sotho.2382.tumour e
Maafrika Borwa a hlokomelang
E NE E le letsatsing le tjhesang la mariha, Muxe Nkuna ya dilemo di 13, o ne a palame sefofane lekgetlo la pele a leba Gauteng ka tshepo ya ho fetola bophelo ba hae.
Empa o ntse a tshepile le kajeno ...
Ngaka e nngwe ya setsebi ho tswa Pretoria Academic Hospital e boletse ha ho le kotsi ho seha lethopa leo le lengoleng la Muxe, le seng le hotse la ba la lekana le lehapu.
O tshwerwe ke lefu le bitswang neurofibromatosis, e leng mathopa a bohloko a melang methapong. A mela ka tlasa letlalo, a bile hape ha a kgethe karolo ya mmele.
"Dingaka di boletse ha mathopa ana a se a nyolohetse le lesapong la mokokotlo. Kahoo, ha ba ka leka ho mo seha lona, a ka holofala - kapa a qetelle ka ho shwa," ho rialo Samki Phenyane, mmakgwebo ya neng a bale ka pale ya Muxe ho e nngwe ya dikoranta tsa lehae mme a rera ho mo thusa. O ne a ntshe tjhelete ya ho mo fumanela moriana o neng o ka thotofatsa mahloko le ho hola ha lethopa leo.
Muxe o dula Calcutta, sebaka sa mahaeng, Bushbuckridge ka borwa ho Limpopo. Ho etela dibaka tse kantle ho sebaka seo, ho ne ho mmontshe hantle hore ho teng batho ba mosa lefatsheng. Nka etsa mohlala ka dingaka tsa Nelspruit Medi-Clinic, tse neng di hane ha di lefuwa ka mosebetsi wa tsona ka mora ho hlokomela mosebetsi o moholo o neng o entswe ke Phenyane.
"Ke na le bana ba bararo - bashemane ba babedi le ngwanana a le mong, kaofela ha bona ba dilemo di ka tlase ho tse robedi - jwalo ka mme, taba ya moshemane enwa e ne nkame haholo, ka hlokomela hore ho teng se tlamehang ho etswa," ho rialo Phenyane.
"Bonyane boo ke mo etseditseng bona, ke tshepa bo tla etsa phapang ho yena, lelapeng, metswalleng le matitjhereng a hae," ke yena hape.
"Ho na le dipatlisiso tse ntseng di tswelapele ka maemo a Muxe," ho rialo Dr Doron Frantzen, ngaka ya masapo, Pretoria Academic Hospital ya shebaneng le taba ya Muxe, ya bileng a ntseng a thetsana le bomphato ba hae ba US ka taba ena.
"Re a tshepa ho teng ya tla tla le pheko ya lefu lena.
"Empa hona jwale, ho mo seha lona, ke phephetso e thata haholo. Lethopa lena le tloha lengoleng ho ya mothapong wa qholo, ona o tlohang leqaqailaneng o ye lesapong la mokokotlo.
"Ho ka etsahala hore lethopa lena le tsamaya le mothapo ona kaofela mme ho le tlosa, ho bolela hore leoto la hae le tla sala le holofetse."
Lethopa la mofuta ona, le na le madi a mangata, ho le seha, ho ka baka hore mokudi a tswe madi a mangata. Ba bang ba lahlehelwa ke madi a ka bang dilitara tse tharo ho ya ho tse nne mme ba qetelle ba shwele.
"E nngwe pheko e ka nehwang Muxe, ke ho poma leoto leo le amehang," ho hlalosa Dr Frantzen. "Ka mora moo, ha a no tseba ho tsamaya jwalo ka ha a ntse a sa tsebe le hona jwale, empa hape mathata a be lesapong la mokokotlo, e leng leo o ke keng wa le tlosa."
