
450g Sasko Bran-enriched Self-raising Flour
1 kgabana (5ml) mixed dried herbs
3 dikgaba (45ml) tswekere
1 x 400g kotikoti whole-kernel corn e mentsweng lero
350ml biri
Mokgwa
1. Sefela folouru sejaneng o tshele dinoko, tswekere le mabele. Tshela biri butlebutle o ntse o duba ho etsa hlama.
2. E tshele ho loaf tin e tlotsitsweng ka mafura mme o bake ontong e seng e le mofuthung wa 180oC hora.
3. E fodise metsotso e 5 pele o e ntshetsa rakeng ya ho fodisa.
Ho molemo hore o bo je bo sa tjhesa.
THABELA BAKE & COOK FOR PROFIT LE SASKO FLOUR
IKETSETSE TJHELETE KA HO REKISA DIKOBO TSA HA ARANDA
REKA dikobo tsa ha Aranda ka nyehlisetso mme o ithekisetse tsona ka phaello. Iphumanele maele a tsa kgwebo mmoho le foromo ya ho otora mmokeng o latelang wa BONA Empowerment Club. Qala e sa le jwale ho batla bareki ka ho ikopanya le batho ba kang ba dipaza le dikolo.
Haeba o sa ye sebokeng, letsetsa Jerminah Tseise wa ha Aranda ho 011-693-3721 o kope ho romellwa dintlha ka fekese kapa o ipeheletse sebaka bakeng sa dipontsho tsa stokvel ka ho letsetsa Puleng ho 011-883-8829.
KELETSO YA SASKO
FLOUR HO DIPHEHI
TSE PELE:
Baka hanyane hanyane, se etse ntho
e ngata ka nako e le nngwe.
Eketsa tatso ha o baka ka ho tshela kgabana ya chives, eie kapa parsley hlameng pele o baka.
E a kgabisa.
E behe letlapeng la bohobe mme o e kgabise ka parsley.
E jelelle ka kase kapa cold meat le salate.
Baka tsatsing leo o tlang ho ja kapa ho
rekisa ka lona
Sebedisa Sasko Flour feela bakeng
sa mobako o latswehang!
NAHANA KA LEBESE - O NAHANE KA WOODLANDS
WOODLANDS Dairy haesale e hlahisa lebese le dihlahiswa tsa lona ho tloha ka 1996. A ko lekole First Choice Long Life Milk, Custard, Butter, Lebejana le Kase.
Nakong e tlang ha o baka, kapa o pheha, netefatsa hore First Choice ke ya mantlha.
Re ngolle ho First Choice/BONA Recipe Competition, Box 1300, Rivonia, 2128. Se lebale ho re kenyetsa resepe o e ratang, lebitso, fane, nomoro ya selefounu le aterese ya hao. Ka ho etsa jwalo, ha o ipehe monyetleng wa hore re o memele mmokeng, empa o ka nna wa ikgapela sephuthelwana sa ha First Choice se bitsang R200 moo sebokeng.
GLENRYCK - BAKENG SA BOKO BO PHETSENG!
HO bonahetse hore di-pilchards di ruile ka di-Omega-3 oils tse bohlokwa phepong ya ba lelapa la hao.
n Tlhapi e dikotikoting ya Glenryck e tletse calcium. Qoba ho ba le mathata a masapo ka ho ja dijo tse tletseng calcium jwalo ka tlhapi e kotikoting ya Glenryck.
n Se e ntshe masapo hobane ke ona a tletseng calcium!
n Tlhapi ya Glenryck jwale e se e le dikotikoting tse bulehang ka bonolo."
n O ka jela tlhapi ya Genryck hona kotikoting ya teng.
n Ha ho dikhemikhale tse thibela ho bola tlhaping ya ha Glenryck e dikotikoting.
n A ko leke mofuta o nang le pelepele kapa wa tamati.
Mohlodi wa kgwedi le kgwedi o tla fumana Sansui DVD Player athe wa selemo yena o tla fumana lengolo la ho reka fenitjhara le tswang ha SavellsFairdeal.
SAVELLSFAIRDEAL BONA EMPOWERMENT COMMUNITY BUILDER COMPETITION
O kenela jwang:
n O tseba motho ya kgothatsang kapa hona ho thusa setjhaba"
n E be mohlomong wena ka sebele o sebeletsa setjhaba, o a se thusa ho ntlafatsa maphelo a sona"
n Ngola dintlha mme o di romele ho: SavellsFairdeal Community Builder Competition, Box 1300, Rivonia, 2128.
n O ka nna wa romella Puleng lebitso la motho eo ka fekese ho 011-883-8830.
Sebokeng ka seng sa Empowerment ho tla phatlalatswa lebitso la mohlodi wa SavellsFairdeal/BONA Empowerment Community Builder.
Tlhokomelo ya masela!
n Se hohle letlalo kapa lesela lefe kapa lefe ka matla.
n Se sebedise borashe ba terata.
n Se sebedise sepontjhe se mahwashe.
n Se sebedise meriana e matla kapa bleach.
BONA SESOTHO - June 2007
LEKA SENEKE SE POTLAKANG SE LATSWEHANG...
Nka tapole e bakilweng o e petsole, o e noke ka letswai le pepere o e tshase hanyane ka majarine. Tshela thatohatsi ya hao ya tlhapi ya Glenryck. Fafatsa kase e kereitilweng mme o e qhibidihise ka griller. E a latsweha mmoho le salate!
Dintlha tsa seboka
Lepetjo: Menyetla ya kgwebo Ekurhuleni
Sebaka: Summer Place, hukung ya mmila wa Elizabeth le wa Leith, Boksburg
Letsatsi: Mantaha, 25 Phupjane 2007
Nako: 6.30pm bakeng sa 7pm
Moaparo: O be makgethe/tsa setso
Ho kena: R30 motho (o lefa monyako). Ho kenyeletsa le dijo le dimpho. Jwala bo tla rekiswa.
HO IPEHELETSA:
Letsetsa Puleng
011-883-8829 dihoreng tsa mosebetsi
Bake & Cook For Profit Workshop
Sebaka: Summer Place, hukung ya mmila wa Elizabeth le wa Leith, Boksburg
Nako: 9am ho ya ho 1pm.
Letsatsi: Labobedi,
26 Phupjane 2007
Ho kena: R20 motho (o lefa monyako)
Letsetsa Puleng ho 011-883-8829 ho ipehe-letsa sebaka
Mkhabele Sibeko, molaodi e moholo wa Ekurhuleni
Vicky Kubheka, wa Bake & Cook for Profit
Force Khashane, mohlophisi wa BONA
Boithabiso ka Thiwe
