sotho.2331.rwanda
Just another street in Kigali. But that's today. Not so long ago there would've been rotting corpses everywhere.
KE KA moo dintho di neng di le ka teng. Matsutsi a ne a nkwa jwalo ka makokorotjhe, a neng a lokela ho ntshwa hohang ka hara setjhaba. Mmuso le ona o ne o romela le ho amohela Machete ka hare ho naha ka lenyele. Diradio ba bitswa ka hore ke 'lehola le makokorotjhe' a lokelang ho ntshwa setjhabeng.
Diteishene di ne di bile di phatlalatsa le mabitso a batho ba lokelang ho bolawa mmoho le dibaka tseo ba dulang ho tsona - e le lethathama la mabitso a neng a hlophiswa jwalo maqalong a kgwedi.
Ka Mmesa 1994, ha dipolao tsena di ne di qala, Jacqueline Nyiramayonde o ne a dula Kigali. Yena le morahae, le moradi, ba ne ba ipate ka dikhateboteng ha moahisane. Ba hapelwa thepa. Jacqueline le monnae le lelapa lohle ba phela ka ho ipata dilemo tse tharo kaofela. Ka 1998, motse wa bona wa rapitlwa mane Kigali, Ba kgutlela mahaeng a habo bona Nyamata. Dilemo tse tharo ka mora moo ho ne ho ntse ho tletse ditopo hohle.
"Dikgaitsedi tsa ka tse tharo le bane beso ba babedi ba ne ba bolawe," ho bolela yena. "Malome a bolawe mmoho le bana ba hae kaofela. Monnaka a bolaelwa bana babo. Ra fellwa ke tshepo ka hohle."
Leha ho le jwalo ba phonyoha mme Jacqueline o dumela ha a le lehlohonolo. "Malapa a mangata a ne a rapitlwe ka sehloho ho se mang ya tsebang le moo ba neng ba patelwe teng," ho ngotswe jwalo sebakeng sa polokelo ya dintho tsa kgale mane Kigali.
"Mebila ena e ne e tletse ditopo. Dintja di tsamaya di eja dinama tsa batho...
"Naha ya Rwanda e ne e shwele."
Polokeho
Hore sebaka sena sa polokeho se sa ntse se le teng le kajeno ke bopaki ba hore diketsahalo tseo ke pale. Ka nnete, o ka dumela hore ho na le mohlolo o etsahetseng ka lenyele toropong ena ho ya ka moo makasine ya Time e bolelang ka teng e bile e rehile toropo eo hore ke, "naledi e ntjha ya Afrika."
"Ho tsamaya hara toropo ya Kigali, ho a makatsa ha o hopola ka moo e neng e le ka teng dilemong tse 13 tse fetileng, e tletse ditopo tse tshabehang," o boletse jwalo moqolotsi e mong wa ditaba, Kevin Whitelaw, ya neng a etetse US News haufinyane.
"Kajeno mebila e hlwekilwe tlhweko." Re leboha setlamo se nkilweng ke mmuso sa hore e dule e hlwekile mme hang ka kgwedi ka nako ya mantsiboya, ho tswa le matona a palamente ho ya thonoka dipampiri. Dintho ding di sa ntse di hloka ho lokiswa - diboroto ha di so sebetse - empa ha na le ba dumelang hore Kigali ke toropo e bolokehileng haholo Afrika.
Tlasa puso ya President Paul Kagame, mmuso wa Rwanda o totobaditse maikemisetso a ona hantle - a ho theha setjhaba se le seng se bopahaneng.
"Rwanda e tla pele ho latela Mahutu le Matutsi," ha re etsa mohlala," ho ya ka moo Fatuma Ndangiza, mookamedi wa Matjhaba a Kopaneng Le Komishene ya Poelano a bolelang ka teng.
Hape Rwanda e ikemiseditse ho ba tikoloho ya dipuisano le dikhomputara," mme e be pulamadiboho ka khokahano kontinenteng ena.
