sotho.2414.bully
BONA SESOTHO - February 2008
Se behe molato mahetleng a ngwana ya hloriswang - bahlori ba hae ke bona sesosa sa mathata ao ohle.
Ho senyeha ho feta
Ho ba lehlatsipa la batho ba dikgoka, ho ka nna ha senya bophelo ba ngwana wa hao. Ithute mekgwa ya ho fedisa boitshwaro bona bo bobe...
BANA ba dikgoka ba ka qetella ba tetebeditse ba bang maikutlo, ba etse hore ba fellwe ke boitshepo mme ka nako e nngwe ba nahane le ho ipolaya. Ke mokgwa o mobe haholo o ka senyang bophelo ba bana ba bang. Lefatsheng lohle, ho bonahala ekare bana bana ba dikgoka ba tletse dikolong.
Sesosa sa mathata ana ke sefe hape ke sefe se ka etswang ke batswadi ho sireletsa bana ba bona"
Mbongeni Mtshali, mosuwehlooho wa sekolo se phahameng sa Velabahleke, Umlazi, ho la KZN lebatowa, o re molaotheo wa naha o neha bana ditokelo tse ngata ho feta, empa ha o hatelle boikarabello bo tsamaisanang le tsona.
"Bana ba dikgoka haesale ba le teng, empa morao tjena ho seng ho fedisitswe thupa dikolong, mesuwe e tshwerwe matsoho - re be re ba leleke hore ba lo dula hae nakwana, empa ba kgutle ba ntse ba le jwalo."
Mahlatsipa a sena a atisa ho inkela molao matsohong." Mtshali a paka sena ka ho re bontsha qelepa.
"Qelepa ena e amohuwe ngwana ya neng a e tshwaretse ho tla itamolela ho ba mo hlorisang," ho bolela yena. "O ne a iphumane a tlameha ho ba lwantsha ka thata. Ka lehlohonolo mohlorisi eo wa hae o ne a sa tla sekolong mohla letsatsi leo mme ra mo amoha qelepa.
"Ka nako e nngwe batswadi ba tla ho nna ho tla kopa thuso ba re, 'Re kopa o kgaleme ngwana enwa hle.' Le nna ke ikutlwe ke se na matla hohang hobane sohle seo nka se etsang, nka nna ka qoswa ka sona," ho bolela yena.
Mtshali o belaela hore bana bana ba sireleditswe tlolo.
"Re rata bana ba rona ho feta. Ba hodiswa ka mokgwa oo e kang ba tla phela lefatsheng le ikgethang leo ba sa tlo kopana le mathata hohang. Bana ba se nang molao, ba qhala malapa a mangata. Re dutse re ba bolella sekolong hore: 'O ka nna wa itshwara ka mokgwa o jwalo lapeng empa mona sekolong, boitshwaro bo bobe ha bo a amoheleha hohang.' Ba re arabe ka hore: 'Hobaneng"'
"Ke dumela hore mesuwe e lokela ho ba mohlala baneng," ho bolela Mtshali.
"Ke qala ka tjhebeho ya bona, ke hatella hore ba apare ka makgethe. Ho boloka nako ke ntho ya bohlokwa. Ke ba kgothaletsa ho se lebale seo ba batlang ho se fihlela bophelong: 'Ke qaleho ya bokamoso ba bona.'
"Leha mmuso o sa dumellane le seo ke se etsang, empa ka nako e nngwe nke ke ba halefele, ke ba tshose ka hore ke tla ba leleka. Bana ba lokela ho tseba sephetho se tla ba hlahela ka boitshwaro ba bona bo bobe kapa bo botle."
Bohlokwa
"Ho bohlokwa hore mesuwe ya sekolo kaofela e emele taba ena ka maoto," o boletse jwalo e mong wa mesuwe ya sekolo seo. Hona ho thusa bana bao e leng mahlatsipa hore ba kgothalle ho tlaleha ditlhoriso tsena le pele di eja setsi.
"Ha se hangata bana ba reng ho wena o le mosuwe: 'ke a hloriswa mona sekolong.' Hangata ke batswadi ba tlang ho rona kapa ebe ngwana e mong osele.
"Ke bitsa batswadi ba ngwana ya amehang mmoho le ngwana wa bona moo ngwana a tlang ho hlalosetswa mabaka a etsang hore boitshwaro ba hae bo se ke ba amoheleha hohang. Dikolong tsa bana ba banyenyane, tharollo e fumaneha ka pele.
"Ho ba baholwanyane teng, ke atisa ho bitsa batswadi pele ke bue le bona. Ha ba sireletsa bana ba bona, ke ba bolella ka mekgwa e molemo e ka thusang ngwana wa bona mme ke ba kgothaletse ho mo kgalema le ho fumana sesosa sa boitshwaro ba hae.
