sotho.2419.positive
BONA SESOTHO - May 2006
Ke ya Hao ka Molao
O e tlisetswa ke BONA le Scorpion Legal Protection
Kotsi e ditjeho
Ha ke etswa ka lebenkeleng, ke fumane koloi ya ka e tjhaisitswe ke e nngwe ya ba ya thula leralla, e tloha moo ke neng ke e pakile teng ka molao. Monga koloi a re e tswile taolong ka kotsi. Ka mo nyatsa hanghang ka hore o ne a sa tlama mariki ka tshwanelo empa a nkganyetsa a re seo se etsahetse ka kotsi, mariki a hae a ne a tlanngwe hape a sebetsa hantle haholo. A re ebile ha ho paki e boneng sena se etsahala jwale nke ke ka mo nyatsa ka letho ka ha ha ke na bopaki ba sohle seo ke buang ka sona.
Ditjeho tsa ho lokisa koloi ya ka di fihlella ho R6 275 mme ke utlwa bohloko hore ke lokela ho senyehelwa ke tjhelete e ngata hakana ka molato o e seng wa ka.
Elizabeth Nkosi, Thekong
lHo na le diphoso tse pedi tseo motho a ka nnang a fosetsa e mong ka tsona: ya bonokwane kapa phoso. Phoso ke ho utlwisa motho e mong bohloko ka kotsi e leng se ke keng sa ballwa tlasa ketso ya bonokwane ka molao wa Common Law kapa ka Criminal Procedure Act kapa ka o mong feela.
Ha phoso eo e etsahetse ka bohlaswa ba motho e mong, ya utlwisitsweng bohloko, o lokela ho lefellwa ke monga phoso.
O tlameha ho hlahisa bopaki bo feletseng ba hore phoso eo e etsahetse ka lebaka la bohlaswa ba motho eo o mo qosang ha wena o utlwisitswe bohloko.
Ke nnete hore motho e mong le e mong o na le boikarabello ba ho hlokomela e mong. Ha re etsa mohlala motho ya pakang koloi ya hae motheong o lokela ho etsa bonnete ba hore o siya sekgeo se lekaneng hore koloi e se thule tse ding ha ho ka etsahahale hore e tsamaye ka phoso, a le teng kapa a le siyo ka hara yona.
Hape o tlameha ho netefatsa hore mariki a koloi ya hae a sebetsa hantle e le hore ho se etsahale phoso. Nyeweng ena ya hao, ekare ho na le dintlha tsa bohlokwa tseo re ka buang ka tsona. Mona ho na le dintho tseo re tla lokela ho di nahanela hore di etsahetse.
Ho a totobala hore mariki a koloi eo a ne a sa sebetse ka tshwanelo haeba a ne a tlanngwe. Ntho e thata ke hore wena kapa paki e nngwe feela, ha ho ya boneng hore mokganni eo e mong o siile koloi a sa tlama mariki kapa tjhe.
Ka lehlohonolo, molao o tla o sireletsa.
Ho na le molao o dumelang hore ha ntho ya motho e mong e senyeditse e mong ka bohlaswa ba monga yona (monga yona a le teng kapa a le siyo), monga yona o tla tlameha ho rwala boikarabello bohle.
Hona ho bolela hore o ka nna wa itseka hobane mokganni eo o emisitse koloi ya hae motheong ka boomo, a e siya moo, koloi ya sala e itsamaela ka boyona, ya ba ya thula ya hao ya e suthumeletse leralleng ya kgobeha.
Ho a totobala hore mariki a hae a ne a sa tlangwa hantle ha e le hore a ne a sebetsa ka tshwanelo mme boo ke bohlasweng ba hae.
Ha o batla ho qosa mokganni eo, o tla hloka thuso ya leqwetha, nyewe ya hao e tla mamelwa. [s]
Re entse matsapa ohle a ho netefatsa hore dikeletso tsa rona ke tse nepahetseng. Empa nnete ke hore nyewe ka nngwe e hloka ho fuputswa ka tshwanelo mme ba ha Scorpion Legal Protection (Pty) Ltd, ditho tsa yona esitana le ba ha BONA mmoho le baphatlalatsi ba makasine ena, ba keke ba rwaka boikarabello ba ditshenyehelo tseo motho ya latetseng dikeletso ya bona ka mokgwa ofe kapa ofe a keneng ho tsona.
Romela mathata a hao ho: BONA Legally Yours, Box 32083, Mobeni 4060. Scorpion e fa bohle ba re ngoletseng ka mathata a bona lengolo le ba dumellang ho buisana le mmuelli mahlomahlong metsotso e 30, a le kantorong e nngwe ya bona naheng ena kapa o bue le yena mohaleng.
HA O KA ithuta e mong wa boradipolotiki, naledi kapa leha e le rakgwebo ya seng a atlehile, o tla fumana hore o na le kgollo e tiileng eo a itshetlehileng ka yona. Ka lehlohonolo, boitshepo ke ntho e ka hare mothong, ke ntho eo mang kapa mang a ka e fihlelang. Seo bohle re tlamehang ho se etsa, ke ho ba le boitshepo boo e leng bona bo tla re kgothatsa ho fihlela ditoro tsa rona.
