sotho.2403.South African
Ka moo o ka...
Alafang ho tjha ka teng
KOTSI ya mollo o bakwang ke parafine, dikhemikhale le motlakase, ekaba ka maemo a sa tshwaneng. Motho a ka lemala kapa a shwe. Ho tjha ho bobebe ke ha motho a tlabohile letlalo feela, empa ho tjha ho matla ke ha letlalo le tjhele kaofela ha lona.
Ha o tlabohile, kapa o tjhele hanyane feela, ntsha mabenyane kapa tsona diaparo tse o tiisang pele ho ruruha. Ha ho kgonahala, itshele ka metsi a phodileng moo o tjheleng. Beha ntho e batang metsotso e ka bang 20 ho leka ho kokobetsa ho ruruha le mahloko. E tlose, o eme metsotso e leshome mme o boele o e busetse hape.
Ha o tswa matjhatjhetsi, se ke wa a phunya hobane a ka bakeletsa tshwaetso. Haeba a iphunyehela ka boona, itlhatswe ka sesepa le metsi a hlwekileng mme o itlotse ka moriana o bolayang dikokwanahloko, o itlame. Tjhentjha masela ao kgafetsa mme ha o bona ho se bobetere, o bonane le ngaka kapa o ye tliliniking.
Haeba o tjhesitswe ke khemikhale mahlong, se tatasele, hlatswa mahlo ka metsi a futhumetseng metsotso e ka bang 15 ho ya ho e 30. Sheba mehato ya thuso ya pele pakaneng ya khemikhale eo. O ka hlobodisa eo ya tjheleng diaparo hobane ho ka etsahala e be di thuntheditswe ke yona.
Beha ntho mahlong mme o ise motho eo ngakeng kapa sepetlele.
Ho tjheswa ke motlakase hona ho hloka ngaka.
O ka tima motho ya tjhang ka hore o mo apese ka kobo mme o mo petikise fatshe.
Ha o mo tima ka metsi, se ka a betsa, mo tshele hantle ka ona.
Mo hlobodise ha ho hlokahala, o tlohele tse kgorametseng mmeleng. Bonana le ngaka hanghang.
Se natse bobe ba ho tjha, isa lehlatsipa leo ngakeng hanghang. [s]
BONA SESOTHO - August 2007
Kamehla re kopana le mathata a ho tjha ka lapeng, empa he potso e kgolo ke hore re lwantshana le hona jwang"
Se!
u ...behe leqhwa
letlalong hobane le ka
lematsa letlalo haholo.
u ...tlotse botoro maqebeng a ho tjha. Ho etsa jwalo ho a silafatsa.
u ...behe kapa o kwahele leqeba la ho tjha ka ntho e
bobebe jwalo ka
boyanatshwele hobane
e tla manama.
Quick Shisa Nyama Boerewors
4 x 30cm maqa a boerewors
1/2 kopi (125ml) chutney
1/2 kopi (125ml) tomato sauce
6 dieie tse nyane
6 dithutswana tsa kebab
1. Kenya boerewors sejaneng. Kopanyetsa chutney le tomato sauce jekeng o di tlohele hora.
2. Totomela maqa ohle dithutswaneng tseo tsa kebab botshelela ba tsona maqeng ohle a wors. Kenya eie qetellong ya thutswana ka nngwe.
3. E bese mashaleng a hlenneng o ntse o e fetola.
4. E kgabele mona pakeng tsa dithutswana mme o e fepele le papa kapa bohobe.
Eka fepela ba 6
Ditjeho: R53,25
Township Steak and Vegetable Pie
1kg stewing steak se kgabetsweng
oli bakeng sa ho hadika
1 eie e kgabetsweng
1 pakana brown onion soup powder
2 dikopi (500ml) metsi
2 dikopi (500ml) meroho e leqhwa
1 pakana puff pastry e leqhwa
lebese bakeng sa ho tlotsa ka hodimo
1. Futhumetsa oli paneng. Hadika nama ho fihlela e ba sootho. Tshela sopho le metsi. Pheha metsotso e 45.
2. Tshela meroho o tswelepele le ho pheha.
3. Letlapeng le fafaditsweng ka folouru, ala pastry. E sehe dikoto tse pedi. Ala karolo e nngwe ho ovenproof dish. Tlatselletsa ka motswako wa nama. Tshela pastry e setseng ka hodimo. E thethe hantle ka fereko mme o e tlotse ka lebese ka hodimo.
