sotho.2359.pep
84 BONA - March 2008
Fumana matshediso
PEHI e utlwahala ka hohle. E fihlella ho bohle ba dulang seterateng seo se phetheselang. Setho sa kereke se se se hlokahetse.
Bohle ba tseba hantle ka kgatello ya ho lahlehelwa ke setho sa lelapa seo e neng e le sona se phedisang lelapa leo. Ditjeho tsa lepato le hlomphehileng di qala tjheleteng e yang ho R20 000. Tsena di kenyeletsa le:
Lebokose, diaparo esitana le ho tsamaiswa ha mofu.
Diaparo tsa lelapa la mofu.
Dipalesa le mmino le metjhini ya ho laola modumo.
Dipalangwang le tente bakeng sa ba tlileng le patong.
Dijo le ho kgabiswa ha tente.
O ka nna wa rata ho ba le video ya lepato.
E re pelo di ile mafisa, o boele hape o be le mathata a hore o tla nka eng o e kopanye le eng hore o pate mafu, o qetelle o kadimme tjhelete ho ba lelapa, metswalle kapa bona basebetsimmoho le wena.
Mang le mang a ka ingodisetsa letlole la lepato la ha PEP ha feela a le ka tlase ho dilemo tse 65 mme lefung la kotsi teng o sireletseha hang hang. O ka ya ingodisetsa leha e le lebenkeleng lefe feela la ha PEP le haufi le wena. Ba lefa tjhelete dihoreng tse 48 o kentse kopo mme ha ho lekgetho le tla hulwa tjheleteng eo.
Ikgethele
O ka kgetha mefuteng e mmedi ya matlole, e leng Silver Family Funeral Policy ya R19,99 ka kgwedi kapa Gold Family Funeral Policy ya R34,99 feela ka kgwedi.
Letloleng la hao o ka kenya molekane wa hao le bana ba fihlang bohlanong. Tjhelete o e fumanang baneng e a fetana ho ya ka dilemo le mofuta wa letlole.
Ba bang ba bareki ba rona ba qhoba kgwedi e nngwe pele dinakong tse kotsi jwalo ka Paseka le Keresemese. Empa haeba o lefella letlole la hao hantle kgwedi le kgwedi, ho feta dikgwedi tse tsheletseng, o ka patwa le heaba o itlhokahalletse ka mokgwa wa tlhaho.
Silver Policy ya hao e
tla lefa R5 000 bakeng sa lefu la tlhaho, R10 000 ha e le la kotsi; Gold Policy yona ke R10 000 le
R20 000 ka tatelano. Ha ho hlokahale diteko tsa madi pele o ka ingodisa!
Letlole lena la ha PEP le ngodisitswe ke Hollard, moabi wa ditshebeletso tsa ditjhelete ya dumeletsweng semolao, ka hoo, PEP ke setho sa Hollard. O ka letsetsa Hollard ho 0860-737-7777.[s]
Se ka kgathatseha ka lepato
Letlole le potlakang
Ikele ha PEP, o kgethe pakeng tsa Silver kapa Gold PEP Family Funeral Policy mme o lefe ho cashier, o mo nehe le nomoro ya hao ya mohala - ha ho hlokahale o be o be le akhaonto ya banka hore o ingodise.
Wena le lelapa la hao le sireletsehile lefung la kotsi.
Dihoreng tse 72 o ingodisitse, ba ha Hollard ba tla o letsetsa hore o tle o ba nehe dintlha ka batho bao o ratang ho ba kenya letloleng le ba tla amohela tjhelete ha o hlokahala.
Kgwedi le kgwedi ba tla o hopotsa ho lefa ka SMS. Ho bohlokwa ho lefa kgwedi le kgwedi hore o dule o sireletsehile.
O ka lefa ha PEP kapa ya hulwa bankeng.
BONA SESOTHO - March 2008
leqephe la papatso
