sotho.1136.timothy
Bophelo bo monate
BONA SESOTHO - June 2007
"Ha ke ne ke ikana ho nyalwa ke Timothy, ke ne ikanele le hore ke tla mo thusa mosebetsing wa hae wa mmino," ho bolela Sibhekile.
Re lapeng la Timothy Myeni
NTLE ho mohatsae, Sibhekile, Timothy Myeni o bolela hore mosebetsi wa hae ekaba e le kgale o ne o eme. Banyalani bana ba Swatsing, ha se dingodi tsa dipina feela, empa ke ditho tsa Ncandweni Christ Ambassadors, sehlopha sa mmino wa bodumedi se keneng ka sefefo mminong, seo CD ya sona e seng e rekisitse dikhophi tse ka hodimo ho 400 000.
"Ha ke ne ke dumela hore a nnyale, ke ne ke nke qeto ya hore ke tla mo thusa le mminong wa hae, le nna ke be sebini," ho rialo Sibhekile.
Ditho tse tharo tsa lelapa lena la ha Myeni ke ditho tsa sehlopha sena se seng se na le dialbamo tse robong kaofela. Ausia Timothy, Thabile Tshabedze, ke e mong wa diphoko tsa sehlopha sena.
Ha lelapa lena la ha Myeni le se mminong, le ikgathollang ka ho matha.
Timothy, eo hape a tummeng ka la Bambelela ku Jesu ("itshwarelle ho Jesu"), ke wa borobong, baneng ba 11. Banana ba babedi feela lapeng labo. Leha ho le jwalo, Timothy yena ha a rate ho hata mehlaleng ya batswadi ba hae ntlheng eo.
"Toro ya ka ke ho fetola baahi ba Ncandweni ho ena le ho etsa bana ba bangata," ke yena eo.
Yena le Sibhekile ba na le bana ba babedi, Wenziwe ya dilemo di hlano le Tibusiso ya dilemo di pedi.
Timothy e ne e le titjhere, a ruta dipalo le dithuto tsa mahlale, (saense) mme o ne a bo tlohele a kena mminong.
Ha fihla dipolotiki. Setumo sa hae jwalo ka moetapele wa Ncandweni Christ Ambassadors, se ne se etse hore a kgethwe jwalo ka setho sa palamente ya mmuso wa Swatsing. "Ke ne ke kgethwe hobane ke ne ke thusa batho ba Ncandweni.
"Selemo le selemo, re etsetsa maqheku moketjana. Re a thabisa ka mmino wa rona re hlabele bonkgono bana dikgomo tse nne ho ba thabisa," ho rialo Timothy ya dilemo di 32 eo e leng yena setho se senyane dithong tsohle tsa palemente ya Swatsing.
"Ncandweni e futsanehile haholo, ba bangata batho ba sa sebetseng sebakeng sena," ke yena hape. "Dibaka tse ding sebakeng sena ha di na mmila, motlakase le metsi." Timothy hape ke moruti wa kereke ya Ncandweni Evangelical. "Baholo ba kereke ena, ba ne ba bone neo ya ka mme ba re ke kene dieteng tsa ntate eo e neng e le moruti wa yona," ke yena eo. O ne a kopane le Sibhekile kholetjheng ya botitjhere. Ba rata haholo ho kgabisa motse wa bona o mane Manzini.
"Ke nna ya kgethang mebala," ke Sibhekile ka pososelo e kgolo. "Monnaka o a tseba hore ke rata mebala e methokwa le e lerotho."
Mabota a kamore ya bona ya ho phomola a kgabisitswe ka dikgau tsa bona tsa mmino. "Batho ba tlameha ho bona hore re hlohonolofaditswe," ho rialo Sibhekile. [s]
Ka moo naledi ya mmino wa bodumedi le mohatsae...ba rorisang Mmopi ka teng
Tse ding tsa dikgau tsa sebini sena. Timothy o ngola dipina mmoho le mohatsae.
BONA SESOTHO - June 2007
pale ka FORCE KHASHANE
ditshwantsho ka PAPI MOLOI
Bona thepa ena e ntle ya ka phaposing ya ho jella ya lelapa lena.
t
"Re etsa moketjana jwalo ka selemo ho thabisa bonkgono"
BONA SESOTHO - June 2007
Timothy le Sibhekile le bana ba bona, Wenziwe (5) le
Tibusiso (2).
Mmmm! Timothy o latswa masutsa a bakwang ke mohatsae, Sibhekile.
Koloi ya sehlopha
