sotho.2376.beauty
a thata
MANALA!
EBA PABALA
HO IKGABISA ka manala a maiketsetso ho se ho jele setsi ho ba bonang bohlokwa ba ho hlaha hantle di tloha feela. Ho na le mekgwa e meraro eo o ka kgethang hara yona - ke wa gel, acrylic le silk. Mokgwa ka mong o na le melemo le bobe ba ona hape e kgetha manala.
Gel system
"Gel ke mokgwa o kang wa tlhaho," ho bolela Mariette de Vaal wa Blue Earth Salon mane Durban North. "Ha e na lephoka, e ka sebediswa ka mekgwa e mengata, e ntle bakeng batho ba sa sebetseng ka dikhemikhale. Ke mokgwa o ratwang kaha ha o atise ho senya manala a tlhaho."
Gel ena e tlotswa jwalo ka pholetjhe ya manala mme ho kgethwa pakeng tsa French polish kapa gel e mmalana. "Re ka kenya dintlha manaleng hore a be malelele a be sephara, a kutwe hantle hore a tshwane le a tlhaho le bolelele o a ikgethela," ho hlalosa Mariette.
E tshwarella dibeke tse pedi ho ya ho tse nne, ho ya le ka ho hola ha manala le tlhokomelo ya ona.
Acrylic system
Leha a sa tlo shebahala jwalo ka a tlhaho jwalo ka ha o kentse gel, acrylic e kenngwa ka thatanyana. Ke mokedikedi le phoshwana eo ho inelwang borashe bo botenya ho tsona bo ntano bidikiswa bolong pele ho tlotswa manala. O molemo ho ba lomang manala kapa ba sebetsang haholo ka matsoho.
Hape ke wa bonono bo makatsang hara ena e meraro. "O ka etsa dintho tse ngata ka acrylic hape e fumaneha ka mebala e mengata ebile e tiisa manala a bonolo le a fokolang. E kgabane tsoselletsong ya manala," ho bolela Mariette. Ona a nka dibeke tse tharo ho ya ho tse nne ho ntse ho eya ka hore a tlhaho a hola ka pele ho le ho kae.
Silk system
Ha o ratwe haholo. "Ho bonolo ho a kenya. Ho kgorameletswa silika manaleng," ho bolela Mariette. "Empa e sebetsa hantle bathong ba tsebang ho hlokomela manala bona hantle empa e tshwarella nako e telele."
Ha e fumanehe ka mebala e mengata, ditsebi di penta manala a motho ka pholetjhe eo a e ratang.
Di bitsa bokae?
Sete e feletseng ya manala mmoho le dintlha tsa ona e bitsa R300. "Ho boele ho ye ka maemo ao manala a hao a leng ho ona: Ha o a hlokometse hantle mme a le malelele, ha o no hloka ho reka dintlha," ho hlalosa Mariette.
O lokela ho bonana le ditsebi beke le beke bakeng sa tlhokomelo ya ona mme ho bitsa pakeng tsa R150 le R180. [s]
72 BONA SESOTHO July 2008
GALLO
SA BOHLOKWA KA MANALA A MAIKETSETSO
A hloka tlhokomelo e ikgethang.
Mekgwa ena kaofela e o bulela monyetla ya hore manala a hao a bole, ka hoo, ho bohlokwa ho netefatsa hore a dula a hlwekile. Hang ha a se a qala ho senyeha, ikopanye le setsebi sa manala hore se a lokise.
Kenya di-gloves ha o etsa mesebetsi ya lelapa - di tla o thusa hore a tshwarelle nako e telele.
Kgetha setsebi sa manala se rupelletsweng.
Ho sebetsa le ho bapala ho ka senya tjhebeho ya matsoho a hao empa thuso e teng bakeng sa manala a petsohileng le a mmala o mobe... Pale ka Charis Dawson