"Re tla ba mekokotlo wa tikoloho ena," ho bolela Romain Murenzi, letona la tsa saense le teknoloji.
Ha dintho di ka tsamaya morero wa rona, Rwanda e tla ba mohlala dinaheng tse ding tsa Afrika. Mmuso wa teng o se ntse o tlotlwa ka botshepehi, bohlale le ho hloka bobodu.
Tshabo
E ntse e nyamela setjhabeng. Leha mmuso o kgonne ho lwantsha Matutsi a mmalwa, ha ho dipolao tse kgolo mme hape e ne e le dikgohlahano tsa batho ba itseng.
Batho ba ne ba dutse ba tshwere dibetsa, ba bolaya baahisane ba bona, dingaka di bolaya dingaka tse ding, barutwana ba bolayana mme ka nako e nngwe ho ena le baruti ba thusang batho ho bolaya Matutsi diphuthehong tsa bona.
Kerekeng ya Nyamata o bona ka madi maboteng moo masea a neng a kgahlamanngwa teng. Ho na le mekotla e tletseng mahata a batho, le masapo a mang. Ho fedile dilemo tse 13 jwale empa batho ba sa tse ba kopana le ditopo hohle moo ba tsamayang ho ya ka moo e mong wa baahi a bolelang ka teng.
Nyamata, ke se seng sa dibaka tseo e neng e le tsa Matutsi feela mme ke hona mona moo ho neng ho bolawe batho ka sehloho se tshabehang - mafelong a Mmesa 1994, motho a le mong hara ba leshome moo o ne a bolailwe ke Interahamwe, sesosa sa Mahutu.
"Bontate ba Mahutu ba bolaya bana ba bona hobane ba ne ba tshwana le bommabona bao e leng Matutsi," ho bolela Presedente Kagame. "O ka e hlalosa jwang ketso e mpe hakaalo""
Empa Matutsi a mangata a tshaba mmuso wa Kagame o a thibelang hore ba bolaye hape. "Ke tshaba hore ekare ba ntse ba belaela," o boletse jwalo a buela fatshe. Ho mpefatsa maemo ka ho fetisisa ho ntse ho belaelwa hore ho bolailwe batho ba fihlellang ho 90 000 mme babelaellwa ba bang ba le tjhankaneng, le ditsebi tsa Dinaha tse Kopaneng tse lwantshang bonokwane di hlolwa ho qeta mosebetsi ona.
Ho na le dinyewe tse ka hodimo ho tse 750 000 - ho tloha ho tsa peto, ho utswetswa ka mahahapa - tse so kang di buuwa. Mmuso o bile e kgetha hore tse ding tsa dinyewe tsena di buuwe makgotleng a marena a bitswang gacaca.
Baahlodi ba kgethwa ke setjhaba ka seng mme setjhaba sohle se dumelletsweng ho ya mamela dinyewe. Ha ho toka moo empa leha ho le jwale mahlatsipa a fumana monyetla wa ho tseba se neng se etsahale maphelong a bang ka bona. Empa motho o kgona jwang ho thoba maikutlo ka mora moo"
Babolayi
Kevin Whitelaw o ne a bolaelwe batswadi ba hae le bana babo ba supileng. A botsa mmolayi wa ntatae tjhankaneng, lebaka le neng le etse hore a mmolaye, a etsa seo e le karolo ya poelano. "Ke mmolaile hobane feela e ne e le Motutsi," ke ho fela. O ne a sa bone letho le phoso ka seo a se entseng, ka hona ha a kope le tshwarelo.
Ha boela hape haeba le Imakulata Mukankundiye. Hoseng ho hong ka 1994, baahisane ba hae ba kena ka tjhetjhe palasing, ba ntshetsa lelapa leo lohle kantle mme ba tjhesa matlo. Ba kgaola dikgomo kaofela diqoqotho, ba kwetela monnae eo e leng wa leloko la Matutsi le bana ba hae ba bane.Yena a pholoha hobane feela e le Lehutu mmoho le baradi ba hae ba babedi.
