sotho.2418.student
Re bua ka tjhelete
Phema ho senyeha lebitso le pele o qala ho sebetsa
pale ka PATRICIA McCRACKEN
HO YA yunivesithing kapa kholetjhe, ke ho ya ntlafatsa tsebo le bokgoni thutong le ho theha setswalle - esitana le ho ithuta mekgwa e metjha ya ho iphedisa ka tjhelete.
Pele ho nako e kae o fetoha nama ho boraditjhelete, dibanka, le mabenkeleng a maholo. Empa ela hloko ka batho bana ba o nehang menyetla e kang e metle ya dimpho!
ABSA e bulela barutwana ba fihlellang ho 25 000 diakhaonto ka selemo. Ha o sheba dibaka tse ding tse tharo tse kgolo mmoho le tse ding tse nyenyane mohlomong ke barutwana ba fihlellang ho 150 000 ka selemo ba bulelwang diakhaonto.
Ho thwe ba tle le e mong wa leloko la habo bona ho tla ba saenela tiisetso ya ho patala pele ba nehwa dikarete tsa ho reka ka sekoloto. Empa dikarete tsena tsona e ke ke ya eba metswalle ya bona nako e telele.
Mabenkele a mang a maholo a romela barekise dikolong ho ya kgothalletsa barutwana ho bula diakhaonto - ba sa ba bolella letho ka mathata ao ba tla kopana le ona. Nedbank e bile e sebedisa barutwana ba seng ba tla phetha dithuto ho bapatsa ditshebeletso tsa bona ho kgothalletsa ba bang ho bula akhaonto ya bona e ntjha Dezign Student Account. Ke phephetso e kgolo ena bathong ba dilemo di ka hodimo hanyenyane ho 21.
"Barutwana ba tetebela dikolotong hobane ha ba fumane moputso wa kgwedi le kgwedi mme ha ba kgone ho lefella mokitlane ka nako," ho bolela Credit Ombud Manie van Schalkwyk.
"Hona ho etsa hore mabitso a bona a qetelle e kentswe dibukeng tsa ba sa lefeng le pele ba qala ho sebetsa - mme seo se ka nna sa thibela motho ho fumana mosebetsi a se kgone ho lefa hohang jwale..."
Molao o motjha wa National Credit Act ha o bue letho ka barutwana, mme Mokgatlo wa Batjha wa ANC o ile wa hwanta, o itseka. Van Schalkwyk a boela a sisinye hore Molao ona o thuse barutwana ba kenang sekolo ka ho feletseng hore ba se ke ba ba mathateng a ho nna ba lelekiswa ho thwe ha ba a lefa dikoloto. Athe ba sebetsang bona ba lokela ho hlophisa dintho hantle.
Van Schalkwyk a sisinya hore ba ithutang ka ho feletseng, mabitso a bona a se kengwe ho credit bureau feela ba nehwe monyetla wa ho bontshwa dintlha tsa moo. Leha tshisinyo ya hae e ka amohelwa, ho ke ke ha kenyeletswa le dikoloto tsa diaparo le boithabiso. Seo motho a ka itshireletsang ka sona ha jwale, ke ho phema moleko wa ho bula sekoloto, boo bokgoni bo tla mo thusa bophelo bohle ba hae. [s]
BONA SESOTHO - March 2007
Baithuti, intsheng melatong
Hobaneng barekise ba o rata hakale
Dibanka le mabenkele di dutse di thabela ho o bulela dikoloto hobane di batla o dule o di lefella.
Ho fihlela o qala ho lefa mohla o sebetsang, bona ba tla dula ba bokelletsa tswala ya tjhelete eo o e adimileng.
Pele molao wa National Credit Act o kena tshebetsong ka Phupjane, ba tla be ba lekile ho hohela batjha ho adima tjhelete ka bongata bo boholo.
Ha o se o le dikolotong tseo o sa di kgoneng, letsetsa National Credit Regulator Helpline bakeng sa keletso 0861-100-406;
011-554-2600; www.ncr.org.za.
Credit Ombud e ka o thusa ho rarolla mathata ana: 0861-OMBUDS (662-847);
www.creditombud.org.za.
BONA - August 2005
