sotho.2328.teen
Re bua ka thobalano!
Ka moo o ka thusang batswadi ba hao ho qoqa ka sehlooho sena seo ba se tshabang hakana
BATSWADI ha ba lokela ho bua ka thobalano baneng ba bona, ba kena tsietsing e haesale. Ba lakatsa eka o ka se tsebe ka yona, o be sedi empa ba sa re letho. Ba tshaba ho o hlokomedisa ka bobe le botle ba yona.
Ho ya ka palo e kgolo ya batho ba kenwang ke kokwanahloko ya EITSI le batjha ba imang ka phoso, bohle ba etsa boipiletso ho batswadi ho bua le bana ka tsa thobalano - kgwedi le kgwedi makasineng ya BONA, babadi ba dutse ba ipiletsa ho batswadi ka taba ena, empa ba bangata ba sa ntse ba le lesisitheho.
Wena o batla ho tseba maikutlo a bona ka sehlooho sena hape o hloka le keletso ya bona. Ba o hodisitse hantle ho fihlela moo o leng teng kajeno, na ha se nnete" Hobaneng jwale ba tlohela taba ya bohlokwa hakaale bophelong hore o iponele ntle ho keletso ya bona"
Ha batswadi ba hao ba le monyebe hore ba ka bua le wena ka sehlooho sena, ho tla tswa ho wena hore o phunye lethopa. Ke tsena dikeletso tsa ka moo o ka ba hlahang ka teng...
Itlhophise hantle mme o tsebe seo o batlang le bue ka sona.
Ho a totobala hore jwale o tlo qala noha mokoting. Dikgaitsedi le lona baena hopolang hore thobalano ke sehlooho se boima haholo hore ho ka buuwa ka sona.
Ntlha ya pele ke hore se na le tlotlontswe ya teng eo ka nako e nngwe e hlohlontshang ditsebe hore batswadi ba ka bua ka yona ka pela bana ba bona - ke ka hona ba sa tsebeng le hore ba tla e qala ka kae.
"Ho bua ka thobalano" ho tsamaisana le ho etsa diqeto tse kgolo tse ka nnang tsa tjhentjha bophelo bohle ba motho. Ka nako e nngwe e ba diphetoho tse nang le sephetho se bohloko haholo.
Ho itlhophisa le ho tseba moo o batlang ho qala teng ha o bua ka sehlooho sena ho ka ba molemo haholo. Ha re etsa mohlala, o ka nna wa batla ho tseba ka seemo sa motho. Ka nako e nngwe, o se na le takatso ya ho etsa thobalano, o mpa feela o ferekanngwa ke seo o se bonang ho TV, difiliming esitana le seo o balang ka sona dimakasineng, kapa seo o se bolellwang ke metswalle.
Totobatsa sena ho batswadi ba hao, o ba hlokomedise di tloha feela hore ha o so be maikemisetsong a ho qala bophelo ba thobalano, empa o hloka dikeletso tsa bona tsa ka moo o ka nkang qeto tse nepahetseng ka teng ha nako eo e fihla - hona ho tla etsa hore ba lokolohe. Hape ha ba hlokomela hore kgale o nahana ka taba ena, ho tla ba kgothatsa ba bone hore o na le boikarabelo.
Tseba mabaka a etsang o be le takatso ya thobalano.
Ke hantle - o se o nkile qeto ka thobalano mme batswadi ba tla batla ho tseba mabaka a hao. Ba bolelle - hopola hore ha o sa kgone ho beha mabaka ao hantle, ho tla be ho totobetse hore ha o so ho lokele.
Ke ka hona ho leng bohlokwa hore o buisane le batswadi ba hao ka ditaba tsa mofuta ona. Ba o rata haholo mme ba ke ke ba o lahlehisa le kgale.
Lebella ho phoqeha.
