sotho.232.proph
Lethuela sekolong
O dilemo di 19, empa barutwana ba bang mmoho le matitjhere a bitsa Lerato Bookgolwane ka hore ke nkgono - ba hlompha morutwana enwa ya etsang Grade 12 hobane e le moprofeta a bile hape a alafa... Pale ka Force Khashane
MATHATA a Lerato a ne a qale a le ho Grade 8. "Ke ne ke ngole ditlhahlobo tsa ka tsa mafelo a selemo hantle jwalo ka bana ba bang," ho hlalosa yena. "Ka mora nakwana ka bolellwa hore ke ne ke le siyo ditlhahlobong hobane le dipampiri tsa ka di sa fumanehe.
"Ke ne ke tlamehe ho pheta mophato oo selemong se latelang seo leha ke ne ke tseba hantle hore ke ngotse ditlhahlobo hantle! Ho ne ho se mang ya tsebang se neng se etsahetse," ho bolela yena.
Ha ho ka ba ha fella moo. "Direthe tsa ka di ne di qale ho hlohlona mme ka se ke ka thusahala hohang," ho bolela yena.
"Mahlo le ona a ne a qale ho hlohlona mme ka nako e nngwe a tswe lero le lesehla."
Ka le leng o ne a senye tshebeletso ya kereke. "Ka mora nako ba ne ba mpolelle hore ke ne ke kgasa ka mangole jwalo ka lethuela, ke bua maleme," ho bolela yena.
Mme wa Lerato o ne a mo ise moprofeteng e mong. "Moprofeta eo o ne a bolele hore ke na le mpho e menahantsweng habedi. Ke na le pitso ya bothuela esitana le ya boprofeta," ho bolela yena.
Ke yona pitso ena e neng e mo thefule haholo bophelong - dintho tsohle tsa senyeha.
"Ka nako e nngwe ke ne ke akgeha sekolong, ho bitswe mme. Matitjhere le ona a ne a tletleba a re ke phatsamisa dithuto, ba ne ba re ke na le mademona," ho bolela yena.
O re o ne a feile Grade 9 ka mora hore a phetiswe Grade 8. Lekgetlong lena ho ne ho etsahale mohlolo, ho ne ho nkuwe matshwao a hae, a nehwa ngwana e mong.
O ne a tjhentjhe sekolo empa mathata a hae a nna a tswelapele phapang feela sekolong sena e ne e be hore ho ne ho ena le ba tsebang ho thusa Lerato ha a akgehile.
"Ntho e nngwe e nthabisang sekolong sena, ke hore mathuela a a dumellwa ho kenya difaha," ho bolela Lerato, eo jwale a ntshetsang pele thupello ya hae ya boprofeta a bala Grade 10 sekolong.
"Ke ne ke lore nohahadi e bua le nna ka lentswe le kang la mosadi, e re ke tla atleha ha nka dumela ho amohela moya ona wa badimo.
"Mme o nahana hore e ne e le nkgono hobane le yena e ne e le moprofeta, a alafa bakudi."
Leha ho le jwalo, mathata a hae ha a ka a fela, metswalle ya hae ya banana e ne e mo furalle ya re ke moloi.
Ya bashemane yona o ne a fumana e metjha letsatsi le letsatsi! Barutwana ba bang le matitjhere ba mo hlonepha ka ho mmitsa nkgono, Lerato Bookgolwane o re o na le tshepo ya hore haufinyane o tla kgona ho hlompha badimo ba habo ka ho arabela pitso ena ya bona ka tshwanelo - ebe lethuela. [s]
BONA SESOTHO October 2008
MEETLO YA RONA
"KE UTLWELA ngwanaka bohloko. Ha a sa phela bophelo bo tlwaelehileng jwalo ka batjha ba bang. Ha a sa na tokelo ya ho ya meketjaneng mme o ba lapeng pele ho hora ya borobedi mantsiboya a phema ho halefisa badimo. O etsa mosebetsi o neng o etswa ke mme, ho bonahala a thabile a bile a inehetse haholo ho ona."
MME WA LERATO O RENG
MANG KAPA MANG A KA NNA A BITSWA
Bohle ba ka nna ba kenwa ke maroko. Lethuela le leng le sa tswa ntshuwa lefehlong ke Malehlohonolo Sekete (23), ya nang le lengolo la diploma la University Of Johannesburg eo mosebetsing wa hae a hlahlobang boleng ba matlo.
Mmae le yena ke lethuela mme pitso ena ya badimo e ne e fihlele Malehlohonolo a le kerekeng, a akgeha mme a ba le dipono, a bona basadi ba babedi ba apereng jwalo ka mathuela.
"Ba ne ba re ha ke iphapanya, le ho shwa nka nna ka shwa," ho bolela Malehlohonolo, ya seng a rehilwe lebitso la Nkanyezi.
Eo e ne e be qaleho ya mathata a hae. "Mme o ne a se a kgathetse mme a nka diaparo tsaka a nkisa lethueleng hore ke fehlellwe," ho bolela Malehlohonolo.
O ne a phakise ho tlwaela bophelo ba hae bo botjha. "Badimo ba ne ba ntumelle ho rwala dieta tse phahameng, ke ikgabise sefahleho mme hape ke ikaparele diaparo tsa feshene hape ke sa ntse ke ithabisa."
O ile a sekisa meokgo Nomsa Maponya (24) ha a botswa lebaka le entseng hore a dumele ho kena bothueleng. Nomsa, ya sebetsang kgwebong ya ho etsa dibuka, o ne a senyehelwe makgetlo a mararo mme ka le leng a utlwa lentswe le mo kopa hore a kene bothueleng.
Mathata a hae a fedile jwale mme le moratuwa wa hae o mo tshehetsa haholo, o bile o rehilwe lebitso la "Makhosomhlanga."
Nandi Nkosi (43) o dilemo di nne a sataladitse molala a hana ho fehlellwa ho fihlela a nyamellwa ke tjhelete bankeng ka makgetlokgetlo.
Nandi, ya rehilweng lebitso la "Ndlovukazi," ke sajene sepoleseng sa SAPS.
"Ke mang ya tsebang, mohlomong nka nna ka noha le ka moo dinokwane di leng ka teng!" ho bolela yena.
BONA SESOTHO October 2008
Nomsa Maponya o ithutile hore ho iphapanyetsa pitso ya badimo ho kotsi.
Malehlohonolo o se a tlwaetse bophelo ba hae bo botjha.
Nandi Nkosi, o kgona ho iphelela hantle ntle ho tshitiso ya badimo.