Bao ba notlellwa ka kerekeng. Masole a Mahutu a akgela bhomo moo kerekeng, yaeba larita.
Mukankundiye a shwellwa ke ditho tse 17 tsa lelapa. Kajeno bongata ba banna ba neng ba rapitle lelapa la hae ba ne ba ipolele setjhabeng mme ba iphelela ka bolokolohi.
"Leha ho le jwalo ha ho le ya mong wa bona ya kileng a kopa tshwarelo ho nna," ho bolela Mukankundiye. Empa o re ba bang ba bona ba kile ba tla polasing ya hae ho tla kopa mosebetsi!
"Ke shwetswe ke lelapa lohle la ka mme ke tlameha ho hira basebetsi ba bangata," ho bolela Mukankundiye. "Ha ke a lokoloha hohang empa mmuso o re kopa ho boelana, re tshwarelane. Ha ho boikgethelo." Seo ke tlamehang ho se etsa jwale ke ho shebana e tjhai feela...
Tjhai eo bohlokwa mosading enwa ya dilemo di 50 eo hape e leng moemedi wa Rwanda e ntjha.
Tswelopele
Kofi ke yona semela sa bohlokwa naheng ena, 40% tsa yona di kutulwa dipolasing tsa Rwanda. Dintlafatso tsa metjhini ya ho sila kofi di entse hore kofi ya Rwanda e be e nngwe ya tse pele ka ho fetisisa lefatsheng. Jwalo ka ha dinawa di bitsa haholo Amerika le Britain, Mukankundiye o iketsetsa phaello e ntle leha e le hore o na le difate tse 250 feela tsa kofi.
Mmuso o batla ho thusa le boraposi ba bang ba tee hape o beile leihlo kgwebong ya dioli tsa ho etsa dinyanyatsi. Ho boetse hape ho na le sewa sena sa EITSI. Bakudi ba EITSI ba Rwanda ba ballwang ho 35 000 kaofela ha bona ba nwa dipidisi tsa di-antiretrovirals," ho ya ka moo Alex Perry wa Time a bolelang ka teng.
Mmoho le Zambia le Kenya, Rwanda ke e nngwe ya dinaha tse mmalwa tsa Afrika tse bileng le katleho e kgolo ya ho fokotsa tshwaetso ya HIV ho ya ka Michael Gerson wa The Washington Post.
Tlhaselo ya HIV e se e tsamaya ka 3% jwale. Rwanda e boetse hape e etsa matsete batjheng. Bongata ba dikolo tse phahameng di se di ena le dikhomputara tse ka bang 10 bonyane tse nang Internet mme dilemong tse hlano tse latelang tseo ba tla be ba ena le di-laptop tsa bona.
Batjha ba rutwa ho ikemela. Marguerite Mukasine (22) le batjha ba bang ba 29 ba na le polasi ya kofi, ba kopana hang ka kgwedi moo ba buisana ka ditaba tse fapaneng tse kenyeletsang le EITSI le poelano.
Ditho tsena ke tsa mahlatsipa le bao batswadi le ba maloko a habo bona a leng tjhankaneng. Mukasine o shwetswe ke bana babo ba bararo ka 1994. E mong wa babolayi o ne a kope tshwarelo batswading ba hae, ba mo tshwarela. "Hei, ha ho motho ya nang le pale e monate ya bophelo naheng ena," ho bolela yena.
Empa leha ho le jwalo o hatella hore sena se ke ke sa hlola se etsahala hape. "Re batla ho qeta diphoso tsena tsa batswadi ba rona."
Tshebedisanommoho
Ntho e nngwe feela e sa ntseng e le tshitabaholo naheng ke bofutsana.
Ferdinand Sinzabakwira ke lesole la Mohutu le seng le tswa thuswa ho lokiswa semelo mme o makaditswe ke ka moo a neng a tshwarwe hantle ka teng mme mohlomong o otlile botsekeng ha a re: "Mathata a naha ena a maholo ke bofutsana e seng Botutsi le Bohutu."