Shebisisa dintlha tse lateng o di leke...
ETSA LENANEO. Ngola dintho bonyane tse leshome tseo o nang le bokgoni ho tsona. Haeba di feta leshomeng, tswelapele o di ngole. Ho ba le tse ngata, ho bontsha bokgoni! Haeba o tsieleha, botsa metswalle kapa ba lelapa bakeng sa keletso.
Hara dintho tseo o ka di ngolang re ka bala: ho kgona ho mamela; ho ba motho ya qabolang; ya lokileng... jwalojwalo.
Manamisa pampiri eo moo o tlang ho e bona kamehla - e bale o e phetapheta o nne o eketse tse ding dintlha ha ho kgoneha!
Jwale ngola dintlha ka bofokodi ba hao.
Di hlahlobisise mme o shebe hore na ke dife tseo o ka di fetolang e be tseo o nang le bokgoni ho tsona.
Re ka etsa mohlala ka hore, bakeng sa hore o nonne, o ka re "o motenya, o semena."
Phetapheta sena kgafetsa - ho nahana ka boitshepo ho phakisa ho fetole tsela eo o iponang ka yona.
Haeba ho le teng seo o ratang ho se fetola ka wena, ipehele ditoro tseo o ratang ho di fihlela mme o sebeletse ho di fihlela.
Ho na le dintho tseo re ke keng ra kgona ho di fetola ka borona ho rona - sa bohlokwa, ke ho di amohela mme re tswelepele le bophelo.
ITLHOKOMELE. Kamehla eja dijo tse nang le phepo tsa hoseng mme o apare ka makgethe.
Leka kamehla ho ipha metsotso e 10-20 ya ho ikwetlisa - ke tsela e nepahetseng ya ho qala letsatsi.
Kgetha diaparo tse o loketseng tse tla tsamaisana le mokete oo o yang ho ona. Re ka etsa mohlala ka hore haeba o ya ditekong tsa mosebetsi kapa kopanong e itseng, netefatsa hore o apara diaparo tse tsamaisanang le projeke eo.
Ha o jele koto, o ikutlwa o itshepa - ho apara mese e seng marikgwe, ho nepahetse mme mebala e lefifi e na le seriti!
HATELA HODIMO. Tsela eo o emang ka yona e ka bontsha ka moo o ikutlwang ka teng. Ema hantle o se tiise mahetla o tsebe ho kgatholoha, ha o tsamaya, o hate ka boitshepo, o hate o sasanke o bontshe bophelo.
Seo batho ba bangata ba atlehileng ba nang le sona ke boitshepo. Boitshepo mothong ke ntho e kgothatsang bophelong bohle ba hae - le wena ke seo o ka bang le sona!
BONYA! Pele o ka kena ntlong eo o ilo kopana le moreki wa hao wa bohlokwa, moratuwa kapa yena mohiri, tsheha o keketehe ho fihlela o ba o qaboha.
O tla ipona o qabola, tsheha hape mme mesifa ya hao e tla kgatholoha.
O tla kena ka tlung ka moo ka mmele le sefahleho se phuthulohileng. Hopola hore ho bonya kapa hona ho tsheha ha ho bitse letho, empa ke tsela e nepahetseng ya ho boloka mmele wa hao o kgatholohile
ITLHOKOMELE. Haeba o ikutlwa eka batho ba dutse ba o kgella fatshe, se dumele. Itjhebe seiponeng mme o nne o tswelepele o latole, o bontshe hore o a itshepa. Lekgetlong le latelang haeba o kotjwa ho etsa ntho eo o sa e rateng kapa o sa e tsebeng, se tshabe hore - "tjhe!"
Basadi ba dutse ba rata ho hlalosa hobaneng motho a sa tsebe ho etsa seo. Ba qetelle ba fane ka tlhalosetso tse sa utlwahaleng. Ithute hore "tjhe" ntle le ho fana ka lebaka la ho rialo. Se tshabe ho etsa letho ka lebaka la ho tshaba motho.
Itshepe
BONA SESOTHO - May 2006
Intlafatse
DITORO! Ipehele ditoro tseo o ka di fihlelang mme o sebeletse ho di fihlela! Tshwaya tseo o seng o di fihletse mme o qale ka tse bobebe - o tla bona, dintho di tla o tlela hantle - o tla ba le boitshepo ba ho etsa tsena tse thata. [S]
ka ANNE ZUMA
ditshwantsho ka GREAT STOCK!
LEBOKOSE LA KATLEHO. Eba le lebokoso leo ho lona o tlang ho kenya dipampitshana tse pakang boiphihlelo ba hao. Re ka etsa mohlala ka hore o kenye khophi ya lengolo la hao la ho kganna, leo e leng kgale o le mathela, karete o e fuweng ke motswalle wa hao, lengolo la hao la thuto e phahameng kapa materiki, tlaleho e monate ka wena dithutong kapa mosebetsing wa hao, setshwantsho sa hao le metswalle kapa bona batho ba maemo kapa yona resiti ya ntho eo e leng kgale o e labalabela bophelong.