4. Baka ontong e seng e le mofuthung wa 220oC metsotso e 20 ho fihlela e ba sootho. E fepele le salate.
Ditjeho: R45,40
E ka fepela ba 6
East Coast Chicken Breyani
2kg maqa a nama ya kgoho
500g mafi
1 sehlotshwana dhania, e kgabetsweng
1 1/2 dikgabana (7,5ml) turmeric
3 dikgaba (45ml) curry powder
1 kgaba (15ml) chilli powder
4 pelepele e kgubedu e ntshitsweng dithootse ya kgabelwa
oli bakeng sa ho hadika
1 eie e kgabetsweng
4 ditapole tse petsotsweng habedi
2 ditamati tse dilae
2 dikopi (500ml) reise, parboiled
1 kopi (250ml) black lentils, parboiled
1. Kopanyetsa nama, mafi, dhania, turmeric, curry powder chilli powder le pelepele mme o di behelle ka thoko.
2. Futhumetsa oli paneng. Hadika eie ho fihlela e ba bonolo, o e ntshe paneng. Hadika ditapole ho fihlela di ba sootho.
3. Tshela halofo ya reisi, o Ale lentils, tamati, eie, nama le ditapole. Tshela reisi e setseng ka hodimo.
4. Baka ontong e seng e le mofuthung wa 180oC 1-1 1/2 dihora ho fihlela nama e butswa. Fuduha.
Ditjeho: R56,12
E ka fepela ba 8
Bushveld-braaied Brisket Ribs
1 beef stock cube
1/4 kopi (60ml) metsi a belang
2 dikgaba (30ml) Worcestershire Sauce
3 dikgaba (45ml) syrup
2 dikgaba (30ml) tomato sauce
2 dikgaba (30ml) asene
2 dikgaba (30ml) chutney
1kg nama ya kgobo (brisket)
1. Kopanyetsa stock cube le metsi jekeng. Tshela Worcestershire Sauce, syrup, tomato sauce, asene le chutney.
2. Tshela nama ho ovenproof dish.Tshela motswako oo mme o bake ontong e seng e le mofuthung wa 180oC hora.
Fepela le papa.
Ditjeho: R37,66
Eka fepela ba 6
Cape Malay Pork
500g nama ya kolobe e kgabetsweng maqa a masesane
1 lehe le fihlilweng
1 kopi (250ml) mafoforetsane a bohobe
oli bakeng sa ho hadika
1 pakana chicken soup powder
1 kopi (250ml) metsi
1 kotikoti paenapole e mintsweng lero (boloka lero)
1 eie e kgabetsweng
1 kgaba (15ml) asene
1 kgaba (15ml) Worcestershire Sauce
1 kgaba (15ml) tswekere
1. Kopanyetsa nama, lehe le mafoforetsane a bohobe sejaneng. Futhumetsa oli paneng. Hadika nama ho fihlela e ba sootho. E behelle ka thoko.
2. Kopanyetsa lero la paenapole le soup powder paneng. Bedisa.
3. Tshela disebediswa tse setseng. Pheha metsotso e mmedi.
4. Fepela le nama le reisi kapa di-noodles.
Ditjeho: R33,45
E ka fepela ba 4 [s]
Thabisa ba lelapa la hao ka tsa setso. Diresepe tsena tse bobebe, di monate mme di ka thabelwa ke motho ohle
Quick Shisa Nyama Boerewors.
diresepe le setaele ka GEMINI FOOD PROMOTIONS
setshwantsho ka KIM THUNDER
Tatso ya
Afrika Borwa
BONA SESOTHO - August 2007