E, o ka nna wa bona ekare Fat Charlie o se a tsamaya a iphehisa jwale, mo inele matsoho metsing. Ho bohlokwa ho bua le batswadi ba hao empa o lokela ho tobana le nnete. Ha ho bonolo ho batswadi ho amohela hore bana ba bona ba se ba hodile ho lekana hore ba ka ratana.
Amohela hore batswadi ba tla halefa kapa ba kgathale matla. Mohlomong ba tla o kgaruma, ba otlise ka moya mme o boele o kgutle hape, hore le tswele pele le taba, mohlomong ba tla be ba se ba bohlile.
Ba tla bua le wena hobane ba tla bona hore ho bohlokwa ho o eletsa. (Athe haeba o nahana hore le lokela ho bua ka taba eo ka pele hobane mohlomong moratuwa wa hao a se a o behile merebele kapa wena o se o batla ho e etsa, tseba hore ha o so e lokele hohang - ao ha se mabaka a phethahetseng a ho kena thobalanong.)
Ho bohlokwa ho ba hlokomedisa, e le hore ba tle ba itokise. Ha re etsa mohlala, o ba bolelle hore o ka thabela ho buisana le bona ka tsa thobalano mantsiboya a le hlahlamang. Ba hlokomedise hore ke moqoqo feela, ha se hore ho na le sephiri seo o ba patetseng sona!
Theola moya.
Ke ho fela ha seo o ka se etsang ho tobana le kgalefo ya batswadi ba hao, lona baena le dikgaitsedi. Hape ke mokgwa o bontshang hore o hodile ho lekana hore o ka tobana le maemo a thobalano.
Jwalo ka ha setsebi se seng se boletse: "Qeto ya hao ya ho batla ho etsa thobalano ha e a lokela ho ba eo o batlang ho utlwisa batswadi ba hao bohloko ka yona, kapa hona ho ba phoqa, hobane feela o lwanela ho fumana tokoloho hoba o nahana hore o se o tswile phakweng. Haeba o etsetsa ho ba utlwisa bohloko, tseba hore o na le mabaka a sele a ho etsa thobalano!"
O batla ba o mamele e seng ba o halefele mme sena ke se sa etsahaleng ka bonolo ha o thetsa sehlooho sena.
Bua le bona ka dithibelapelehi le thobalano e bolokehileng.
Ba tla hlokomela hore o ngwana ya nang le boikarabelo. Thobalano ha se ntho ya ho ithabisa feela, empa o tlameha ho itshireletsa mathateng a tsamaisanang le yona, a jwalo ka a boimana le mafu a neheletsanang ka yona esitana le EITSI.
Bua nnete.
Botsa seo o sa se utlwisiseng. Athe hape ha o se na bonnete bo feletseng ba hore motho eo ke yena eo o ka etsang thobalano le yena, bontshana le batswadi ba hao ka yena. Bua nnete.
Ha o nahana hore ho etsa thobalano ha hao ha ho ba hloke ka letho, o mpa o ba tsebisa feela, se pate maikutlo a hao, ba bolelle.
Ba hlalosetse dintlha le mabaka.
Bolela hobaneng o batla ho qoqa le bona ka taba ena, ha se hobane o batla ho etsa thobalano, empa ke hobane o batla dikeletso. Ba hlokomedise hore o thabela ho utlwa maikutlo a bona tabeng ena. Ba tsebise hore o a ba tshepa, ke ka hona o batlang hore le tabeng ena e thata hakana ba o tshehetse. Leha qeto ya hao e fapana le melao ya bona, etsa ba tsebe hore o hlonepha maikutlo a bona haholo.
Mamela!
Ho bohlokwa ho ba mamela hobane ba na le boiphihlelo tabeng ena, ka hoo, ba tla o neha keletso e ntle leha ka nako e nngwe e le eo o ke keng wa e rata. Hape imamele ha o bua le bona. Ikokobetse, o se tswe taolong. [s]
BONA SESOTHO - June 2007
Mahlomahlong le Fat Charlie
BONA SESOTHO - June 2007
