sotho.2375.policing
pale le setshwantsho GAVIN FOSTER
Ikamahanye
Ho lwantsha bonokwane
Leha dipalopalo di bontsha ho theoha ha bonokwane, empa Maafrika Borwa ona ha a bone phapang - batho ha ba sa ikgathatsa ka ho ya tlaleha diketsahalo tsa bonokwane sepoleseng hobane ba se ba feletswe ke tshepo ho ona. Empa e teng tsela ya ho lwantshang bonokwane ka katleho...
BONOKWANE bo bolaya naha ya habo rona, haeba re sa pokole, re kene letsholong la twantsho ya bona, bo sa le hole le ho fela. Haeba baaisane, mekgatlo ya polokeho le mapolesa setjhabeng, ba ka tshwarisana, dinokwane di ka jella kgwebeleng. Bohato boo, bo ka kgothatsa le mapolesa a na a sebetsang ka botshepehi hore a tiise le ho feta.
Mokgatlo wa Baahisane mona ho buuwa ka baahisane ba kopanang mme ba potolohe diterateng bosiu ho sheba mokgwathatsanyana o ka bakang morusu. Ha ho le teng se ba belaetsang, ba tsebisa mapolesa hore a sebedisane le bona ho thatafatsa mosebetsi wa dinokwane.
Haeba motho a ya matsatsing a phomolo, baahisane ba hae ba beha leihlo motseng wa hae mme ha ho le teng seo ba sa se boneng hantle, ba nke bohato.
Baahisane bana, mosebetsi wa bona ke ho shebana le bonokwane bona, mme ha ho etsahetse ba tshwara senokwane, ba tlameha ho se isa sepoleseng hore toka e phethahatswe.
Boikarabelo
Community Policing Forums (CPF) mekgatlo ena ya sepolesa sa setjhabeng, e sebetsa haholo le ho feta mekgatlo ya baahisane. E se e bontshitse katleho e kgolo dibakeng tse ngata jwalo ka Kapa Bophirima.
CPF, eo seteishene ka seng sa sepolesa se qobellwang hore se e tshehetse, e ba le komiti e ahwang ke setjhaba, dikereke, batjha, dihlopha tsa dipapadi, mekgatlo ya ditekesi, ba lekgotla esitana le borakgwebo ba sebaka se okametsweng ke sepolesa seo.
CPF, e tlameha ho kopana bonyane ha nngwe ka kgwedi ho bontshana ka mathata a motse.
Ho shejwa dintho tse kang mabaka a bonokwane bona jwalo ka mabone a sa kganyeng mmileng, dibaka tse seng molaong tse rekisang jwala le a mang mabaka a bakang bonokwane.
Se molemo le ho feta ka CPF, ke hore ba kgona ho hlahlobisisa hantle tshebetso ya sepolesa mme ba ise ditletlebo ka potlako ho baokamedi ba sepolesa.
CPF yona e okamela mekgatlo yohle e shebanang le bonokwane tlasa seteishene seo sa sepolesa.
E kgolwanyane
Ho sa tswa thehwa mokgatlo o bitswang Community Safety Forum (CSF), ona o okamela sebaka se seholo se fetang sa CPF - e ka okamela sebaka se diteishene di hlano ho ya ho tse tsheletseng tsa sepolesa - mme ha ba shebane le bonokwane feela.
Ka Motsheanong ngwahola, Charles Nqakula, Letona la Polokeho le Tshireletso, o boletse hore mokgatlo ona o na le mosebetsi o moholo ho feta ona wa baahisane le wa CPF.
Ba sebedisana le mafapha a mang jwalo ka la Ditaba tsa Lehae le la Tlhabollo ya Batshwaruwa ho sheba mantswantle a kenang kwano ka tsela e seng molaong, ho thusa hore batshwaruwa ba lokolotsweng tjhankaneng ba boele ba amohelehe setjhabeng mmoho le ho sebedisana le La Toka ho netefatsa hore setjhaba se tseba ditokelo tsa sona.
Ho na le mapolesa a sa sebetseng ka nepo, a sa rateng ho sebedisana le setjhaba, ka hoo, ha se ha ngata a ratehang setjhabeng. [s]
HA o nahane hore ho ikamahanya le sepolesa ho ka ba molemo" Le na le yona mekgatlo e kang ya baahisane, CPF kapa CSF, bakeng la ho lwantshana le bonokwane sebakeng sa ka haeno" Write to BONA at Box 32083, Mobeni, 4060, o re bolelle ka tseo o se tsebang.
Ho qala
1) Ikopanye le sepolesa sa ka heno ho fumana hore na mekgatlo e kang ena e be e se e thehilwe. Haeba e se e le teng, botsa hore na o ka ikopanya le mang ha o batla ho beha letsoho mohomeng.
2) O ka qala ka CSF, SPF ho ya ho mokgatlo wa baahisane mme o tla fumana tshehetso ya sepolesa, Lefapha la Ditaba tsa Lehae esitana le mafapheng a mang a mmuso.
Letona Nqakula o tshepisitse hore mekgatlo a kang ena e tla fumana tshehetso ya ditjhelete mmusong le sebaka sa ho sebeletsa. Haeba seo se sa etsahale, hatella hore se etsahale.
3) Netefatsa hore o kenya batho ba tshwanetseng komiting ya lona. Sebedisa batho ba seng ba na le bokgoni ho ena le ho qala fatshe o rupelle ba batjha. Lehlakoreng la sepolesa, sebedisana le ba maemong a hodimo, ba tla thabela ho o thusa.
4) Ha le atlehile ho qala, sebetsang ka thata. Hangata, batho ba qala ka ho theha mekgatlo ena ya baahisane mme ba nyahame ha ba sa fumane kgothatso le ha ba sebetsa hantle.
5) Haeba o sa thusahale sepoleseng sa ka heno - eya ho ba ka hodimo - jwalo ka maemong a lebatowa Lefapheng la Kgokahanyo ya Setjhaba.
Ngolla batshwari ba sepolesa sa ka heno o ba bolelle haeba o ba le mathata, athe haeba sepolesa sa ka heno se sebedisana hantle le wena, le teng o ba rorise.
