sotho.2356.church
BONA SESOTHO August 2008
BATHO BA HABO RONA
Ba binela Modimo - empa mebala ya seaparo yona e bolelang?
BA PHUTHEHELA hohle - tlasa difate le pela seporo. Ha ho moo ba tshabang, ho sa kgathallehe hore ke ba phutheho efe mme o ka kgahlwa ke ka moo ba nang le tumelo e tiileng ka teng.
Ho bua nnete, ke bone eka lefatshe le betere ha ke bua le bona. Ho bonolo ho ba arola ka diaparo tsa bona.
Se makatsang ka badumedi bana haholoholo ba tumelo ya mefuta e fapaneng ya postola - ba na le diphutheho tse kgolohadi. Seaparo sona se bolelang? Mebala ya sona?
"Mmala o mothokwa le o mosweu, ke wa rona," o boletse jwalo Mobishopo Ben Donaldson Padi, wa Kereke ya Holy Ebenezer Apostolic.
Ho ya ka Mobishopo enwa, ke mebala ya kalafo. Ntate Padi o alafa bakudi, hape ke moporofeta ya sebetsang ka metsi, molora le mpepho, ha re bala tse mmalwa.
O re Kereke e Halalelang ya Ebenezer e ne e ke ke yaba teng hoja e se ka seaparo seo. Mofu Moareka Bishopo Daniel Batho Shuping, sware sa Padi, ke mothehi wa kereke eo, o ne a opelwa ke sefuba.
"O ne a fokola letsatsi le letsatsi," ho bolela Padi. Dingaka le tsona di paletswe, a apolwa, a apeswa.
"A fedile motho ya moholo," ho bolela Padi. Shuping a ba le pono - ha thwe, o tla fola ha feela a ka ba le mmala o mosootho le o mosweu, a e sebedise ka tshwanelo.
Bohle ra makala ha a fola ka mora moo mme a tswa sepetlele. "Re ne re rapela kerekeng ya rona, ho rapellwa bakudi, ba phele," ho hlalosa Padi. "Le ba nang le mathata ohle.
"Pele ho nako e kae, sware a porofeta. A ba le dipono tse ngata mme dikopano tsena tsa dithapelo tsa fetoha phutheho ya kereke."
Basadi ba laelwa ho tena dikete tse thokwa tse nang le bosweu le dihempe tse tshweu. Le banna ba tena mebala eo. Eitse ha boqheku bo tota ho Moareka Bishopo, a hloleha ho tsamaya mme lekala leo la hae la kwalwa, ha sala le Orange Farm.
Ba lelapa ba dula ba etelwa ke dinonyana tse mmala o mosweu le o mothokwa. Ka le leng kgaitsedi ya Padi ya fumane dinonyana tsena ka sehatsetsing.
"Ra bona e le sesupo sa hore re lokela ho tsosa lekala leo. Ra roka diaparo mme ra hlokomela hore re ke ke ra kgona ho bula lekala leo ntle ho tlhohonolofatso ya Moareka Bishopo Shuping," ho bolela Padi.
Re ne re se re ena le nako re mo qetetse. "Ra mo mema ho tla phutheha mmoho le yena empa re sa mo bolella hore re batla tumello ya hae ya ho bula lekala leo a neng a se a le kwetse. Ha a fihla re tenne diaparo tsena, meokgo ya keleketla marameng." Kereke ya boela ya bulwa hape ka tlhohonolofatso ya hae.
Mebala eo ya seaparo re e kgethetswe ke Modimo, O sebedisa badimo," ho hlalosa Mobishopo Padi.
SEAPARO sa kereke ka nngwe se na le seo se se bolelang ho ya ka Moareka Bishopo Mshengu Muzi Tshabalala wa Kereke ya Badumedi ba Kreste, lekala la Ikhaya Le Zion, e nang le ditho tse ballwang ho 500.
"Mmala o bolou, o emetse pholoso. Pholoso e tswa ho Modimo. Ba seaparo se bolou se bontsha hore ba se ba loketswe ke pholoso, ba tswe dibeng," ho hlalosa Tshabalala.
"Athe botala bona bo emetse bophelo. Kereke ya rona e hlohonolofatsa bakudi hore ba phele. Mmala o motala o bolela hore motho eo o a phela mmeleng le meya e mebe ha e na seabo bophelong ba hae. Hape o kopelwa ho ba le dikamano tse ntle le Mmopi wa Hae.
"Bosweu bona ke kgalalelo. Seo re se tenang se lokela ho hlweka. Bosweu bo boetse hape bo emetse le pelo e hlwekileng. O ke ke wa halalela empa pelo e tletse bokgopo."
"Bofubedu bo emetse moya o mobe. "O perese ona ke mmala wa borena. Jwalo ka bara le baradi ba Modimo, re majalefa a Lehodimo.
