sotho.2366.pastor
BONA SESOTHO - November 2007
LE BAO e seng ditho tsa kereke ya hae ba mo tseba hantle moruti Vusi Dube ka dipuo tsa hae tse kgothatsang ho uKhozi FM le koranteng moo a nang le leqephe la hae hang ka beke. Athe ba bang ba kile ba bonana le yena ho le leng la maano a hae a Selemo a ho Kgothalletsa batjha ho se kene Thobalanong pele ho Lenyalo, ao hape a rutang le setjhaba ka HIV le EITSI.
O re: "e ne e le mohlankana feela ya tshwanang le ba bang ya neng a sa tsebe le hore o na le pitso ya ho hasa Lentswe. Kajeno, mohlankana eo o kgothatsa ba bangata hore ba se lahle tshepo leha ba kenwe ke kokwanahloko ya EITSI.
O hlahetse Pietermaritzburg, Vusi o hotse a dumela hore batho ba lokela ho nehwa menyetla e lekanang bophelong.
"Ke letsibulo lapeng la bana ba bane. Ke holetse lapeng le neng le ena le tumelo e tiileng," ho bolela yena. "Ntho e kgolo eo ke neng ke e rutwe heso, ke hore ke se lahle tshepo. Leha re hotse ka thata empa re ne re ena le tshepo. Ke sona seo ke phetseng ka sona bophelo bohle ba ka."
Moruti Dube o dumela hore ha motho a ena le tshepo a ka fihlela sohle seo a se labalabelang. Leha ho le jwalo, o tla fumana hore batho ba bangata ba tshaba ho qala dintho tse ntjha hobane ba nahana hore ba tla hloleha," o boletse jwalo a bile a tsheha.
Moruti le mohatsae Taki, eo e leng ngaka ya profeshenale, ha ba thehile leano ba le emela ka maoto hantle jwalo ka tliliniki ena ya Centre Of Hope eo ba e thehile ka 2001.
O ne a kopane le Taki ka 1996, kajeno ba na le baradi ba babedi, Tehilah (8) le Ruth (5). "Batho ba tlang tliliniking ya rona ke ba labalabelang ho utlwa motho e mong a ba neha tshepo ya bophelo e seng ba nyefolwe," ho bolela moruti Dube. "Ba tseba hantle hore kokwanahloko ya HIV, ha e phekolehe, seo ba se hlokang feela ke lerato le tshehetso."
Ke ka hona ho sa makatseng ho bona diketekete tsa batjha di kena kerekeng ya moruti Dube.
Diphephetso
Moruti Dube o ne a rupellwe botitjhere mme haesale e le motho ya ratang ho sebetsa maanong a setjhaba, o ne a qale Care Centre e Pietermaritzburg, eo e leng ya mokgatlo o seng tlasa mmuso, e shebaneng le ho ntshetsapele meetlo le bonono. Dube o qadile ho kena kerekeng ya Durban Christian Centre ka 1998 mme a etsa qeto ya ho ithutela boruti.
"Hona ho ne ho etse hore ke shebisise ka hloko ka moo nka etsang phapang ka teng. Sekolong sa boruti ke ne ke qale leano la ho fepa batho ka kgopolo ya ho leka ho fokotsa bonokwane le ho kgothatsa setjhaba. Ke hona mona moo tlhokelo e kgolo ya ho theha leano la ho thusa ba anngweng ke kokwanahloko ya EITSI e ileng ya hlaha teng."
Moruti Dube a hlokomela hore batho ba be le tshepo e kgolo ha ba le hara batho ba ba amohelang mme a siya DCC ka 2004 a ithehela kereke ya hae.
"Kereke ya rona ke ya setjhaba ke ka hona ke neng ke bone tlhokelo ya hore ke bule Tliliniki ya Centre Of Hope," ho bolela yena.
Maikemisetso a sebaka sena ke ho ntshetsapele setjhaba le ho se tsebisa ka diketsahalo tse ntjha tse mabapi le HIV hore ba kgone ho etsa diqeto tse nepahetseng ka bophelo ba bona le ba baratuwa ba bona.
Hape ba kgothalletsa tlhokomelo ya ba kulang le ho hlahlella setjhaba ka maele a ka se thusang ho thibela ho jaleha ha kokwanahloko ya HIV.
Motsamao
Tumelo ya hae ya bohlokwa ho ba le tshebedisanommoho e ntle le setjhaba ke yona e boetseng ya susumeletsa moruti Dube ho theha leano lena la Selemo la ho Kgothalletsa batjha ho itshwara hore ba se potlakele ho kena Thobalanong pele ho lenyalo.
Batho ba 30 ba kerekeng ena ba ne ba kenelle leeto lena la bolelele ba 250km ba hahlaula hara metse, ba tsamaya ba emisa mabaleng a tsa dipapadi moo ba fihlang teng ba buisane le batho ba ballwang ka hodimo ho 20 000, ba ba kgothalletsa ho itshwara, ba se etse thobalano pele ho lenyalo, ho se sebedise dithethefatsi le ho nwa jwala hape ba kgothalletse ho ya etsa diteko tsa HIV.
"Leeto le latelang le tla ba ka Hlakubele 2008 le tloha Empangeni ho leba Pongola moo re ikemiseditseng ho tsamaya dikilomitara tse 30 ho ya ho tae 35 ka letsatsi," ho bolela moruti.
"Re ikemiseditse ho kgothaletsa boitshwaro bo botle hore batho ba hlomphe bophelo. Ha re bue ka lefu la EITSI feela, re shebisisa le bonokwane le dithethefatsi. Re boetse hape re etela dikolong tsa thuto e phehameng beke le beke, re ye le ditjhankaneng, hohle mona re tsamaya re jala molaetsa wa tshepo.
"Ke kgothala haholo ha ke bona motshwaruwa ya neng a lahlile tshepo ya hore o tla boela a amaoheleha setjhabeng, a se a kgothetse mme a rupellwa ho ba moetapele wa karolo eo a dulang ho yona moo tjhankaneng le ha ka nako e nngwe re thusitse motho ya neng a se a nahana le ho ipolaya.
"Ho a kgothatsa leha ke bona batho bao pele ba neng ba iphedisa ka bohlola ba se ba kgutletse kerekeng, ba lahlile tseo tsohle," ho bolela moruti Dube. [s]
'Bakeng sa ditlhalosetso tse ding ka Tliliniki ena ya Centre Of Hope, o ka letsetsa mohala ho: 031-304-3734.
Seo o se hlokang feela ke tshepo
Tshepo ke yona lefika
la nnete
pale le ditshwantsho ka THANDI ZULU
Ka moo Moruti Dube a jalang ka teng molaetsa wa tshepo le tshehetso setjhabeng...
FAR LEFT and FAR RIGHT: Vusi and wife, Taki, enjoy leisure time with their two daughters, Ruth and Tehilah.
RIGHT: Pastor Vusi Dube and his wife, Taki, are constantly working on new projects in our communities.
BONA SESOTHO - November 2007