"Ha ke so tele ho fumanela Muxe thuso," ho rialo Samki. Nakong eo re neng re hatisa pale ena, o ne a se a utlwile ka kalafo e seng e kile ya lekwa Brazil mme a rata ho buisana le Dr Frantzen ka yona.
Mme wa Muxe ya sa tswa hlokahallwa ke monna mathwasong a selemo sena, o hlokomela bana ba hae ba supileng le ditloholo tse pedi mme o thabetse boikgathatso ba Bomosamaria bana.
O hopola hore Muxe o ne a hole a ba a fihla dilemong tse tharo a so tsebe ho tsamaya. Yena le monnae, ba ne ba sebedise tjhelete yohle ya bona ba isa mora enwa wa bona dipetleleng tse arohaneng - empa ha ho le ya mong ya neng a bolele se neng se ja ngwana bona, ba bolellwa hore ha ho ka moo ba ka mo thusang ka teng. Leha ho le jwalo, Muxe toro ya hae ke hoba ngaka, a thuse "batho bohle ba kulang."
BONA SESOTHO - October 2005
pale ka RIOT HLATSHWAYO le PATRICIA McCRACKEN
ditshwantsho ka ZENZELE KUHLASE/AENS
LE LETONA: Muxe le Samki Phenyama, mmakgwebo ya thusitseng ka mora ho bala pale ya hae koranteng.
O tswile lethopa le makatsang
KA HODIMO: Muxe le mmae, Malumane tliliniking.
Maemo a hae a mabe haholo, empa Muxe Nkuna o hlokometse ka moo batho ba leng mosa ka teng
BONA SESOTHO - October 2005
'Re kotsing'
Neurofibromatosis (NF) e tlwaelehile, ho rialo mokgatlo o bitswang Children's Tumor Foundation o mane US - sena se atisa ho bakwa ke phoso ho di-gene.
NF ha e kgethe malapa. E fumaneha lefatsheng ka bophara, banneng le basading ba merabe yohle. Ho na le mefuta e meraro - ka ho ya ka US Harvard Medical School, motho a le mong ho ba 3 000 o na le mofuta ona wa Muxe Nkuna. Halofo ya batho bao ba nang le NF1, ba e tshwaeditswe ke batswadi ba bona ba nang le menyetla e lekanang ya ho neheletsana ka di-gene. Halofo ena e nngwe yona ha e tshwaetswe ke batswadi - hobane maemo a yona a sa tlwaeleha a bile a sa tshwane le a ena e fumanehang ho di-gene. NF ha e tshwaetsane jwalo ka lefu lena la ho ruruha leoto le tshwane le la tlou hobane lefu leo le tshwaetsana ka lebaka la dikokonyana tsena tse lomang batho.
Neurofibroma ha e bohloko, ntle le haeba o thutswe ke ntho kapa le le mothapong jwalo ka ho Muxe. Ngwana ya nang le NF1, ha a hloke ho nkwa jwalo ka motho ya kulang jwalo ka ha bongata ba batho ba baholo ba nang le lefu lena ba sa hloke kalafo, ba itshebeletsa hantle ba bile ba kena le lenyalong.
Hangata lefu la NF1 ha le bolaye le bile ha le behe bophelo kotsing, empa le ka etsa motho a holofale, a foufale, e be setholo, masapo a sothehe, a be le mathopa letlalong, bokong le lesapong la mokokotlo, a kgaolwe setho sa mmele kapa a be le kankere. Mahlatsipa a lefu lena ha a be malele jwalo ka dithaka tsa bona kapa ba habo bona, hape ba atisa bo le dihlooho tse kgolo. NF e a tetetsa, o be le bodutu - ha o tseba motho ya tshwerweng ke lefu lena, mo kgothaletse ho ikamahanya le mokgatlo wa tshehetso wa ba holofetseng kapa ba kene ho di-website tsena tsa mose:
www.understandingnf1.org
www.nfinc.org
www.ctf.org
Patricia McCracken [s]
