sotho.23.fresh
pale ka DOUG GORDON
Afrika Borwa e a swabisa!
Ba a ratwa mose ho mawatle e seng mona. Ke Freshlyground mme o ke ke wa iphapanya bona lekgale!
BA RE "Local is lekker," empa dihlopha tse nang le neo di shebelwa tlase jwalo ka sena sa Freshlyground. Ba filwe sekola sa ho ba sehlopha sa Afrika se pele ke ba ha MTV network mose kwana, empa hae mona ha ba kgone le ho hapa leha e le nngwe feela Kgau ho SA Music kapa hona ho Channel O.
Ebe seo se a ba kgathatsa"
Hohang" Ba tswelapele le katleho ya bona dinaheng tsa matjhaba. Ha ba ne ba bua le BONA ka mora ho theoha sefofaneng ba tswa moketeng wa mabenyane Denmark, Zolani Mahola o re boleletse ka monate wa ho sielana sebaya le dinaledi tse pele tse kang Kanye West le Rihanna.
"Maafrika le ona a ballwa hara dinaledi tse pele tsa State le tsa Yuropa," o boletse jwalo a tsheha. "Re motlotlo ka dikgau tsa MTV haholoholo ka mora hore re se hape letho kwano. Ho a makatsa, ha re tsotellwe mona empa re dintho tse kgolo mose." Dikgau tsa Channel O ekare di ne di ba laotse hobane ka mora tsona Freshlyground e ne e kgethwe dikarolong tse hlano kaofela leha e ne e kgutle e phuthile matsoho. "Ho ne ho re makatse hobane albamo ya rona Nomvula e ne e rekisitse dikhopi tse ka hodimo ho tse 200 000," ho bolela Zolani.
LEHA ho le jwalo Freshlyground e sebetsa hantle. Albamo ya bona e ntjha e tla qala ho rekisa ka Motsheanong, athe mokgatlo wa bona wa ho rekota, Sony BMG, o hlophisetsa sehlopha sena sa Kapa se ditho di supileng leeto la ho ya bina Yuropa monongwaha.
Pina e ratilweng haholo Afrika, Jeremane, Italy le Fora ho CD ya Nomvula ke Doo Be Doo. Le I'd Like e entse hore Zolani a itshepe ka boqapi ba hae ba dipina jwalo ka ha a itshepa ka lentswe la hae. O re dipina tsa lerato tseo a di qapileng albamong e ntjha di tla siya batho ba kgathetse mme o bile o re o qakehile hona hoo a sa kgoneng le ho ba le dikamano tse tiileng tsa lerato.
"Matsatsing ana ha re binele boithabiso," o boletse jwalo!" Ke naledi ya mehleng ya Tsha Tsha, mme ka 2004 o ne tlohele ho ithuta a batla ho inehela ka ho feletseng ho Freshlyground.
"Ke natefelwa hampe ha batho ba re, 'bona ngwanana yane wa TV - o bina ha monate jwang'," o boletse jwalo Zolani a bile a tsheha.
"Dilemong tse pedi tse fetileng ebile tse thata haholo kahong ya sehlopha sena. Dikgau tsa MTV di ne di etse re hlokomele hore re kenetse tlhodisano ya maemo a lefatshe. Re ikemiseditse ho bontsha lefatshe hore Afrika e ka qothisana lehlokwa le bohle maemong a hodimo."
BOKGONI ba Zolani ba boqapi bo behile sehloha sena maemong a hodimo mme le albamong e ntjha o qapile tse ding hape tse tla tshwana le Doo Be Doo le I'd Like ka monate.
Empa re tla utlwa ka barati ba mmino hore ditlabotjha tsena tsa Afrika di fela di le boemong ba ho qothisana lehlokwa le dinaledi tse pele tsa lefatshe.
Barati ba mmino ba mose ba phephetsa ba kwano ka hore: Hlokomelang hore le na le sehlopha se motjheng wa ho ballwa hara tse ding tse pele tsa lefatshe!
Ntle le ho rekisa dikhophi tse fihlellang maemong platinum selemong se fetileng, Freshlyground e ne e sa kgethwa hohang bakeng sa dikgau naheng ena. Ha jwale ba etsa matsete a thekiso ya Nomvula ka ho iketsetsa lebitso mose, mme ka tshehetso ya MTV, di-video tsa bona tsa 2007 e tla ba karete ya bona ya bohlokwa ya ho hapa batshehetsi ba bang ba batjha.
Zolani o re ho bapala ha hae ho Tsha Tsha ho tla mo tswela molemo jwale ha a se a hatisa mosebetsi ona wa bona. "Seo ke ithutile sona dikgaung tsa MTV ke hore re lokela ho hlahella re le dibini tsa profeshenale tse pele hore re tsebe ho qothisana lehlokwa le dinaledi tsa lefatshe," ho bolela yena.
Dimilione tsa batho ba shebellang MTV Base, Channel O le mananeo a mang a mmino ho TV mona le hohle Afrika, ba tshwantsha dinaledi tsa Afrika Borwa le tse kang Beyonce le Diddy.
"Matsatsing ana video e ntle ha e bontshe sehlopha se bina feela," ho bolela Zolani.
"Ho ngola dipina morao tjena ho tshwana le ho ngola filimi. Nka sebedisa bokgoni ba ka ba ho bapala difilimi ke kopanye le boiphihlelo ba ka ho hlahisa video e babatsehang."[s]
BONA SESOTHO - February 2007
Freshlyground e se e le motjheng..
Freshly ke ba fe"
BONA SESOTHO - February 2007