Athe Jacqueline yena mane mahaeng o fumane dikgutsana tsa ba bang ka leloko la habo bona mme o a di hodisa."Ba entse hore ke be le tshepo ya bokamoso. Ke sebetsa le bona" o boletse jwalo.
A butse lebenkele le lenyenyane mmoho le sebaka sa ho baka bohobe le sa ho roka. Monna a qala ho sebetsa polasing e nyenyane, a lema poone, mmela, patata le khabetjhe mme hape o ruile le dikgomo tse pedi. Ho tloha ka 2005, o se a qadile ho dula makgotleng a gacaca.
"Bokamoso ba bana ba rona bo tla ba betere," ho bolela Jacqueline.
"Rwanda e tla lebala ka tse fetileng mme e shebe mokamoso bo botle." [s]
Rwanda e ikaha botjha
BONA SESOTHO - February 2008
Ke motsemoholo wa toropo ya Afrika e bolokehileng le matona a mmuso a boloka mebila e hlwekile, kofi ya teng ke e theoha le madi ha monate - boramapolasi ba teng ba eme ka yona - ho thwe dilemong tse hlano tse tlang, morutwana ka mong o tla be a ena le khomputara ya laptop...
pale ka ISAAC KWELA
mohlolo - e itlhotlhora marole
Improved production methods and the growing global popularity of Rwanda's coffee are among the factors that have seen the country rise from the ashes of genocide.
BONA SESOTHO - February 2008
u
Colourful produce on display at a Kigali market and another small sign of Rwanda's growing prosperity.
t
'Mathata a maholo naheng ena ke a bofutsana, e seng Bohutu le Botutsi. Boradipolotiki ba ho sebedisa feela ho sireletsa mmuso wa bona'
BONA SESOTHO - February 2008
Nyaza cemetery, just outside of Kigali, where thousands of
genocide victims are buried.
The horror of genocide still haunts Rwanda.
Mohlodi wa dipolao tsa batho
Ha ho motho ya tsebang hantle hore dikgohlahano tsena tsa serabe di ne di qale neng le hona jwang. Empa Belgium e busitseng Rwanda dilemo tse 40 kaofela, e ne e mpefatse maemo ka ho kgetha nku pereng.
Eitse ha ho kena tokoloho mafelong a dilemo tsa bo 1950, Belgium ya tjhentjha ya tshehetsa baetapele ba Mahutu. Ka 1959 dinokwane tsa Mahutu tsa nka thepa ya Mahutu ka mahahapa tsa ba bolaya mme diketekete tsa eba baphaphathehi.
Ka mora tokoloho ka 1962, mmuso wa Mahutu wa tswelapele ho hatella ba Matutsi hona hoo le bana ba bona ba neng ba lelekwe le dikolong ba tingwa le menyetla ya mesebetsi mmusong.
Matutsi a neng a se a balehile a theha mokga wa Rwandan Patriotic Front, sesole se neng se batla ho ketola mmuso wa Mahutu. Ka 1993 ha eba le dipuisano tsa kgotso tse neng di se na botsitso hohang.
Bosiung bo bong ba mohla la 6 Mmesa 1994, sefofane se neng se palangwe le presidente wa Rwanda, Juvenal Habyarimana, wa Mohutu ya neng a sa pate lehloyo la hae setjhabeng sa Matutsi sa thunngwa.
Boraditaba ba laolwang ke Mahutu ba nyatsa Matutsi ka ketso eo leha ho ne ho ena le bopaki bo totobetseng ba hore ke Mahutu a neng a tseka puso.
Leha ho le jwalo dipolao tse sehloho tsa tswelapele mme ya ba ba se ba fumana seo ba itshireletsang ka sona.
Yaeba masisapeleo le ditsikitlano tsa meno ka mora moo...
Inside the memorial museum at Kigali, and a survivor of the
1994 genocide examines a photo of a church where more than
5 000 people were killed by Hutu extremists.
BONA SESOTHO - February 2008