"Ba Grade 6 kapa 7, ke buisana le bona mme ke ba kope ho fumana tharollo ka bobona ba le bang. Ke ba neha nako mme hangata ba fihlela tharollo ka mora hore motho ka mong a hlahise maikutlo a hae. Ha ngwana a tshaba boradikgoka sekolong, ba ebe ba se ba qadile ho mo hlorisa. Tobana le bona, se iphapanyetse hohang."
Ho nyatsa
Felicity Tonkinson, ngaka ya kelello ya tsa thuto, o re ha se bana ba bangata ba atisang ho bua ka taba ena ba sa botswa, ka hoo, o eletsa batswadi ho ipotsisa.
Ha o nahana hore ngwana wa hao o a tshaba, mmotse ka bohlale, mohlomong o re: "ke bomang boradikgoka ka sekolong" Ba hlorisa mang" O e o etse jwang kapa o reng ho bona"" Se nyatse ngwana ya hloriswang ka mokgwa ona kapa o re ho yena: "Tlohela bokwala."
"Ha se molato wa hae," ho hlalosa Felicity. "Molato ke wa bana ba hlorisang ba bang. Hape ha ngwana a o bolella hore o a hloriswa, se mo tshepise hore o tla etsa taba eo lekunutu la lona leha yena a ka lakatsa hore ho be jwalo."
Hona ho tshwana le ho dumella ya mo hlorisang hore a tswelepele".
Molao
"Sekolo ka seng se lokela ho ba le molao wa ka moo o tobanang ka teng le boitshwaro bona," ho bolela Tonkinson.
Sekolong sa Bashanyana sa Glenwood se Thekong, ha re etsa mohlala, se atlehile ka leano la sona la hore barutwana ba kgale ba amohele ba batjha ka lerato.
"Re thehile leano lena re leka ho fedisa moetlo wa kgale wa hore ba fihlileng pele sekolong ba sotle ba batjha," ho bolela mosuwehlooho wa teng, Trevor Kershaw.
"Barutwana ba Grade 8 ho ya ho Grade 11 ba kopana hoseng ho hong le ho hong ho tla buisana ka dintlha tsa bohlokwa tse kang ho se tle sekolong ka tshwanelo, dipapadi tsa ka mora sekolo le ka moo ba ka bang motlotlo ka teng ka sekolo sa bona.
"Barutwana ba Grade 11, bona ho lebeletswe hore ba thehe dikamano tse ntle tse tiileng le bashanyana ba banyenyane ka ha ba se ba nkwa e le boabuti ba baholo."
Ke dilemo tse nne jwale Glenwood e qadile ho sebetsa ka mokgwa ona. "Ha ke na pelaelo hore leano lena le fokoditse dikgohlahano mme bashanyana bana ba ballwang ho 1 150, ba a utlwana, ba bile ba a hlomphana," ho bolela yena Kershaw.
Theho ya molao
Ho bohlokwa hore barutwana ba dule ba hopotswa melao yohle ya sekolo, e kenyeletsang le ona wa ho hloriswa ha ba bang. Bohle ba amehang ba lokela ho ba le seabo thehong ya melao jwalo ka balaodi ba sekolo, batswadi le barutwana ka sebele. Ba boela hape ba sebetse mmoho ho e kenya tshebetsong," ho bolela yena Felicity hape.
Ho tlameha ho totobatswa hore se amohelehileng le se sa amohelehang.
"Ho kgothaletsa bana ho hlahisa maikutlo a bona ka boitshepo, ke bohato ba pele ba ho hlola mathata ana hobane ba kgona ho kopa thuso ha ho hlokahala." [s]
pale ka VIVIAN ATTWOOD
Sireletsa ngwana ho
boradikgoka!
BONA SESOTHO - February 2008
Mosuwehlooho Mtshali o re bontsha qelepa eo a e amohileng morutwana e mong, eo e leng lehlatsipa la tlhoriso sekolong.
u
t
BONA SESOTHO - February 2008
Bana ba lokela ho rutwa ho hlahisa maikutlo a bona ba se na tshabo ya letho.
Matshwao
Na ngwanahao o a hloriswa" Tse ding tsa dintho tseo o ka bonang ka tsona...
O dula a lahlehelwa ke tjhelete.
A kgutle a lemetse nako le nako.
Diaparo tsa hae di dule di taboha.
A dule a utswetswa.
A be pelo e nyenyane, a se kenehe, a dule a halefile a bile a tefa.
A tlohele ho bapala le ba bang.
A se hlole a ithuta hantle.
A hlobaele.
A be pelo e ntsho.
A dule a ngongorehile kapa a tetebele maikutlo.
Ke ba hao boikarabelo"
Fat Charlie ho boradikgoka...
