sotho.2388.back
TSA BOPHELO
Batho ba bane hara ba bahlano ba na le mathata a ho opelwa ke mokokotlo bonyane leha e le ha nngwe feela bophelong ba bona, ho latele hlooho, e bileng e otlang e boella...Pale ka Nandini Naidoo
MOKOKOTLO O BOHLOKO
HANGATA karolo ya mmele e atisang ho hula ka falese, ke mokokotlo hobane ke ona o rwetseng boima bo boholo ba mmele.
Ho kakasa dintho tse boima, ho dula khomputareng nako e telele kapa hona ho kganna ho baka kgatello mmeleng, e leng se ka nnang sa qetella se o lemaditse.
"Se iphapanye nako e telele ha mokokotlo o opa, buisana le ngaka," eo ke keletso ya Ngaka Zandile Ndlovu, eo hape e leng ngaka e ikgethang ya manonyeletso le mokolla.
Tseba mahloko a hao
Lekunutu la pele la ho tseba ho laola mahloko, ke ho a utlwisisa:
Bohloko bo hlabang: Bona kapa bo seng bohale bo nkang matsatsi ho ya kgweding, bo atisa ho hlasela karolong e tlase ya mokokotlo.
Bongata re ba le mahloko a sa feleng mokokotlong, a bakwang ke ho saroloha ha bohloko ha mesifa le manonyeletso, tseo hangata di bakwang ke ho phahamisa dintho ka bohlaswa kapa hona ho sotha mmele ha bohloko.
Bohloko bo sa feleng: Bo tebileng, bo seng bohale kapa boo e kang o a tjha, karolong e itseng ya mokokotlo kapa ka nako e nngwe bo theohele tlase ditlhafung, bo nka nako e ka hodimo ho kgwedi, bo ka nna ba bakwa ke mathata a kang, lefu la masapo, herniated disc, kapa ho sotheha ha masapo a mmele, tseo tsohle di hloka tlhahlobo ya ngaka kapa mooki wa tliliniking.
Alafa mahloko
Hangata bohloko bo ba betere ka mora dibeke tse mmalwa, o ntse o ikalafa lapeng, ka tse kenyeletsang le:
Ho hatisa ka dintho tse futhumetseng le tse batang. Ho sidila le hona ho molemo.
Eba mafolofolo. Ho ka o thusa hore o be betere.
Meriana le dipidisi tsa mahloko tse rekiswang tse kang ibuprofen, aspirin le paracetamol di ka alafa mesifa e bohloko le manonyeletso a ruruhileng.
Ha tseo di sa thuse, ikopanye le ngaka ya hao.
Boipaballo
"Boipaballo bo molemo ho feta setlhare," ho bolela Ngaka Ndlovu - mme ke tsena dikeletso tse ka o thusang:
Otlolla mokokotlo: Ho tsamaya ho otlolla mesifa ya mokokotlo ntle le hore o be tlasa kgatello.
Itsharolle: Ho etsa yoga kapa pilates ho ka otlolla mesifa hore e tie e kgone ho itsamaela ka bolokolohi.
Sireletsa mokokotlo wa hao: Ela hloko ha o dula, o ema le ha o phahamisa dintho tse boima.
Leka hore boima ba mmele bo dule hodima maoto ka ho a otlolla. Se kobe mahetla, molala kapa mokokotlo. Rwala dieta tse o tshwarang hantle, tse sa phahamang. Itshetlehe ha o dula setulong - itshehetsa ka mosamo ha ho hlokahala. Beha maoto fatshe kapa o a tshehetse. Etsa bonnete ba hore o sebeletsa sebakeng seo o lokolohileng hantle ho sona, o se ke wa kobeha. Mangole le dinoko di tsitse. Ha o phahamisa ho hong, tshwarella morwalo haufi le mmele ka nako eo o lekang ho phahama kapa o inama mme o dumelle maoto ho etsa mosebetsi wa ona.
Boloka mokokotlo wa hao o otlolohile. Se sothe mmele o ntse o phahamisitse ntho e boima.Robala ka mokokotlo ha o robala kapa ka lehlakore, o kobile mangole hanyenyane o bile o kentse mosamo pakeng tsa maoto. Phema ho robala ka mpa mme hape o robale materaseng a tiileng. [s]
BAKENG SA DITLHALOSETSO TSE DING:
SA Society Of Physiotherapy nomorong ya mahala: 0800-00-1870.
BONA SESOTHO August 2008
BONA April 2008
NA O KOTSING?
O kotsing ya ho kgathatswa ke mokokotlo ha:
Ha o sebetsa moo ho ahwang teng kapa o sebetsa moo ho lokelang ho kakasa dintho tse boima, o dutse o iname kapa o sotha mmele kapa moo mmele o dutseng o thothomela (jwalo ka ha o palame lori kapa o sakga).
O dula ka bohlaswa kapa mosebetsi wa hao o hloka hore o dule ka bohlaswa jwalo ka ha o lefisa batho motjhining wa lebenkeleng le leholo.
H ao imme.
O tsuba, o sa ikwetlise kapa o le motenya ho feta tekanyo.
O ena le lefu la masapo.
O ena le kgatello kapa o tetebetse maikutlo.
O le dilemo di ka hodimo ho 30.
