sotho.2384.yourfood_lesson
TSE MATHEMALODI
Dithuto tsa mopheho
Ntwenhle Mpanza
Thabisa metswalle le ba lelapa ha ba o etetse. Ba phomosetse makwenya
MAKWENYA
* 4 dikopi (1 000ml) cake flour
* 1 kgabana (5ml) letswai
* 2 dikgaba (30ml) tswekere
* 1 x 10g pakana dry yeast
* 1 1/2 dikopi (375ml) metsi a futhumetseng
* 3 dikopi (750ml) oil
1. Sefela metswako yohle e ommeng sejaneng. O ntshetse letlapeng mme o bule sekoti bohareng.
2. Tshela metsi butle butle sekoting seo, mme o dube. Busetsa hlama sejaneng o kwahele ka lesela metsotso e 45. (E tlameha e be e se e kokomohile).
3. Futhumetsa oli paneng e sekoti mofuthung o tlase. (Ha e qala e ba sootho, e ebe e se e loketse ho phehwa). Bopa hlama dibolwana o sebedisa kgaba le matsoho. Di tshele oling ka hloko. Pheha ho fihlela e ba sootho. E fepele e tjhesa kapa e bata.
Dikeletso
Sefa metswako e ommeng ka botlalo ho thibela dikaqa le hore moya o kene.
Netefatsa hore oli e a tjhesa, empa pheha makwenya mofuthung o tlase.
Ha a se a butswitse, o ka a petsola, o tshele nama, tuna mayonnaise, meroho, khari kapa leha e le eng feela o e ratang. Ha o rata, o ka tlotsa jeme. [s]
Ditshwantsho: Roelene Prinsloo