KA NAKO e nngwe ho shebahala ekare ke ntho e tlwaelehileng lona dikgaitsedi tsa ka le baena - bala pale ya boradikgoka ho BONA mmoho le karolo e lebiswang ho bona ka sebele. Fat Charlie o ne a thabele pale ena haholo mme a nahana hore ebe e tla thusa kang"
Nahana feela o bona radikgoka a dutse a bala pale e buang ka hore a tjhentjhe mekgwa ya hae e mebe. Bonneteng, ha se mofuta o ratang ho bala, ke ka hona ba tsamayang ba sitisa ba bang ba lekang ho etsa jwalo.
Nna le wena re ka bala mme re nke diqeto ho latela dikeletso tseo re di fumaneng empa na o nahana hore radikgoka a ka e etsa seo. Ba botswa athe ke dithoto. Ha ba batle ho bala hohang, ha ke bue letho he ka dimakasine.
Taba ke hore ha a hlokomele le hore boitshwaro ba hae ha bo a amoheleha. Ha a bone phoso boitshwarong boo ba hae mme ha a hlokomediswa, o a iphapanya.
Erekaha ha a batle ho ipeha maemo a lehlatsipa la hae, ha a kgone ho hlokomela bohloko boo a le utlwisang bona. Hobaneng" Mohlomong le bona ba hotse ba hloriswa - kapa ba ntse ba hloriswa le kajeno.
Seo ba se tsebang feela ke ho baka moferefere - tlhekefetso ya mmeleng le kelellong - ke yona tsela eo ba e tsebang ya ho theha dikamano le batho hobane ha ho e nngwe tsela eo ba e tsebang.
Eba jwale ba lokela ho tlohellwa ho iketsetsa borata" Tjhe, empa ho hlokomela taba ena ho a re thusa le rona hore re tsebe ho tobana le bona.
Na o a hloriswa" Tseba hore: a le mobe a le jwalo, o lokela ho mo utlwela bohloko. O tla dula o le bohlokwa ho mo feta!
A ka nna a o hlorisa hobane a o hlola ka matla ha jwale, empa seo o ka se etsang ke ho laola maikutlo a hao mabapi le taba ena.
Ho sohle seo o se etsang, o se kenye boradikgoka ka kelellong ho wena. Se itshenyetse nako ka ho mo hloya kapa ho ikgathatsa moyeng ka yena.
Ha a o hlorisa ka ho o tlotlolla hara batho, hopola: hang ha o arohana le yena, ho tla be ho fedile. O tswile bophelong ba hao.
Ho fihlela o boela o kopana le yena hape, ha ho jwalo"
Ho tjena he, baena le lona dikgaitsedi tsa ka, ha se bokwala ho kopa thuso ho titjhere ha o hloriswa sekolong.
Ho tshwana le ho ya ngakeng ha o kula - ha ho motho ya ka lebellang hore o ikalafe ka bowena. Hape ha se molato wa hao hore o a kula. Ho jwalo leha o hloriswa.
Ena ntho ke e o tenang hantle jwalo ka ho longwa ke monwanng, o lokela ho o e suthisa bophelong ba hao. Ha titjhete e nngwe e sa kgone ho o thusa, fetela ho e nngwe.
Batho ba bang ba baholo ba bothoto tharollong ya mathata a tlhoriso - kapa mohlomong ke hobane ba a hloriswa le bona - ke ka hona o ka nnang wa buisana le batho ba mmalwa pele o thusahala.
Fat Charlie o o hlokomedisa hore...
Leha wena o bona tlhoriso ka pela hao mme o sa e kgaleme empa o tsheha, tseba he ngwaneso hore o molato le ho feta mohlorise eo!
Diketso tsena tsa tlhekefetso ha di fetane le dinokwane, ha le wena o sa nke bohato ba ho ba tlohedisa mokgwa oo, o a ba fetelletsa hore e be dinokwane.
Se bohloko ke hore dinokwane tsena di ka kgetha mang kapa mang di mo hlorise haholoholo ha re sa ba kgeleme, ho tshwana hantle le hore le rona re a ba kgothatsa. Jwale rona re tla thuswa ke mang mohla ba re tjhentjhetseng"
O ka etsa jwang!
u Kgothaletsa sekolo ho theha leano la ho fedisa ho hlorisana ha bana.
u Dula o tseba ka moo ngwana wa hao a ikutlwang ka teng mme o mo kgothaletse ho bua ka bolokolohi.
u Se nke mathata a hae hanyenyane.
u Kgothaletsa ngwana ho bapala le ba bang, a be le metswalle eo a ka e tshepang.
u Hlokomedisa ngwana hore ha se molato wa hae ha ba bang ba mo hlorisa.
u Ithute ho itshwara, mme o se bontshe ha o halefile. O mohlala ngwaneng wa hao.
u Dula o kgothaletsa ngwana ho itshepa. Ngwana ya itshepang ha a atise ho hloriswa ke ba bang ka bonolo.
Thusa ngwana hore a itshepe. Ngwana ya itshepang ha a atise ho fetoha lehlatsipa la bahlorisang ba bang.
BONA SESOTHO - February 2008
