sotho.239.bonus
Re bua ka Tjhelete
Sebedisa bonase hantle
Kgetha mpho ya Keresemese e tla dula e hopoleha
YA FIHLA nako ya bonase eo e leng kgale e emetswe! Tjhelete e lehlakoreng, ha e o nehe phomolo, o batla ho e sebedisa hang feela - empa leha hole jwalo tebisa maikutlo pele o ka lefella home theatre system ya hao ya ditoro. Kapa ona mokete wa setletle kapa ho rekela ba lelapa diaparo tse ntjha.
O ka etsa se seng se molemo ho feta ho reka sebapaladirekoto seo sa maemo kapa hona ho lefella diphomolo tsa boithabiso. O ka netefatsa hore o dula o thabile kapa e mong wa ba lelapa la hao.
Tabakgolo ke hore le wena o tsebe lekunutu lena la barui - matsete. Mookamedi wa dipuisano wa ha Metropolitan, Janine Greeff, o re batho ba bangata ba hloka tsebo e phethahetseng ya ka moo ba ka iketsetsang matsete a matle a tjhelete ka teng. Ke lena leqheka la ka moo o ka sebedisang bonase ya hao ya mafelo a selemo ka teng hore e o tswele molemo . . .
Ntlha ya pele, kgetha sepheo seo o batlang ho se fihlela, mohlomong ho reka koloi, ho nyala, ho lefella dithuto e phamaneng ya ngwana wa hao kapa hona ho ipolokela tjhelete feela bakeng sa maemo a tshohanyetso.
lHlophisa hore o batla bokae ka kgwedi. Ha o bolokile tjhelete e ngata, o tla fumana phaello e ngata, ka hoo hlophisa hantle o tsebe ho etsa matsete a tla o lefa hantle, ka hoo kgethe ditefello tseo o tla di kgona le ka mora nako e telele.
Hlophisa ka moo o batlang ho boloka tjhelete ka teng. O ka nna wa etsa matsete le a tjhelete e nyenyane mmarakeng wa ditjhelete ka ho reka di-unit trust. O ka boloka tjhelete e itseng ho 'fixed deposit' kapa o lefelle pholisi ya dilemo tse hlano.
Matsete a dumellang le maemo a hao a ditjhelete a o thusa ho hlokomela hore o ka kgona ho lefa bokae le hore o tla fumana phaello e kae. Ha re etsa mohlala, maemo a di-unit trust ha a tsitsa hantle jwalo ka ho boloka tjhelete ho fixed deposit empa tsona di na le phaello e ntle.
Ho bohlokwa hore Setsibi sa Tlhophiso ya Ditjhelete sa Khampaneng e Tsebisahalang se qale ka ho hlahloba maemo a hao a ditjhelete. Ba fumaneha ka bonolo dibankeng kapa dikhampaneng tsa diinshorense athe le ba ikemetseng ba teng. Empa bohle ba lokela hore ba be ba registarilwe ho Financial Advisory and Intermediary Service Act, mme o ka netefatsa seo ka ho buisana le ba Financial Services Board nomorong ya mahala: 0800-202-087 kapa 0800-110-443.
Ka bonase ya hao selemong sena lefella dikgwedi tse tharo ho ya ho tse nne tsa pele tsa matsete a hao esitana le ditjeho tse boima tsa ho bulwa ha sekolo. Ha o le lehlohonolo la ho sallwa ke bohashana, o ka thabisa ba lelapa la hao ka dimomonane, o ba tsebise ka matsete a bokamoso bo botle.
BONA SESOTHO - December 2006
O tla kgutlelwa ke bokae?
Ho boloka R200 ka kgwedi ho endowment policy dilemo tse hlano ka phaello ya kajeno, o tla fumana
R12 600. O entse phaello ya R600, e seng ntle hakaalo dilemong tse hlano kaofela - empa ha o nahana hore ho bonolo hakaakang se sebedisa R200 ka kgwedi, o sa tsotelle, o tla bona hore ke tjhelete eo o neng o ke ke wa ba le yona.
O tla fumana phaello ya R4 059 ho fixed deposit ka R12 000 dilemong tse hlano - empa o tlameha ho ba le tjhelete eo letsohong, ha o qala. Le ho boloka
R4 000 ho fixed deposit dilemo tse hlano, ho ka o etsetsa phaello e menahantsweng habedi (R1 353) ho feta ya endowment policy. Empa o tla hloka ho ba le R5 353 letsohong e leng se ka nnang sa etsa hore o hloke ho ntsha tjhelete yohle ya hao ya bonase eo ka nako e nngwe o neng o tla e sebedisetsa molemo o mong.
Ha o kgetha di-unit trust, o ka iketsetsa phaello e menahantsweng ha hlano ho ya endowment policy. Empa o ka nna wa lahlehelwa ke tjhelete mme o qetelle o sala le e ka tlase ho eo o neng o ena le yona hobane maemo a matsete a mmaraka a ditjhelete ha a tsitsa. [s]
ka PATRICIA McCRACKEN
BONA - August 2005
