sotho.2351.rape
'Ke betilwe
RE MO bitsa "Peter Lubisi ." (18), o batla ho ipolaya. O lahlile mosebetsi, o tshaba le ho bonana le moratuwa wa hae - hohang ha a kgone ho lebala bomadimabe bo mo hlahetseng," ho bolela yena.
O ne a betwe ke basadi ba bararo ka Pherekgong. Banna ba ne ba shebelletse ha Peter a ne a ntse a henahenwa ke basadi bao.
"Ke ne ke lakatse le ho ikakgela ka pela terene ka mora moo," ho bolela yena. O re: "Nako le nako ha ke kwala mahlo, ke bona sohle se neng se etsahale letsatsing leo, ekare ke shebelletse filimi".
Peter o ne a kope ho palamiswa koloi, a tswa Nelspruit, mosebetsing, a leba habo Mangweni haufi le Komatipoort ka phirimana ya mohla la 21 Pherekgong. Koloi ya Toyota Venture, ya dinomoro tsa Gauteng, e neng e ena le batho ba bahlano ka hare, e ne e mo palamise mme ba neng ba le ka hare, ba ne ba bolele le bona ha ba leba moo a yang.
Empa koloi ya leba ho sele, ka mmila o moholo wa N4, ka botjhabela ho Nelspruit. Peter a hlobodiswa a sala a se na le nketlana thekeng, a hatellwa ho etsa thobalano le basadi ba bararo mme ka nako eo banna bao ba ne ba mo supile ka dithunya. O ne a leke ho hana, empa e mong a betsa tholwana, ya mo phumula leqaqailana. "Ke se ke tshaba le ho tsamaya maeto a malelele jwale," o boletse jwalo Peter a bile a sisa pelo. A re: "Ha ke kgolwe hore nka boela ka nka maeto a melelele." O thojwa maikutlo ke mokgatlo o seng tlasa mmuso wa Masisukumeni Women's Crisis Centre o mane Tonga. Ba ne ba mo etse diteko tsa HIV. "Ho itse kokololo hobane ho fihlela jwale madi a ka ha a na tshwaetso, empa ke sa ntse ke lokela ho kgutlela hape. Ke tshohile hore mohlomong dintho di tla fetoha."
O re o feletswe le ke lerato la thobalano. "Ke ne ke qala ho etsa thobalano ka mokgwa o tjena bophelong ba ka," ho boela yena. "Ke nahana hore basadi bao ba rekisa ka mmele. Ba ne ba tseba hantle seo ba se etsang."
Eitse ha ba kgathala ke yena, ba mo neha R20, ba mo siya moo le diphahlo tsa hae kaofela. A fihla habo, a robala haholo pele a eya mapoleseng.
O re o ne a letsetse moratuwa wa hae (18) ka tsietsi e mo hlahetseng, empa eo a se ke a kgolwa. O re o se a tswafa le ho bonana le yena hobane ha a tsebe hore o tla reng ho yena. "Ke bona ho le molemo re arohane hobane se ntlhahetseng ha a se amohele, hape ha ke batle ho mo tshwaetsa ka mafu," ho hlalosa yena.
Empa ha re tswelapele le dipuisano, o tsamaya a iphehisa, o re: "Nako le nako ha ke bua le yena mohaleng, o lla ka hore ke bua leshano. Ha ke tsebe hore ke tla etsa jwang hore a nkgolwe."
Na Peter o bua nnete" Na o fela a betilwe ka tsela eo a e bolelang"
Sebui sa sepolesa sa Tonga, Konstabole Mzwandile Nyambi, o re nyewe e a fuputswa. "Empa re a qala ho ba le nyewe ya mofuta ona. Ha re tsebe le hore re ka e bitsa peto kapa yona tlhekefetso."
Busi Sithole, ya thobang maikutlo mane Masisukumeni Women's Crisis Centre, o re ke lekgetlo la pele ba thoba maikutlo a monna ya betilweng ke basadi.
O re Peter o tla tswelapele ho thojwa maikutlo. "Bohle re a tseba hore banna le bona ba a betwa haholoholo ke banna ba bang empa ba tshaba ho ritela dinyewe," ho bolela Annesta Hofer wa Greater Nelspruit Rape Intervention Project (GRIP).
Empa basadi ha ba se ba beta banna, ke e nngwe taba"
GRIP e na le nyewe e le nngwe feela ya mofuta ona ho fihlella jwale ho ya ka Hofer. Ka 2005, motjha e mong ya dilemo di 18, o ne a betwe ke basadi ba bararo.
Di a tshwana
Le yona e jwalo ka ena ya Lubisi - rasethunya o ne a mo hatelle ho etsa thobalano le basadi ba bararo. Motjha eo, o ne a kope thuso ya mohiri wa hae hore a ritele nyewe sepoleseng mme a fumana ho thojwa maikutlo ke GRIP, a alafelwa mafu a thobalano mmoho le HIV.
Ha ho motho ya tshwerweng hobane lehlatsipa ha le tsebe baqosuwa. Hofer o re Peter o bile sebete ka ho tlaleha bonokwane bona.
"O hloka ho thojwa maikutlo ka nako e telele ho ya ka Masisukumeni mme o hloka tshehetso e kgolo ho bohle ba amanang le yena. Tshehetso ya lelapa le metswalle ke ya bohlokwa."
Mohlomong ke nako ya ho utlwa maikutlo a moratuwa wa Peter:
Le yena o eme le monna wa mateneng.
"Ke batla bopaki ba hore o fela a betilwe. Haesale ke tswalwa ke qala ho utlwa monna a bolela hore o betilwe le hona ke basadi," o boletse jwale ka seboko.
"Ha ke tsebe seo ke lokelang ho se etsa kapa ho se kgolwa hobane ke mo rata ka pelo yohle ya ka mme ke ne ke bile ke nahana hore re tla nyalana, empa ha ke sa tseba jwale le yena ha a tsebe le ho e hlalosa taba ena ya hae." [s]
African Eye News Service
BONA SESOTHO - April 2008
PALEETSHOSANG
ke basadi'
O re ba ne ba mo siye a se na le nketlana thekeng, banna ba babedi ba dithunya ba mo hatella ho etsa thobalano le basadi ba bararo. Na ke tsona" Basadi ba se ba beta banna"
PALE THABISILE KHOZA
BONA SESOTHO - April 2008
Na ke nnete"
(Re bolelle!)
Bohle re a tseba hore banna ba ka beta basadi, e leng bonokwane bo seng bo jele setsi Afrika Borwa, hape re a tseba le hore banna ba ka beta banna ba bang - empa na basadi ba ka beta banna"
Na ke nnete" Nahana. Banna kaofela, ha ba ka bua nnete, ho na le dinako tse ding tseo ba sa kgoneng ho etsa thobalano le baratuwa ba bona leha ba lakatsa hobane motho a sa tsohelwe.
Jwale ho etsahalang ha monna a sa batle - a tshohile - a le tlasa kgatello, a supilwe ka sethunya, na a ka tsohelwa" Na peto ha se bonokwane bo kgonang ho etswa ke banna feela basading kapa banneng ba bang.
Wena o reng" Re bolelle a hao maikutlo! Ngolla ho Mangolo ho Mohlophisi, Box 32083, Mobeni, 4060.
