sotho.2423.wwe
HO NA le sebaka seo ho etswang dintho tse kang ke tsa nnete. Moo ho etswang merusu, lerata le mmino di qhomang hodimo, batshehetsi ba hlantshwa ke dihanyatha tsena tsa bahale ba bona.
Ba bang ba tshepahetse jwalo ka Faces, ba re o sefahleho e kang sa lesea. Ba bang ba bitswa Heels. Ka Senyesemane lebitso lena le bolela motho ya sa tshepahaleng. Ha o ka mo neha monyetla, o tla o hata a o hatoha.
Empa ba kang Booker T, John Cena, Chris Benoit le Bathista, ke moifo o le mong oo, mme ha ba sebeletse ho tshetjwa...
Empa he ke nnete"
Boraditaba ba bolela ha wrestling e le papadi e seng nnete ho tloha ka 1908. Ho tloha hoo, haesale boraditaba ba bapatsa taba ya hore wrestling ke ntho e siyo. Empa sena ha se ka ba sa holofatsa setumo sa papadi ena kapa hona ho makatsa batho.
Wrestling e ne e qale dilemong tse fetang tse lekgolo tse fetileng diserekiseng moo "dihanyathahadi" tsa banna di neng di bitsa leha e le mang feela moo ho babohi hore a tlo lwana le bona.
Monna ya tla iteta sefuba a ye ka pele, e tla ba o ikentse. Hangata e ne eba moshanyana, ya fihlang a lwane ka sebete leha letshwele lona le ebe le thoholetsa sehanyathahadi seo. Ka nako e nngwe a makatse ba bangata, e be yena mohlodi.
Empa he ke nnete"
Wrestling haesale e le papadi e fetang boithabiso mme matsatsing ana e tshwatshwa le bonono.
Re leboha Vince McMahon, hlooho ya World Wrestling Entertainment (WWE). Haesale lelapa la hae le le ntweng ho tloha ka dilemo tsa bo 1900. Ka dilemo tsa bo 1950, ntatae e ne e le e mong wa batshwari ba papadi ena ba neng ba hlokomele molemo wa papadi ena televesheneng.
Nakong eo Vince a neng a ba taolong ya kgwebo eo ya lelapa ka 1981, e ne e le mengata haholo mekgatlo e neng e laola wrestling ho ya ka ho fapana ha dibaka tsa moo USA.
O ne a ikemiseditse hore a tsebisahale naheng ka bophara ka papadi ena." Ba bang ba ne ba tshwarehe hampe ha ba bona dibaka tsa bona di futuhelwa. "Ke eng seo o se etsang"" ke bona ba hlokomedisa ntata Vince. Se leke ho qala dinotsi tsa semana!"
Ka mora moo, hanyanehanyane, McMahon a qhekella dira tsa hae mme tsa qetella di tswile kgwebong eo.
E ne e le nako eo ka yona ho neng ho ratwa di-video le dipapadi tsa televishene. Ha jwale, WWE e fumana tjhelete e fetang
$350 million ka selemo dikanaleng tsa TV tse hasang papadi ena.
Leha ho se tlhodisano e kaalo, ho na le mananeo a mabedi a wrestling ho TV e leng, RAW le SmackDown!
Mokgatlo ka mong ho eo e mmedi o na le dibapadi le bompodi ba ona ba ikgethang. Ha se hangata moo mekgatlo ena e tjhentjhanang ka dibapadi.
Empa he ke nnete"
Sephetho sa papadi ka nngwe se rerwa pele ho papadi. Dibapadi di qala ka ho itokisetsa e sa le nako, banna ba nkankana ka matla, ba isane hodimo le tlase, ho kgaohe moo ho kgwehlang. Ha ba bapala, ba qala ka tsela eo ba itlhophisitseng ka yona. Molaolapapadi yena mosebetsi wa hae ke ho bona hore na papadi e tsamaya ka "melao."
Ha sebapadi se fopha madi, tseba hore e ebe e le nnete, ke ka moo ho hlophisitsweng ka teng. Hangata sebapadi se sebedisa lehare leo wena o ke keng wa le bona, sebapadi se itsheha haholo dikarong tse kang dintshing. Ha ho ka etsahala sebapadi sa fopha madi, e leng se neng se sa ngolwang fatshe, seo se bolelwa ha e le "kotsi."
Ho ne ho sa etsahale, leha ho se ho etsahala kgafetsa dilemong tsena hore sebapadi se se latele se ngotsweng fatshe sona se ikgapele ka bosona.
Sena se bitswa ka hore "o etsa kgwebo eka ke ya hao." Bomampodi ba ne ba atisa ho ikgethela dibapadi tseo ba tsebang hantle hore ba ka di hlola. E bile nako e telele batshwari ba papadi ena ba rata hore e nne e hlahelle jwalo ka nnete. Empa Vince McMahon o ne a fetole sohle seo. Ka dilemo tsa bo 1980, o ne a bolelle balatedi hore sohle se hlophiswa e sa le pele mme sena ha se ka ba sa theola maemo a papadi ena. Leha ho le jwalo, batho ba ne ba ntse ba thabela ho boha boiphihlelo boo ba dibapadi tseo.
O ne a se a ikahetse lebitso ka boyena, a kene sedikadikweng e le Mong McMahon, a fihle a thoholetse "basebeletsi ba hae."
Empa he ke nnete"
Hangata ha o le molatedi wa wrestling, ba atisa hore, "O a tseba hore eo ke ntho e siyo"" Ba bolelle hore o a leboha hobane papadi ena e bontsha hore dibapadi tsa yona di bohlale e le kannete.
Le haeba sohle seo le se etsang le ebe le se hlophisitse e sa le pele, empa o tlameha ho shahla o tsebe ho emelana le ho iswa hodimo le tlase moo sedikadikweng. Jwalo ka ka ho etsahala difiliming hape ho se disebediswa tsa tshireletso!
Athe hape ho na le karabo e bobebe potsong eo...
Wrestling eba nnete moo e tlamehileng! [s]
Ke malala-a-laotswe
BONA SESOTHO - January 2006
Wrestling e se e le papadi e ratwang haholo Afrika Borwa - bala hore papadi ena e kotsi e bapalwa jwang...
1. Booker-T o ikutlwa matla.
2. Mofu Eddie Guerrero.
3. Wrestling e se e ratwa haholo Afrika Borwa.
empa he ke nnete"
BONA SESOTHO - January 2006
pale ka WALTON GOLIGHTLY