"Bosehla ke tshwarelo le ho hlola meleko." Ho na le melao e mengata e tsamaisanang le diaparo tsena tsa dikereke tsa Sione. Ke diroki tse ikgethang feela tse bileng di rapelletsweng kerekeng ena tse dumellwang ho roka seaparo.
"Ha o na tokelo ya ho ithekela sona hohle moo o ratang. Diroki di nka kano ya ho phela bophelo bo hlwekileng haholoholo ka nako eo ba rokang diaparo tsa kereke. Ba ke ke ba etsa thobalano mme ba tla itima dijo ba rapele," ho hlalosa Tshabalala.
Le ba apareng ba lokela ho phela jwalo. Ha ba nwe, ha ba tsube, ha ba sebedisa meriana kapa dipidisi. Ka mora ho hlaba nale, o tlameha ho hlwekiswa pele o tena seaparo."
BANNA ba Guta Ra Mwari, e neng e qale Zimbabwe bona ba tena seaparo se kang tsa masole. "Re masole a Modimo, a lwantshang meye e mebe," o boletse jwalo moevangeli Andrew Ratema, wa lekala la bona le Afrika Borwa. Seaparo se na le mabanta, mahetleng kapa thekeng, sa bona se bile se na le selata sa thipa.
"Ke karolo ya seaparo, empa ha re tshele letho ka hara sona," ho hlalosa Ratema. "Baruti ba tena disutu tsa khakhi le thae le hempe e tshweu, e bitswang isambatho sika Gen, kapa seaparo se mogenerale," ho bolela Amos Mbangiseni, mongodi wa teng.
E ne e thehwe ke Mama Chaza, wa kereke ya Wesele ya neng a rapella batho mebileng. Guta Ra Mwari, ke puo ya Seshona, ha e fetolelwa ke, 'Toropo ya Modimo'. "Matsatsi a ka bang 40 ka mora lefu la hae, o ne a bonahale dithong tsa phutheho, a kgetha banna ba 12 ho etella pele kereke ena.
Basadi ba tena seaparo se sesweu le dituku tse tlangwang ka mokgwa o ikgethang," ho bolela Mbangiseni. Le bona jwalo ka Ikhaya Le Zion, o ke ke wa ithekela seaparo moo o ratang. "O se reka kerekeng feela mme se lokela ho hlohonolofatswa pele o ka se tena. Esitana le dikausi tsa teng," ho bolela Mbangiseni.
Dikereke tse ngata tseo re etetseng ho tsona leha di phehisana ka dintho tse ding tsa Bodumedi ba tsona empa nnete ke hore kaofela di na le diaparo tse ikgethang.
Ho na ho bolela hore, diaparo di ka nna tsa tshwana ho ya ka dikereke ho fapana empa nnete ke hore di bolela ntho e le nngwe - boinehelo tumelong ya bona, e leng se kgahlang matsatsing ana ao re phelang ho
ona. [s]
LE UTULLOTSWE!
Lekunutu la seaparo
Mobishopo Ben Donaldson Padi (ya dutseng), wa Holy Ebenezer Apostolic Church, le ditho tse ding tsa kereke.
sa kereke
Ditho tsa kereke ya Guta Ra Wari. Jwalo ka ha o bona seaparo sa bomme se na le mebala e tshwanang le ya bomme ba Mawesele.
Ba kopanela dikolong, tlasa difate kapa karatjheng ya setho se seng mme ba hlokomeleha ka diaparo tsa bona tse tshwanang. O ka ba wa nahana hore bongata ba badumedi ba Maafrika Borwa ba na le diphutheho tse ngata tse fapaneng. Re buisane le ba bang, re batla ho utlwa phapang ...Pale ka Force Khashane
BONA SESOTHO August 2008
Banna le basadi ba Masione ba rosisa ka mmino. Mmala o bolou e emetse pholoso dithong tsena tsa kereke ya Sione. Ha o mosehla o ba thusa ho hlola meleko mme o mosweu e le wa kgalalelo.
DILEMO TSE 10 HO SEBETSWA
BONA SESOTHO August 2008
Ho nkile dilemo tse 10 Kereke ya St Paul's Apostolic Faith Mission International e akanya seaparo sa yona, ho ya ka moo moetapele wa kereke ena Moareka Bishopo Peter Kelelo Moloi a bolelang ka teng.
"Ntatemoholo o ne a senolelwe taba." Moloi o re ntataemoholo o ne a bontshwe le hore setloholo se seng sa hae ka le leng se tla etella pele kereke ena mme se thehe kgotso ka hara yona.
"Mme seo se fetse sa phethahala," ho hlalosa Moloi. " Ha ke ne ke hlahlama ntate boetapeleng ba kereke ena, baetapele ba kereke ba ne ba tsekollana mme ka kgona ho theha kgotso pakeng tsa bona," ho bolela Moloi.
Bomme ba Guta Ra Mwari ba opa matsoho.
Moareka Bishopo Peter Kelelo.
